Buka ya Pele ya Samuele 31:1-13

  • Saule le bara ba hae ba bararo ba a shwa (1-13)

31  Bafilista ba ne ba lwantsha Baiseraele.+ Yaba banna ba Iseraele ba baleha Bafilista mme ba bangata ba bona ba shwella Thabeng ya Gilboa.+  Bafilista ba nna ba lelekisa Saule le bara ba hae mme Bafilista ba bolaya Jonathane,+ Abinadabe le Malki-shua e leng bara ba Saule.+  Ntwa ya nna ya eba boima bakeng sa Saule. Banna ba betsang metsu ba mo fumana mme ba mo lematsa haholo.+  Yaba Saule o re ho mojari wa dihlomo tsa hae: “Ntsha sabole ya hao mme o ntlhabe ka yona e le hore banna bana ba sa bollang+ ba se ke ba tla mme ba ntlhaba yaba ba nketsa hampe.”* Empa mojari wa dihlomo tsa hae o ne a sa batle hobane o ne a tshohile haholo. Ka hoo, Saule a nka sabole mme a itihela hodima yona.+  Ha mojari wa dihlomo tsa hae a bona hore Saule o shwele+ le yena a itihela hodima sabole ya hae mme a shwa le Saule.  Ka hoo Saule, bara ba hae ba bararo, mojari wa dihlomo tsa hae ha mmoho le banna bohle ba hae, ba shwa kaofela ka letsatsi leo.+  Ha batho ba Iseraele ba neng ba le kgohlong* le ba neng ba le Jordane ba bona hore masole a Iseraele a balehile le hore Saule le bara ba hae ba shwele, ba tloha metseng ya bona ba baleha.+ Bafilista ba tla mme ba dula metseng eo.  Letsatsing le hlahlamang, ha Bafilista ba tla ba tlo nkela batho ba bolailweng dintho tsa bona, ba fumana Saule le bara ba hae ba bararo ba shwele Thabeng ya Gilboa.+  Ka hoo, ba mo kgaola hlooho mme ba nka dihlomo tsa hae yaba ba romela batho naheng yohle ya Bafilista hore ba ise molaetsa+ ka ditempeleng tsa ditshwantsho tsa bona+ le ho batho bohle. 10  Yaba ba beha seaparo sa hae sa tshireletso ka tempeleng ya ditshwantsho tsa Ashtorethe mme ba tlamella setopo sa hae lerakong la Bethe-shane.+ 11  Ha baahi ba Jabeshe-gileade+ ba utlwa seo Bafilista ba se entseng ho Saule, 12  banna bohle ba sebete ba tsamaya bosiu bohle ho ya tlosa setopo sa Saule le tsa bara ba hae lerakong la Bethe-shane. Ba kgutlela Jabeshe mme ba di tjhesetsa moo. 13  Ba nka masapo a tsona+ mme ba a pata tlasa sefate sa tamariske se Jabeshe+ yaba ba itima dijo ka matsatsi a supileng.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “yaba ba a ntlhekefetsa.”
Kapa: “phuleng.”