Buka ya Bobedi ya Dikronike 1:1-17

  • Solomone o kopa ho ba bohlale (1-12)

  • Maruo a Solomone (13-17)

1  Solomone mora wa Davida ya eba morena ya matla. Jehova Modimo wa hae o ne a ena le yena mme a etsa hore a be matla haholo.+  Solomone a bitsa Baiseraele bohle, balaodi ba ba dikete le ba ba makgolo, baahlodi le dikgosana tsohle tsa Baiseraele le dihlooho tsa malapa.  Solomone le phutheho yohle ba ya sebakeng se phahameng Gibeone.+ Ke moo tente ya pokano ya Modimo wa nnete e neng e le teng e leng tente eo Moshe mohlanka wa Jehova a neng a e entse lefeelleng.  Davida o ne a latile Areka ya Modimo wa nnete Kiriathe-jearime+ mme a e tlisitse sebakeng seo a neng a e lokiseditse sona. O ne a e etseditse tente Jerusalema.+  Aletare ya koporo+ eo Bezalele+ mora wa Uri mora wa Hure a neng a e entse e ne e behilwe ka pela tabernakele ya Jehova. Solomone le phutheho yohle ba ne ba rapela ka pela yona.*  Solomone a etsa dinyehelo moo ka pela Jehova mme a etsa dinyehelo tsa setjheso tse 1 000 aletareng ya koporo+ e tenteng ya pokano.  Bosiung boo, Modimo a hlaha ho Solomone a re ho yena: “Mpolelle hore na o batla ke o fe eng.”+  Solomone a re ho Modimo: “O ile wa bontsha ntate wa ka Davida hore o mo rata haholo*+ mme wa etsa hore ke mo hlahlame boreneng.+  Jehova Modimo, e se eka ntho eo o e tshepisitseng ntate wa ka Davida e ka phethahala+ hobane o nkentse morena wa batho ba bangata jwalo ka lerole la lefatshe.+ 10  Mphe bohlale le tsebo+ e le hore nka etella setjhaba sena pele* ka ha ha ho motho ya ka kgonang ho ahlola setjhaba sena sa hao se seholo.”+ 11  Modimo a re ho Solomone: “Ka ha sena ke seo o se batlang mme ha o a kopa maruo, ho hlomphuwa kapa hore ba o hloileng ba shwe ebile ha o a kopa hore o phele nako e telele* empa o kopile bohlale le tsebo e le hore o ahlole setjhaba sa ka seo ke o entseng morena wa sona,+ 12  ke tla o fa bohlale le tsebo, ke o fe le maruo le tlotla tseo ho se nang morena ya kileng a ba le tsona pele ho wena le tseo ho se nang morena ya tla ba le tsona ka mora hao.”+ 13  Solomone a tloha sebakeng se phahameng Gibeone+ ka pela tente ya pokano, a ya Jerusalema mme a busa Iseraele. 14  Solomone a nna a eketsa dikariki tsa hae tsa ntwa le dipere.* O ne a ena le dikariki tsa ntwa tse 1 400 le dipere* tse 12 000.+ O ne a di behile metseng ya dikariki tsa ntwa+ le haufi le morena Jerusalema.+ 15  Morena a etsa hore silevera le kgauta tse Jerusalema di be ngata jwalo ka majwe+ le hore difate tsa kedare di be ngata jwalo ka difate tsa sikamora tse Shefela.+ 16  Dipere tsa Solomone di ne di tswa Egepeta+ mme borakgwebo ba morena ba ne ba reka sehlopha* sa dipere ka theko e tshwanang.+ 17  Kariki ka nngwe e tswang Egepeta e ne e rekwa ka dikotwana tsa silevera tse 600 mme pere yona e rekwa ka tse 150. Ba ne ba di romela ho marena ohle a Bahethe le a Siria.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “ba ne ba botsa Modimo moo.”
Kapa: “wa bontsha ntate wa ka Davida lerato le tshepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “e le hore nka tswa ka pela setjhaba sena le hore nka kena.”
Ka Seheberu: “matsatsi a mangata.”
Kapa: “bapalami ba dipere.”
Kapa: “bapalami ba dipere.”
Kapa mohlomong: “di ne di tswa Egepeta le Kue. Borakgwebo ba morena ba ne ba di reka Kue,” mohlomong ho buuwa ka Sisilia.