Buka ya Pele ya Samuele 9:1-27

  • Samuele o kopana le Saule (1-27)

9  Ho ne ho ena le monna wa leloko la Benjamine mme lebitso la hae e le Kishe,+ mora wa Abiele, mora wa Zerore, mora wa Bekorathe, mora wa Afia, Mobenjamine+ ya neng a ruile haholo.  O ne a ena le mora ya bitswang Saule,+ ya neng a le motjha a bile a le motle. Ho ne ho se na monna e motle ho mo feta hara Baiseraele. O ne a le molelele ho feta batho bohle. Ba ne ba mo fihla mahetleng.  Ha ditonki* tsa Kishe ntate wa Saule di lahleha, o ile a re ho mora wa hae Saule: “Ke kopa o nke e mong wa bahlanka, le yo batla ditonki tseo.”  Ba feta sebakeng se dithaba sa Efraime le naheng ya Shalisha empa ha ba a ka ba di fumana. Ba tsamaya le naheng ya Shalime empa le moo ha ba a ka ba di fumana. Ba di batla naheng yohle ya Babenjamine empa ha ba a ka ba di fumana.  Ba fihla naheng ya Zufe mme Saule a re ho mohlanka wa hae ya neng a ena le yena: “A re kgutle e le hore Ntate a se ke a qetella a tshwenyehile ka rona ho ena le hore a tshwenyehe ka ditonki.”+  Empa mohlanka a re ho yena: “Ho na le mohlanka wa Modimo motseng ona mme ke monna ya hlomphuwang. Dintho tsohle tseo a di buang di a phethahala.+ A re ye moo hona jwale. Mohlomong a ka re bolella hore na re ka fumana ditonki hokae.”  Yaba Saule o re ho mohlanka wa hae: “Haeba re ya ho monna eo, re tla mo fa eng? Ha re na bohobe mekotleng ya rona. Ha ho na mpho eo re ka e fang mohlanka wa Modimo wa nnete. Re na le eng eo re ka mo fang yona?”  Ka hoo, mohlanka a araba Saule hape mme a re: “Ke na le silevera e boima ba dikramo tse ka bang tharo* ka letsohong la ka. Ke tla e fa mohlanka wa Modimo wa nnete mme o tla re bolella hore na re ye hokae.”  (Mehleng ya kgale Iseraele, ha motho a ne a yo batla keletso ya Modimo, o ne a re: “Tloo, re ye ho seboni.”*+ Motho ya bitswang moprofeta kajeno, mehleng ya kgale o ne a bitswa seboni.) 10  Jwale Saule a re ho mohlanka wa hae: “Ho lokile. A re ye.” Ka hoo, ba ya motseng moo mohlanka wa Modimo wa nnete a neng a le hona teng. 11  Ha ba ntse ba nyoloha moepeng o yang motseng, ba kopana le banana ba yo kga metsi. Ka hoo, ba re ho bona: “Na seboni+ se teng sebakeng see?” 12  Ba ba araba ba re: “Se teng. Ke sane pele mane. Phakisang hobane se tlile motseng ka ha kajeno setjhaba se etsa sehlabelo+ sebakeng se phahameng.+ 13  Hang ha le kena motseng, le tla kopana le seboni pele se nyolohela sebakeng se phahameng ho ya ja. Batho ba ke ke ba ja ho fihlela se fihla hobane ke sona se hlohonolofatsang sehlabelo. Ka mora moo, ba menngweng ba ka ja. Ka hoo, nyolohang ka potlako mme le tla se fumana.” 14  Yaba ba nyolohela motseng. Ha ba ntse ba kena hara motse, Samuele a tswa ho ba kgahlanyetsa hore ba nyolohele sebakeng se phahameng. 15  Letsatsi pele Saule a tla, Jehova o ne a ile a re ho Samuele: 16  “Hoo e ka bang ka nako ena hosane, ke tla romela monna ya itseng ya tswang naheng ya Benjamine.+ O mo tlotse hore e be moetapele wa setjhaba sa ka sa Iseraele.+ O tla pholosa setjhaba sa ka ho Bafilista hobane ke bone ka moo se sotlehang ka teng ebile ke utlwile sello sa sona.”+ 17  Ha Samuele a bona Saule, Jehova a re ho yena: “Ke enwa monna eo ke o boleletseng ka yena ka re o tla busa setjhaba sa ka.”*+ 18  Saule a atamela Samuele keiting mme a re: “Ke kopa o mpolelle hore na ntlong ya seboni ke hokae?” 19  Samuele a araba Saule a re: “Ke nna seboni. Nketelle pele, re nyolohele sebakeng se phahameng mme le tla ja le nna kajeno.+ O tla tsamaya hoseng mme ke tla o bolella dintho tsohle tseo o batlang ho di tseba.* 20  Ha e le ditonki tse o lahlehetseng matsatsi a mararo a fetileng,+ o se ke wa tshwenyeha ka tsona hobane di fumanwe. Dintho tsohle tsa bohlokwa tsa Iseraele ke tsa mang? Na ha se tsa hao le tsa lelapa lohle la ntate wa hao?”+ 21  Saule a re: “Ke Mobenjamine ya tswang lelokong le lenyenyane ka ho fetisisa malokong a Iseraele+ mme lelapa leso ke le tlase ka ho fetisisa malapeng ohle a leloko la Benjamine. Jwale ke hobaneng ha o bua ntho e tjee ho nna?” 22  Samuele a nka Saule le mohlanka wa hae, a ba tlisa holong ya ho jela mme a ba fa sebaka se ka pele ho ba neng ba menngwe. Ho ne ho ena le banna ba ka bang 30. 23  Samuele a re ho sephehi: “Tlisa nama eo ke o fileng yona, eo ke ileng ka re o e behelle ka thoko.” 24  Yaba sephehi se nka leoto le nama ya lona mme se e beha ka pela Saule. Samuele a re: “Nama e neng e behilwe ke ena. E je hobane ba ne ba e behetse wena bakeng sa ketsahalo ena. Ke ile ka re ho bona, ‘Ke memme baeti.’” Ka hoo, Saule a ja le Samuele letsatsing leo. 25  Ka mora moo, ba tloha sebakeng se phahameng+ ba ya motseng mme Samuele a nna a bua le Saule ka hodima ntlo. 26  Ba tsoha hoseng mme ha letsatsi le tjhaba Samuele a bitsetsa Saule ka hodima ntlo a re: “Itokise e le hore ke o felehetse.” Ka hoo, Saule a itokisa mme yena le Samuele ba tswela ka ntle. 27  Ha ba ntse ba theohela qetellong ya motse, Samuele a re ho Saule: “Bolella mohlanka+ hore a tsamaelle ka pela rona.” Yaba o tsamaella ka pela bona. “Empa wena o eme e le hore nka o bolella seo Modimo a se buileng.”

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “ditonki tse tshehadi.”
Ka Seheberu: “kotara ya shekele.” Shekele e lekana le dikramo tse 11,4. Sheba Ntlha ya B14.
Kapa: “o tla boloka setjhaba sa ka se le ka hara meedi.”
Ka Seheberu: “dintho tsohle tse ka pelong ya hao.”