Buka ya Pele ya Samuele 3:1-21

  • Samuele o kgethelwa ho ba moprofeta (1-21)

3  Ka nako eo, Samuele o ne a sebeletsa+ Jehova a tataiswa ke Eli. Mehleng eo, ke batho ba mmalwa ba neng ba fumana melaetsa e tswang ho Jehova. Dipono+ di ne di sa ata.  Ka letsatsi le leng, Eli o ne a robetse moo a tlwaetseng ho robala teng. Mahlo a hae a ne a se a foufetse, a sa kgone ho bona.+  Lebone la Modimo+ le ne le eso time mme Samuele o ne a robetse ka tempeleng*+ ya Jehova, moo areka ya Modimo e neng e le hona teng.  Yaba Jehova o bitsa Samuele. A araba a re: “Ke nna enwa.”  A mathela ho Eli mme a re: “Ke nna enwa ka ha o mpitsitse.” Empa a re: “Ha ke a o bitsa. Tsamaya o yo robala hape.” Ka hoo, a tsamaya mme a robala.  Jehova a mo bitsa hape a re: “Samuele!” Yaba Samuele o a ema o ya ho Eli o re: “Ke nna enwa ka ha o mpitsitse.” Empa a re: “Ha ke a o bitsa mora wa ka. Robala hape.”  (Samuele o ne a eso tsebe Jehova mme o ne a eso ka a fumana molaetsa o tswang ho Jehova.)+  Ka hoo, Jehova a boela a mo bitsa ka lekgetlo la boraro: “Samuele!” Yaba o a ema o ya ho Eli mme o re: “Ke nna enwa ka ha o mpitsitse.” Yaba Eli o a hlokomela hore e ne e le Jehova ya neng a bitsa moshanyana eo.  Ka hoo, Eli a re ho Samuele: “Tsamaya o yo robala mme ha a ka o bitsa, o tle o re, ‘Bua Jehova hobane mohlanka wa hao o mametse.’” Yaba Samuele o a tsamaya o yo robala. 10  Jehova a boela a mo bitsa hape a re: “Samuele, Samuele!” Yaba Samuele o re: “Bua hobane mohlanka wa hao o mametse.” 11  Jehova a re ho Samuele: “Bona, ke etsa ho hong Iseraele, hoo haeba mang kapa mang a ho utlwa, ditsebe tsa hae di tla hlohlona.+ 12  Letsatsing leo, ke tla phethahatsa dintho tsohle tseo ke di buileng ka ntlo ya Eli, ho tloha qalong ho fihlela qetellong.+ 13  O mo bolelle hore ke ahlola ntlo ya hae ka kahlolo e ke keng ya fela ka lebaka la phoso eo a e tsebileng+ hobane bara ba hae ba rohaka Modimo+ empa ha a ka a ba kgalemela ka matla.+ 14  Ke ka lebaka leo ke hlapanyeditseng ba ntlo ya Eli hore phoso ya bona e ke ke ya tshwarelwa le ha ba ka etsa mahlabelo kapa dinyehelo.”+ 15  Samuele a robala ho fihlela hoseng yaba o bula menyako ya ntlo ya Jehova. O ne a tshaba ho bolella Eli ka pono eo a e boneng. 16  Empa Eli a bitsa Samuele a re: “Samuele, mora wa ka.” Yaba o re: “Ke nna enwa.” 17  A re ho yena: “Ke molaetsa ofe oo a o boleletseng wona? Ke kopa o se ke wa mpatela wona. Modimo a ke a o fe kotlo e bohloko haeba o ka mpatela le ha e le lentswe le le leng ho mantswe ohle ao a o boleletseng ona.” 18  Ka hoo, Samuele a mo bolella ntho e nngwe le e nngwe a sa mo patele letho. Yaba Eli o re: “Ke Jehova. A ke a etse seo a bonang se le molemo.” 19  Samuele a nna a hola mme Jehova o ne a ena le yena.+ Hape Modimo o ile a etsa hore mantswe ohle a Samuele a phethahale.* 20  Baiseraele bohle ho tloha Dane ho ya Beersheba ba hlokomela hore Samuele o ne a kgethilwe hore e be moprofeta wa Jehova. 21  Jehova a boela a hlaha Shilo hobane Jehova o ile a itsebahatsa ho Samuele Shilo ka lentswe la Jehova.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

E leng tabernakeleng.
Ka Seheberu: “a se ke a wela fatshe.”