Buka ya Pele ya Samuele 29:1-11

  • Bafilista ha ba tshepe Davida (1-11)

29  Bafilista+ ba bokella mabotho ohle a bona Afeke, ha Baiseraele ba ntse ba hlomme ditente tsa bona haufi le sediba se Jezriele.+  Marena a Bafilista a ne a feta le masole a ona a dihlopha tsa ba 100 le a dihlopha tsa ba 1 000 mme Davida le banna ba hae ba ne ba tsamaya ka mora masole ao ba ena le Akishe.+  Empa dikgosana tsa Bafilista tsa re: “Baheberu baa ba batlang moo?” Akishe a re ho dikgosana tsa Bafilista: “Enwa ke Davida, mohlanka wa morena Saule wa Iseraele, ya seng a qetile nako e fetang selemo a ena le nna.+ Ha ke eso fumane phoso le ha e le efe ho yena ho tloha letsatsing leo a balehetseng ho nna ho fihlela kajeno.”  Empa dikgosana tsa Bafilista tsa mo halefela mme tsa re ho yena: “Kgutlisa monna enwa.+ Ere a kgutlele sebakeng seo o mo fileng sona. O se ke wa mo dumella hore a ye le rona ntweng e le hore a se ke a re fetohela ha re ntse re lwana.+ O tla batla ho kgahlisa morena wa hae ka ho mo tlisetsa dihlooho tsa banna ba rona.  Na eo ha se Davida elwa eo ha ba ntse ba tantsha ba neng ba bina ka yena ba re:‘Saule o bolaile ba dikete,Davida yena o bolaile ba dikete tse mashome’?”+  Ka hoo, Akishe+ a bitsa Davida mme a re ho yena: “Ke hlapanya ka Jehova ya phelang, o motho ya lokileng mme nka thabela hore o ye ntweng le masole a ka+ hobane ha ke eso fumane phoso le ha e le efe ho wena ho tloha letsatsing leo o tlileng ho nna ka lona ho fihlela kajeno.+ Empa marena ha a o tshepe.+  Ka hoo, kgutla ka kgotso mme o se ke wa etsa letho le tla kgopisa marena a Bafilista.”  Le ha ho le jwalo, Davida a re ho Akishe: “Hobaneng? Ke entseng? Ke phoso efe eo o e fumaneng ho nna mohlanka wa hao ho tloha letsatsing leo ke fihlileng ho wena ka lona ho fihlela kajeno? Na ha ke a lokela ho tsamaya le wena ho ya lwantsha dira tsa hao morenaka?”  Akishe a re ho Davida: “Ho ya ka nna, haesale o lokile jwalo ka lengeloi la Modimo.+ Empa dikgosana tsa Bafilista di itse, ‘O se ke wa mo dumella hore a tle ntweng le rona.’ 10  Wena le banna ba tlileng le wena le tsohe esale hoseng mme le tsamaye hang ha letsatsi le tjhaba.” 11  Ka hoo, Davida le banna ba hae ba tsoha esale hoseng mme ba kgutlela naheng ya Bafilista yaba Bafilista ba nyolohela Jezriele.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho