Buka ya Pele ya Samuele 6:1-21

  • Bafilista ba kgutlisetsa Areka Iseraele (1-21)

6  Areka+ ya Jehova e ile ya eba naheng ya Bafilista ka dikgwedi tse supileng.  Bafilista ba bitsa baprista le dinohe+ ba re: “Re etseng ka Areka ya Jehova? Re bolelleng hore na re e kgutlisetse jwang sebakeng sa yona.”  Ba re: “Haeba le tsamaisa areka ya selekane sa Jehova Modimo wa Iseraele, le se ke la e tsamaisa e se na nyehelo. Le etse bonnete ba hore le kgutlisetsa nyehelo ya molato ho yena.+ Jwale ke hona le tla fola mme le tla tseba hore na ke hobaneng ha kotlo ya hae e ne e sa tlohe ho lona.”  Yaba ba a botsa ba re: “Nyehelo ya molato eo re tshwanelang ho e kgutlisetsa ho yena ke eng?” Ba re: “Ho latela palo ya marena a Bafilista,+ le romele methapo ya ka morao e ruruhileng ya kgauta e mehlano le ditweba tsa kgauta tse hlano hobane kaofela ha lona ha mmoho le marena a lona le tshwerwe ke bolwetse bo tshwanang.  Le etse ditshwantsho tsa methapo ya lona ya ka morao e ruruhileng le ditshwantsho tsa ditweba+ tsa lona tse senyang naha mme le tlotlise Modimo wa Iseraele. Mohlomong o tla fokotsa kotlo e boima eo a le fileng yona le modimo wa lona le naha ya lona.+  Ke hobaneng ha le eba manganga jwalo ka Baegepeta le Faro?+ Ha Modimo a ba fa dikotlo tse boima,+ ba ile ba tlameha ho tlohela Baiseraele hore ba tsamaye mme ba ile ba tsamaya.+  Jwale etsang kariki e ntjha le nke le dikgomo tse pedi tse nang le manamane tse eso ka di jara joko. Le pane dikgomo tseo kariking empa manamane a tsona le a ise hae, le a tlose ho tsona.  Le nke Areka ya Jehova le e behe kariking mme dintho tsa kgauta tseo le mo romellang tsona e le nyehelo ya molato le di tshele ka lebokoseng pela yona.+ Le e tsamaise  mme le e shebe: Haeba e ka nyoloha ka tsela e yang Bethe-shemeshe,+ sebakeng sa yona, ke Modimo wa bona ya ntseng a re bakela dintho tsena tse bohloko. Empa haeba e sa etse jwalo, re tla tseba hore ha se yena ya ntseng a re fa kotlo, e ne e mpa e le bolwetse feela.” 10  Banna bao ba etsa jwalo. Ba nka dikgomo tse pedi tse nang le manamane, ba di pana kariking yaba ba kwalla manamane a tsona hae. 11  Jwale ba beha Areka ya Jehova kariking ha mmoho le lebokose le tshetseng ditweba tsa kgauta le ditshwantsho tsa methapo ya bona ya ka morao e ruruhileng. 12  Dikgomo tseo tsa tsamaya di lebile pele tseleng e yang Bethe-shemeshe.+ Tsa tsamaya tseleng e le nngwe e kgolo di ntse di lla ha di tsamaya. Ha di a ka tsa thinyetsa ka lehlakoreng le letona kapa ka ho le letshehadi. Ka nako eo yohle marena a Bafilista a ne a ntse a tsamaya ka mora tsona ho fihla moeding wa Bethe-shemeshe. 13  Batho ba Bethe-shemeshe ba ne ba kotula koro thoteng. Ha ba phahamisa mahlo mme ba bona Areka, ba thaba haholo. 14  Kariki ya kena tshimong ya Joshua Mobethe-shemeshe mme ya ema moo haufi le lejwe le leholo. Ka hoo, ba ratha patsi e entseng kariki eo mme ba nyehela dikgomo+ tseo ho Jehova e le nyehelo ya setjheso. 15  Balevi+ ba theola Areka ya Jehova le lebokose le neng le ena le yona, le neng le tshetse dintho tsa kgauta mme ba di beha hodima lejwe le leholo. Batho ba Bethe-shemeshe+ ba nyehela dinyehelo tsa setjheso mme ba etsetsa Jehova mahlabelo letsatsing leo. 16  Ha marena a mahlano a Bafilista a bona ntho eo, a kgutlela Ekrone letsatsing leo. 17  Tsena ke ditshwantsho tsa methapo ya ka morao e ruruhileng eo Bafilista ba e rometseng e le nyehelo ya molato ho Jehova:+ Se seng e ne e le sa Ashdode,+ se seng e le sa Gaza, se seng e le sa Ashkelone, se seng e le sa Gathe+ mme se seng e le sa Ekrone.+ 18  Palo ya ditweba tsa kgauta e ne e lekana le palo ya metse yohle ya Bafilista eo e neng e le ya marena a mahlano e leng metse e sireleditsweng ka marako ha mmoho le metsana e sa sireletswang. Lejwe le leholo leo ba ileng ba beha Areka ya Jehova hodima lona, ke bopaki ho fihlela letsatsing lena tshimong ya Joshua Mobethe-shemeshe. 19  Empa Modimo a bolaya batho ba Bethe-shemeshe hobane ba ile ba sheba Areka ya Jehova. O ile a bolaya batho ba 50 070* hara setjhaba mme setjhaba sa utlwa bohloko hobane Jehova o ne a bolaile batho ba bangata.+ 20  Ka hoo, batho ba Bethe-shemeshe ba re: “Ke mang ya tla kgona ho ema ka pela Jehova, Modimo eo ya halalelang+ mme o tla ya ho mang ha a tloha ho rona?”+ 21  Ka hoo, ba roma baromuwa ho baahi ba Kiriathe-jearime+ hore ba re ho bona: “Bafilista ba kgutlisitse Areka ya Jehova. Theohang le tlo e nka.”+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “banna ba 70, banna ba 50 000.”