Buka ya Pele ya Samuele 4:1-22

  • Bafilista ba hapa Areka (1-11)

  • Eli le bara ba hae ba a shwa (12-22)

4  Samuele a bua le Baiseraele bohle. Yaba Baiseraele ba a tswa ho ya lwantsha Bafilista. Ba hloma ditente tsa bona haufi le Ebenezere mme Bafilista ba hloma ditente tsa bona Afeke.  Bafilista ba tsamaya ba itokiseditse ho ya lwantsha Baiseraele empa ntwa e ne e le boima mme Bafilista ba hlola Baiseraele, ba bolaya banna ba ka bang 4 000 ntweng eo.  Ha batho ba kgutla ntweng, baholo ba Iseraele ba re: “Ke hobaneng ha Jehova a dumeletse hore Bafilista ba re hlole kajeno?*+ A re tsamayeng ka areka ya selekane sa Jehova e Shilo+ e le hore e be le rona mme e re pholose ho dira tsa rona.”  Ka hoo, batho ba romela banna Shilo, ba fihla ba nka areka ya selekane ya Jehova wa mabotho ya dutseng teroneng hodima* dikerubime.+ Bara ba babedi ba Eli e leng Hofni le Finease+ le bona ba ne ba le moo le areka ya selekane ya Modimo wa nnete.  Hang ha areka ya selekane sa Jehova e fihla ditenteng tsa Baiseraele, kaofela ha bona ba hweletsa haholo ba etsa lerata hoo lefatshe le ileng la thothomela.  Ha Bafilista ba utlwa lerata leo ba re: “Ke hobaneng ha ho ena le lerata le lekaale ditenteng tsa Baheberu?” Qetellong ba utlwela hore Areka ya Jehova e tlile ditenteng tsa Baiseraele.  Bafilista ba tshoha mme ba re: “Modimo o tlile ditenteng tsa bona.”+ Ka hoo, ba re: “Re madimabe hobane ntho e tjena ha e eso ka e etsahala.  Re madimabe. Ke mang ya tla re pholosa letsohong la Modimo eo ya phahameng? Enwa ke Modimo yane ya ileng a bolaya Baegepeta ba bangata lefeelleng.+  Ebang sebete jwalo ka banna lona Bafilista e le hore le se ke la sebeletsa Baheberu jwalo ka ha ba le sebeleditse.+ Le be banna mme le lwane.” 10  Ka hoo, Bafilista ba lwana mme ba hlola Baiseraele+ yaba kaofela ba balehela ditenteng tsa bona. Ho ile ha bolawa batho ba bangata. Ka lehlakoreng la Baiseraele ho ile ha shwa masole a 30 000. 11  Ho ekelletsa moo, Areka ya Modimo e ile ya haptjwa mme bara ba babedi ba Eli e leng Hofni le Finease ba shwa.+ 12  Monna wa leloko la Benjamine a tloha moleng wa ntwa mme a mathela Shilo, diaparo tsa hae di tabohile a bile a le mobu hloohong.+ 13  Ha monna eo a fihla, Eli o ne a dutse setulong ka thoko ho tsela a letile hobane o ne a tshwenyehile haholo ka Areka ya Modimo wa nnete.+ Monna eo a kena motseng ho ya bolella batho se etsahetseng mme batho bohle ba motseng ba qala ho lla. 14  Ha Eli a utlwa sello seo a re: “Moferefere oo ke o utlwang ke wa eng?” Monna eo a potlakela ho Eli mme a mo bolella se etsahetseng. 15  (Eli o ne a le dilemo di 98, a se a sa bone.)+ 16  Monna eo a re ho Eli: “Ke balehile moleng wa ntwa. Kajeno ke balehile ntweng.” Ha a utlwa seo a re: “Ho etsahetseng mora wa ka?” 17  Monna eo ya tlisitseng ditaba a re: “Baiseraele ba balehile Bafilista hobane ba hlotswe mme ba bangata ba bona ba bolauwe.+ Hape bara ba hao ba babedi e leng Hofni le Finease ba shwele+ mme Areka ya Modimo wa nnete e hapuwe.”+ 18  Hang ha a bua ka Areka ya Modimo wa nnete, Eli a wa ka mokokotlo a le setulong sa hae se pela keiti. Molala wa hae wa robeha yaba o a shwa hobane o ne a se a tsofetse ebile a nonne. O ne a qetile dilemo tse 40 e le moahlodi wa Iseraele. 19  Ngwetsi ya hae, mosadi wa Finease, e ne e le moimana mme a le haufi le ho beleha. Ha a utlwa hore Areka ya Modimo wa nnete e hapuwe le hore ntatematsale wa hae le monna wa hae ba shwele, a inama yaba o beleha ka tshohanyetso. 20  Ha a le makgatheng a lefu, basadi ba emeng pela hae ba re: “O se ke wa tshoha hobane o tswetse mora.” Ha a ka a araba kapa a re letho ho bona.* 21  Empa a reha moshanyana eo Ikabode*+ a re: “Kganya e tlohile Iseraele e ile botlamuweng.”+ O ne a bua ka Areka ya Modimo wa nnete e hapuweng le ka se etsahetseng ka ntatematsale wa hae le monna wa hae.+ 22  Mosadi eo o ile a re: “Kganya e tlohile Iseraele e ile botlamuweng hobane Areka ya Modimo wa nnete e hapuwe.”+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “Ke hobaneng ha Jehova a re hlotse kajeno?”
Kapa mohlomong: “dipakeng tsa.”
Kapa: “ha a ka a ba nkela hloohong.”
E bolelang “Kganya e Hokae?”