Buka ya Pele ya Samuele 8:1-22

  • Baiseraele ba batla morena (1-9)

  • Samuele o lemosa batho (10-18)

  • Jehova o dumella Baiseraele ho ba le morena (19-22)

8  Ha Samuele a se a tsofetse, o ile a kgetha bara ba hae hore e be baahlodi ba Iseraele.  Lebitso la mora wa hae wa pele e ne e le Joele mme lebitso la wa bobedi e le Abija.+ E ne e le baahlodi Beersheba.  Empa bara ba hae ha ba a ka ba latela mohlala wa hae. Ba ne ba fumana tjhelete ka bolotsana,+ ba amohela tjotjo+ ba bile ba sa ahlole ka toka.+  Ka mora nako, baholo bohle ba Iseraele ba phutheha mme ba tla ho Samuele Rama.  Ba re ho yena: “Bona, o se o tsofetse empa bara ba hao ha ba latele mohlala wa hao. Jwale re kgethele morena eo e tla ba moahlodi wa rona jwalo ka ditjhaba tse ding tsohle.”+  Empa Samuele ha a ka a thabela* ho utlwa ha ba re: “Re fe morena eo e tla ba moahlodi wa rona.” Yaba Samuele o rapela Jehova  mme Jehova a re ho Samuele: “Mamela ntho e nngwe le e nngwe eo setjhaba seo se o bolellang yona hobane ha se a lahla wena empa se lahlile nna hore ke se ke ka ba morena wa sona.+  Ntho eo ba e etsang e tshwana hantle le eo ba ileng ba e etsa ho tloha letsatsing leo ke neng ke ba ntsha Egepeta ka lona ho tla fihlela letsatsing lena. Ba dula ba ntlohela+ mme ba sebeletsa medimo e meng+ mme ke seo ba se etsang ho wena.  Jwale ba mamele. Le ha ho le jwalo, o ba lemose ka thata ka ditlamorao tsa taba eo. O ba bolelle hore na morena ya tla ba busa o tla ba le tokelo ya ho ba batla dintho dife.” 10  Ka hoo, Samuele a bolella batho ba neng ba mo kopa hore a ba fe morena sohle seo Jehova a se buileng. 11  A re: “Dintho tsena ke tseo morena ya tla le busa a tla ba le tokelo ya ho di batla ho lona:+ O tla nka bara ba lona,+ a ba palamise dikariking tsa hae+ mme a ba etse banna ba hae ba palamang dipere.+ Ba bang ba tla matha ka pela dikariki tsa hae. 12  O tla ikgethela balaodi ba ba dikete+ le balaodi ba ba mashome a mahlano.+ Ba bang ba tla lema masimo a hae+ ba be ba a kotule+ mme ba tla etsa dibetsa tsa hae tsa ntwa le dithulusi tsa dikariki tsa hae.+ 13  O tla nka baradi ba lona hore e be ba tswakang ditlolo,* ba phehang le ba bakang mahobe.+ 14  O tla nka masimo a lona le dirapa tsa lona tsa morara tse ntlehadi ha mmoho le meru ya lona ya mohlwaare+ mme a di fe bahlanka ba hae. 15  O tla nka karolo ya leshome ya dijo tsa lona tse kotutsweng masimong le ya dirapa tsa lona tsa morara mme a e fe balaodi ba hae ba lekgotla le bahlanka ba hae. 16  O tla nka makgoba a lona a banna le a basadi, dikgomo tsa lona tse ntle ka ho fetisisa le ditonki tsa lona mme a di sebedisetse mosebetsi wa hae.+ 17  O tla nka karolo ya leshome mehlapeng ya lona ya dinku le dipodi+ mme le tla ba bahlanka ba hae. 18  Ka letsatsi le leng le tla hweletsa ho Modimo ka lebaka la morena eo le ikgethetseng yena+ empa Jehova a ke ke a le araba letsatsing leo.” 19  Le ha ho le jwalo, setjhaba sa hana ho mamela Samuele mme sa re: “Ha ho na taba, re batla morena ya tla re busa. 20  Jwale le rona re tla tshwana le ditjhaba tse ding tsohle mme morena wa rona o tla re ahlola, a re etelle pele a be a re lwanele ho dira tsa rona.” 21  Ha Samuele a qeta ho utlwa mantswe ohle a setjhaba, a a bolella Jehova. 22  Jehova a re ho Samuele: “Ba mamele mme o kgethe morena ya tla ba busa.”+ Yaba Samuele o re ho banna ba Iseraele: “Kaofela ha lona kgutlelang metseng ya habo lona.”

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “e ne e le ntho e mpe mahlong a.”
Kapa: “ba etsang dinkgisamonate.”