La Bobedi le Yang ho Bathesalonika 2:1-17

  • Monna ya tlolang molao (1-12)

  • Ba eletswa hore ba eme ba tiile (13-17)

2  Ha e le tabeng ya ho ba teng ha Morena wa rona Jesu Kreste+ le ya ho bokellwa ha rona hore re be le yena,+ bana beso re etsa kopo ena:  Le se ke la dumella dikelello tsa lona hore di ferekanngwe ha bonolo kapa la tshwenyeha ha motho e mong a le bolella hore letsatsi la Jehova*+ le se le fihlile. Le haeba motho eo a ka re molaetsa oo o tswa ho Modimo*+ kapa a re o o badile lengolong leo a reng le ngotswe ke rona, le se ke la tshwenyeha.  Le se ke la dumella mang kapa mang ho le kgelosa ka tsela le ha e le efe hobane pele letsatsi leo le fihla ho tla ba le bokwenehi.+ Le monna ya tlolang molao,+ e leng mora wa timetso,+ o tla senolwa.  Ke mohanyetsi ya iphahamisetsang motho e mong le e mong eo batho ba mo nkang e le modimo le ntho e nngwe le e nngwe eo batho ba e rapelang. Ka lebaka leo, o dula ka tempeleng ya Modimo, o iketsa modimo moo batho bohle ba mo bonang.  Na ha le hopole hore ke ne ke hlola ke le bolella dintho tsee ha ke ntse ke ena le lona?  Le a tseba hore na ke eng e mo thibelang hore a se ke a senolwa pele nako e loketseng e fihla.  Ke nnete hore monna enwa ya tlolang molao o se a ntse a qadile ho etsa tlolo ya molao+ empa dintho tseo a di etsang e tla dula e le lekunutu ho fihlela ya mo thibelang a se a le siyo.  Ka mora moo, monna eo ya tlolang molao o tla senolwa. Morena Jesu o tla mo fedisa ka matla a mantswe a hae*+ mme a mo timetse ha boteng ba Morena bo bonahatswa.+  Monna enwa ya tlolang molao o teng ka lebaka la Satane.+ O fuwa matla ke Satane e le hore a etse mehlolo, dipontsho le dimakatso tse ngata tsa leshano+ 10  le ntho e nngwe le e nngwe e sa lokang+ e le hore a kgelose batho ba tla fediswa. Ba tla fediswa hobane ha ba a ka ba amohela le ho rata nnete e le hore ba ka pholoswa. 11  Ka lebaka leo, Modimo o a ba tlohela hore ba susumetswe ke mashano mme ba kgolwe mashano ao+ 12  e le hore kaofela ha bona ba ahlolwe hobane ha ba a ka ba dumela nnete empa ba ne ba thabela ho etsa dintho tse sa lokang. 13  Le ha ho le jwalo, re tlamehile ho dula re leboha Modimo ka lebaka la lona, bana ba bo rona ba ratwang ke Jehova* hobane ho tloha qalong Modimo o ile a le kgethela hore le pholoswe.+ O entse jwalo ka hore a le halaletse+ ka moya wa hae hobane le dumela nnete. 14  O le kgethetse* hore le pholoswe ka ditaba tse monate tseo re di bolelang e le hore le lona le ka tlotliswa jwalo ka Morena wa rona Jesu Kreste.+ 15  Ka hoo, bana beso, le eme le tiile+ mme le kgomarele dintho tseo le ileng la di rutwa+ ebang le di boleletswe kapa re le ngoletse tsona. 16  Modimo Ntate wa rona o ile a re rata+ yaba o re fa matshediso a sa feleng le tshepo+ hobane a le mosa.* E se eka yena le Morena wa rona Jesu Kreste 17  ba ka le tshedisa le ho le matlafatsa e le hore le ka dula le bua le ho etsa dintho tse ntle.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Sheba Tlhaloso ya Moya.
Ka Segerike: “ka moya wa molomo wa hae.”
Ka Segerike: “bitseditse.”