Buka ya Pele ya Samuele 7:1-17

  • Areka e Kiriathe-jearime (1)

  • Samuele o re: “Le sebeletse Jehova feela” (2-6)

  • Baiseraele ba a hlola ha ba le Mizpa (7-14)

  • Samuele e ba moahlodi wa Baiseraele (15-17)

7  Batho ba Kiriathe-jearime ba tla mme ba nka Areka ya Jehova ba e isa ka tlung ya Abinadabe+ e leralleng mme ba halaletsa mora wa hae Eleazare, ba mo kgetha hore a lebele Areka ya Jehova.  Ho ile ha feta nako e telele, dilemo tse 20 kaofela ho tloha letsatsing leo Areka e neng e fihla Kiriathe-jearime ka lona. Yaba batho bohle ba Iseraele ba qala ho kopa thuso* ho Jehova.+  Samuele a re ho Baiseraele bohle: “Haeba le kgutlela ho Jehova ka dipelo tsohle tsa lona,+ lahlang medimo e meng yohle hara lona+ le ditshwantsho tsa Ashtorethe+ mme le sebeletse Jehova feela ka dipelo tsa lona tsohle.+ O tla le lopolla matsohong a Bafilista.”+  Ka hoo, Baiseraele ba lahla medimo ya Baale le ditshwantsho tsa Ashtorethe mme ba sebeletsa Jehova feela.+  Yaba Samuele o re: “Bokellang Baiseraele bohle Mizpa+ mme ke tla le rapella ho Jehova.”+  Ka hoo, ba bokana Mizpa mme ba kga metsi, ba a qhalla ka pela Jehova yaba ba itima dijo letsatsing leo.+ Ba re: “Re sitetswe Jehova.”+ Samuele a qala ho ba moahlodi+ wa Baiseraele Mizpa.  Ha Bafilista ba utlwa hore Baiseraele ba bokane ha mmoho Mizpa, marena a Bafilista+ a nyoloha ho ya hlasela Baiseraele. Ha Baiseraele ba utlwa seo, ba tshoha.  Ka hoo, Baiseraele ba re ho Samuele: “O se ke wa kgaotsa ho kopa Jehova Modimo wa rona hore a re thuse+ le hore a re pholose matsohong a Bafilista.”  Jwale Samuele a nka konyana e anyang mme a e nyehela e le nyehelo ya setjheso+ ho Jehova. A kopa Jehova hore a thuse Baiseraele mme Jehova a mo araba.+ 10  Ha Samuele a ntse a nyehela nyehelo ya setjheso, Bafilista ba atamela hore ba lwantshe Baiseraele. Jwale Jehova a etsa hore ho be le seaduma se lerata+ letsatsing leo mme a etsa hore Bafilista ba ferekane+ yaba Baiseraele ba a ba hlola.+ 11  Banna ba Baiseraele ba tloha Mizpa mme ba lelekisa Bafilista, ba ba bolaya ho ya fihla ka borwa ho Bethe-kare. 12  Samuele a nka lejwe,+ a le beha pakeng tsa Mizpa le Jeshana mme a le reha Ebenezere* ka ha o ile a re: “Jehova o re thusitse ho fihlela hona jwale.”+ 13  Ka hoo, Bafilista ba ile ba hlolwa mme ha ba a ka ba hlola ba tla naheng ya Iseraele.+ Ha Samuele a ntse a phela, Jehova ha a ka a dumella Bafilista hore ba hlasele Baiseraele.+ 14  Hape metse eo Bafilista ba neng ba e nkile ho Baiseraele le dibaka tsa yona tsa kgutlela ho Baiseraele, ho tloha Ekrone ho ya Gathe. Ho ne ho boetse ho ena le kgotso pakeng tsa Baiseraele le Baamore.+ 15  Samuele ya nna ya eba moahlodi wa Iseraele bophelo bohle ba hae.+ 16  O ne a tsamaya selemo le selemo a potoloha Bethele,+ Gilgale+ le Mizpa+ mme a ahlola Baiseraele dibakeng tsena tsohle. 17  Empa o ne a kgutlela Rama+ hobane ke moo ntlo ya hae e neng e le hona teng mme le moo o ne a ahlola Baiseraele. O ile a hahela Jehova aletare moo.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “llela.”
E bolelang “Lejwe la Thuso.” E fapane le “Ebenezere” e hlahang ho 4:1 le 5:1.