La Bobedi le Yang ho Bathesalonika 3:1-18

  • Le dule le rapela (1-5)

  • Le suthele hole le ba tswileng tseleng (6-15)

  • Ditumediso tsa ho qetela (16-18)

3  Ka hoo bana beso, le dule le re rapella+ e le hore lentswe la Jehova* le ka fihla ho batho ba bangata ka potlako+ mme la nna la tlotliswa feela jwalo ka ha le le tlotlisa.  Hape le rapelle hore re sireletswe ho batho ba kotsi le ba kgopo+ ka ha ha se batho bohle ba nang le tumelo.+  Morena o a tshepahala, o tla le matlafatsa le ho le sireletsa ho ya kgopo.  Re le balatedi ba Morena, re kgodisehile hore le mamela ditaelo tseo re faneng ka tsona ebile le tla nne le di mamele.  E se eka Morena a ka tswela pele ho le thusa ho rata Modimo+ le ho mamella+ e le hore le kgone ho sebeletsa Kreste.  Bana beso, re le fa ditaelo ka lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste. Le suthele hole le ngwanabo rona ya sa etseng dintho hantle+ ho ya ka tsela eo re le* rutileng yona.*+  Le a tseba hore na le lokela ho re etsisa jwang+ hobane re ne re etsa dintho hantle ha re ena le lona.  Ha ho na motho eo re jeleng dijo tsa hae mahala.+ Re ne re sebetsa ka thata bosiu le motshehare e le hore re se ke ra le imetsa.+  Ha se hore re ne re se na tokelo ya ho le kopa hore le re thuse+ empa re ne re batla ho le behela mohlala e le hore le re etsise.+ 10  Ha re ne re ena le lona, re ne re hlola re le fa taelo ena: “Motho ya sa batleng ho sebetsa, le ho ja a se ke a ja.”+ 11  Re utlwile hore ba bang ba lona ba tswile taolong,+ ha ba sebetse ho hang ebile ba kenakenana le ditaba tse sa ba tlameng.+ 12  Re laela le ho eletsa batho bao ka lebitso la Morena Jesu Kreste hore ba sebetse, ba tswe ditabeng tsa batho ba bang le hore ba je dijo tseo ba di sebeleditseng.+ 13  Ha e le lona bana beso, le se ke la tlohela ho etsa dintho tse nepahetseng. 14  Mang kapa mang ya sa mameleng ditaba tsa lengolo lena, le mo tshwae le be le kgaotse ho tlwaelana le yena+ e le hore a ka swaba. 15  Le ha ho le jwalo, le se ke la mo hloya empa le nne le mo eletse+ ka ha ke ngwanabo lona. 16  E se eka Morena wa kgotso a ka le fa kgotso ka mehla dinthong tsohle.+ Morena a be le lona kaofela. 17  Nna Pauluse, ke le ngolla tumediso ena ka letsoho la ka.+ Ona ke mongolo wa ka mme le tla tseba mangolo ohle a ka ka mongolo ona. 18  E se eka Morena wa rona Jesu Kreste a ka ba mosa* ho lona kaofela.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa mohlomong: “re ba.”
Kapa: “re le laetseng.”