Buka ya Pele ya Samuele 28:1-25

  • Saule o ya Ene-dore ho mosadi ya reng o buisana le badimo (1-25)

28  Matsatsing ao Bafilista ba bokella masole a bona hore ba yo lwantsha Baiseraele.+ Ka hoo, Akishe a re ho Davida: “O a tseba hore wena le banna ba hao le tlo ya ntweng le nna.”+  Yaba Davida o re ho Akishe: “O tseba hantle seo mohlanka wa hao a tlo se etsa.” Akishe a re ho Davida: “Ke ka lebaka leo ke tla o beha hore o dule o le molebedi wa ka.”*+  Samuele o ne a se a shwele mme Baiseraele bohle ba ne ba ile ba mo llela mme ba mo pata Rama motseng wa habo.+ Saule o ne a tlositse batho ba buisanang le badimo naheng ha mmoho le batho ba reng ba bolela diketsahalo esale pele.*+  Bafilista ba bokana mme ba ya Shuneme,+ ba hloma ditente tsa bona moo. Saule a bokella masole ohle a hae mme a hloma ditente tsa ona Gilboa.+  Ha Saule a bona ditente tsa Bafilista, a thothomela ke tshabo.+  Le hoja Saule a ne a botsa Jehova,+ le ka mohla Jehova o ne a sa mo arabe ebang ke ka ditoro, ka Urime+ kapa ka baprofeta.  Qetellong Saule a re ho bahlanka ba hae: “Mpatleleng mosadi ya reng o buisana le badimo+ mme ke tla yo batla keletso ho yena.” Bahlanka ba hae ba re ho yena: “Ho na le mosadi ya reng o buisana le badimo Ene-dore.”+  Ka hoo, Saule a ikgakanya mme a apara diaparo tse ding yaba o ya ho mosadi eo bosiu a tsamaya le banna ba babedi. A re: “Ke kopa o mpolelle bokamoso o sebedisa bokgoni ba hao ba ho buisana le badimo+ mme o mpitsetse motho eo ke tla o kopa hore o mo bitse.”  Le ha ho le jwalo, mosadi eo a re ho yena: “E tlameha ebe o a tseba hore na Saule o entseng. O tlositse batho ba buisanang le badimo le batho ba reng ba bolela diketsahalo esale pele.+ Jwale ke hobaneng ha o leka ho ntjheha hore ke tle ke bolawe?”+ 10  Yaba Saule o mo hlapanyetsa ka Jehova o re: “Ke o hlapanyetsa ka Jehova ya phelang, o ke ke wa ba le molato le ha e le ofe tabeng ena.” 11  Mosadi eo a re: “Ke o bitsetse mang?” Saule a re: “Mpitsetse Samuele.” 12  Ha mosadi eo a bona “Samuele,”*+ a hweletsa haholo mme a re ho Saule: “Ke hobaneng ha o nqhekeletse? O Saule!” 13  Morena a re ho yena: “O se ke wa tshoha. O bonang?” Mosadi eo a re ho Saule: “Ke bona eo e kang ke modimo a nyoloha fatshe.” 14  Hanghang a re ho yena: “O shebahala jwang?” Yaba o re: “Ke monnamoholo ya nyolohang mme o apere seaparo se se nang matsoho.”+ Yaba Saule o a hlokomela hore e ne e le “Samuele” mme a inamela fatshe ka sefahleho a kgumama. 15  Yaba “Samuele” o re ho Saule: “Ke hobaneng ha o nkgathaditse ka ho etsa hore ke bitswe?” Saule a re: “Ke tsietsing. Bafilista ba a ntwantsha mme Modimo o mphuralletse ebile ha a sa nkaraba ebang ke ka baprofeta kapa ka ditoro.+ Ke ka lebaka leo ke o bitsitseng hore o mpolelle hore na ke etseng.”+ 16  “Samuele” a re: “O mpotsetsang ha e le moo Jehova a o furaletse+ mme e se e le mohanyetsi wa hao? 17  Jehova o tla etsa seo a ileng a se bua esale pele a sebedisa nna: Jehova o tla nka puso matsohong a hao mme a e fe wa heno e leng Davida.+ 18  Kajeno Jehova o etsa sena ho wena hobane ha o a ka wa mamela Jehova mme ha o a ka wa fedisa Baamaleke ba neng ba mo halefisitse haholo.+ 19  Hape Jehova o tla dumella Bafilista+ hore ba hlole Baiseraele ha mmoho le wena mme hosane wena+ le bara ba hao+ le tla ba le nna. Jehova o tla etsa hore Bafilista ba hlole masole a Baiseraele.”+ 20  Hanghang Saule a wela fatshe mme a tshoha haholo ka lebaka la mantswe a “Samuele.” O ne a se na matla hobane o ne a qetile letsatsi lohle le bosiu bohle a sa je dijo. 21  Ha mosadi eo a tla ho Saule mme a bona hore o ferekane haholo, a re ho yena: “Nna mohlanka wa hao ke mametse seo o se buileng mme ka beha bophelo ba ka kotsing+ yaba ke etsa seo o itseng ke se etse. 22  Jwale, ke kopa o mamele seo mohlanka wa hao a se buang. Ere ke o fe bohobe bo bonyenyane mme o je hore o be le matla a hore o kgone ho tsamaya.” 23  Empa a hana mme a re: “Nke ke ka ja.” Le ha ho le jwalo, bahlanka ba hae le mosadi eo ba nna ba mo phehella. Qetellong a ba mamela, a phahama fatshe mme a dula betheng. 24  Mosadi eo o ne a ena le namane e nonneng ka tlung yaba o e hlaba* ka potlako. A nka phofo a duba hlama yaba o etsa bohobe bo se nang tomoso. 25  A di ngwathela Saule le bahlanka ba hae mme ba ja. Ka mora moo, ba ema mme ba tsamaya bosiung boo.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “o be mohlokomedi wa hlooho ya ka ka matsatsi ohle.”
Kapa: “mathuela.”
Kapa: “ntho e neng e bonahala eka ke Samuele.”
Kapa: “a e etsa sehlabelo.”