Buka ya Pele ya Samuele 5:1-12

  • Areka e naheng ya Bafilista (1-12)

    • Dagone o a tlotlollwa (1-5)

    • Bafilista ba fuwa kotlo e boima (6-12)

5  Ha Bafilista ba hapa Areka+ ya Modimo wa nnete, ba ile ba e tlosa Ebenezere ba e tlisa Ashdode.  Bafilista ba ile ba nka Areka ya Modimo wa nnete ba e tlisa ka tlung* ya modimo wa bona Dagone mme ba e beha ka thoko ho Dagone.+  Ha Baashdode ba tsoha hoseng letsatsing le hlahlamang, ba fumana Dagone a wetse fatshe ka sefahleho ka pela Areka ya Jehova.+ Ka hoo, ba nka Dagone mme ba mo kgutlisetsa sebakeng sa hae.+  Ha ba tsoha hoseng letsatsing le hlahlamang, ba fumana Dagone a wetse fatshe ka sefahleho ka pela Areka ya Jehova. Hlooho ya Dagone le matsoho a hae ka bobedi a ne a kgaohile mme a wetse fatshe ka pela monyako. Ke karolo ya tlhapi feela* e neng e sa pomeha.  Ke ka lebaka leo baprista ba Dagone le bohle ba kenang ka tlung ya Dagone ba sa hateng monyako wa Dagone Ashdode ho fihlela letsatsing lena.  Jehova a fa Baashdode kotlo e boima mme a etsa hore batho ba dulang Ashdode le metseng e haufi le yona ba ruruhe methapo ya ka morao.*+  Ha banna ba Ashdode ba bona se neng se etsahala ba re: “Tlosang Areka ya Modimo wa Iseraele ho rona hobane o re file kotlo e boima ha mmoho le modimo wa rona Dagone.”  Ba bitsa marena ohle a Bafilista mme ba a bokella ba re ho ona: “Re etseng ka Areka ya Modimo wa Iseraele?” Ba araba ba re: “Isang Areka ya Modimo wa Iseraele Gathe.”+ Ka hoo, ba isa Areka ya Modimo wa Iseraele moo.  Ka mora hore ba e ise moo, Jehova a halefela motse oo mme a etsa hore batho ba moo ba tshohe haholo. A etsa hore batho ba motse oo, ba baholo le ba banyenyane ba ruruhe methapo ya ka morao.+ 10  Ka hoo, ba isa Areka ya Modimo wa nnete Ekrone+ empa hang ha Areka ya Modimo wa nnete e fihla Ekrone, Baekrone ba hweletsa, ba re: “Ba tlisitse Areka ya Modimo wa Iseraele ho rona hore ba re bolaye ha mmoho le setjhaba sa rona.”+ 11  Yaba ba bitsa marena ohle a Bafilista, ba a bokella ba re: “Tsamaisang Areka ya Modimo wa Iseraele. E kgutlisetseng sebakeng sa yona e le hore rona le setjhaba sa rona re se ke ra shwa.” Batho bohle motseng ba ne ba tshohile hore ba tlo shwa hobane Modimo wa nnete o ne a ba file kotlo e boima+ 12  mme batho ba neng ba sa shwa ba ne ba otlilwe ka ho ruruha ha methapo ya ka morao. Sello sa baahi bohle ba motse sa nyolohela mahodimong.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “tempeleng.”
Ka Seheberu: “Ke Dagone Feela.”
Methapo ya ka morao moo ho tswang mantle.