Buka ya Bobedi ya Dikronike 10:1-19

  • Baiseraele ba fetohela Roboame (1-19)

10  Roboame a ya Shikeme+ hobane Baiseraele bohle ba ne ba tlile Shikeme ho tla mo etsa morena.+  Jeroboame+ mora wa Nebate o ne a ntse a le Egepeta hobane o ne a balehile Morena Solomone.+ Ha a utlwa ka taba ena, a kgutla Egepeta.  Ba bitsa Jeroboame mme yena le Baiseraele bohle ba tla ho Roboame ba re:  “Ntate wa hao o ne a re imeditse.*+ Empa haeba o ka fokotsa mosebetsi o boima oo a re fileng wona mme wa re tshwara hantle, re tla o sebeletsa.”  A re ho bona: “Kgutlelang ho nna ka mora matsatsi a mararo.” Ba tsamaya.+  Morena Roboame a buisana le banna ba baholo* ba neng ba sebeletsa ntate wa hae Solomone ha a ntse a phela a re: “Le ka nkeletsa hore ke reng ho setjhaba see?”  Ba re ho yena: “Haeba o tshwara setjhaba sena hantle, o etsa dintho tse se thabisang ebile o dumela kopo ya sona, se tla dula se o sebeletsa.”  Roboame a se ke a mamela keletso eo banna ba baholo* ba ileng ba mo fa yona empa a buisana le bahlankana bao a hotseng le bona bao e neng e se e le basebeletsi ba hae.+  A re ho bona: “Ke reng ho batho baa ba itseng ke fokotse mosebetsi o boima oo ntate wa ka a ba fileng wona?” 10  Bahlankana bao a hotseng le bona ba re ho yena: “Bolella batho ba itseng ntate wa hao o ne a ba imeditse hore o tla ba imetsa ho feta ntate wa hao.* 11  Ere ho bona: ‘Ntate wa ka o ne a le imeditse empa nna ke tla le imetsa le ho feta. Ntate wa ka o le shapile ka diphadi empa nna ke tla le shapa ka diphadi tse nang le metsu.’” 12  Jeroboame le batho bohle ba tla ho Roboame ka letsatsi la boraro feela jwalo ka ha a ne a itse ba kgutle.+ 13  Empa Morena Roboame a ba buisa hampe yaba ha a mamele keletso ya banna ba baholo.* 14  Morena a bua le bona ho ya ka keletso eo bahlankana ba neng ba mo file yona a re: “Ke tla le imetsa ho feta ka moo le neng le imeditswe ka teng pele. Ntate wa ka o le shapile ka diphadi empa nna ke tla le shapa ka diphadi tse nang le metsu.” 15  Morena a hana ho mamela setjhaba hobane Modimo wa nnete+ o ile a etsa hore ho be jwalo e le hore ho ka phethahala mantswe ao Jehova a a buileng ho Jeroboame mora wa Nebate a sebedisa Akija+ wa Moshilo. 16  Ha Baiseraele bohle ba bona hore morena o hana ho ba mamela, ba re ho yena: “Ha ho na letho le re kopanyang le Davida ebile ha re na lefa ho mora wa Jese. Baiseraele, a re kgutleleng ho medimo ya rona. Hlokomela ntlo ya hao wena Davida.”+ Baiseraele bohle ba kgutlela malapeng* a bona.+ 17  Roboame a nna a busa Baiseraele ba dulang metseng ya Juda.+ 18  Morena Roboame a roma Hadorame+ ya neng a etella pele batho ba bitseditsweng ho sebeletsa morena empa Baiseraele ba mo tlepetsa ka majwe ho fihlela a shwa. Morena Roboame a kgona ho kena ka kariking ya hae ya ntwa a balehela Jerusalema.+ 19  Haesale Baiseraele ba fetohela ntlo ya Davida ho fihlela letsatsing lena.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “o ne a etsa hore joko ya rona e be boima.”
Kapa: “le baholo.”
Kapa: “baholo.”
Ka Seheberu: “monwana wa hao o monyenyane o tla ba motenya ho feta letheka la ntate wa hao.”
Kapa: “ya baholo.”
Ka Seheberu: “ditenteng.”