Buka ya Bobedi ya Dikronike 11:1-23

  • Roboame o a busa (1-12)

  • Balevi ba tshepahalang ba ya Juda (13-17)

  • Lelapa la Roboame (18-23)

11  Ha Roboame a fihla Jerusalema, a bokella banna ba leloko la Juda le la Benjamine+ e leng masole a kwetlisitsweng* a 180 000 hore a lwantshe Baiseraele e le hore a kgutlisetse borena ho yena.+  Jehova a bua le Shemaia+ mohlanka wa Modimo wa nnete a re:  “Ere ho Roboame mora wa Solomone morena wa Juda le ho Baiseraele bohle ba naheng ya Juda le ya Benjamine,  ‘Jehova o re: “Le se ke la yo lwantsha bana ba bo lona. E mong le e mong a kgutlele ha hae hobane ke nna ya entseng hore ntho ena e etsahale.”’”+ Ba mamela seo Jehova a se buileng mme ba kgutla, ba se ke ba hlasela Jeroboame.  Roboame a dula Jerusalema mme a haha metse e sireleditsweng ka marako Juda.  A haha Bethlehema,+ Etame, Tekowa,+  Bethe-zure, Soko,+ Adulame,+  Gathe,+ Maresha, Zife,+  Adoraime, Lakishe,+ Azeka,+ 10  Zora, Ajalone+ le Hebrone+ e leng metse e sireleditsweng ka marako, e neng e le Juda le Benjamine. 11  A boela a tiisa dibaka tse sireleditsweng ka marako mme a beha baetapele ho tsona yaba o isa dijo, oli le veine ho tsona. 12  A fa metse yohle dithebe tse kgolo le marumo. A etsa hore e be dibaka tse sireletsehileng haholo, a nna a busa Juda le Benjamine. 13  Baprista le Balevi ba neng ba tswa dibakeng tsohle tsa Iseraele ba ema le yena. 14  Balevi ba tlohela dibaka tsa bona le maruo a bona+ mme ba tla Juda le Jerusalema hobane Jeroboame le bara ba hae ba ne ba ba lelekile hore ba se ke ba sebeletsa e le baprista ba Jehova.+ 15  Jeroboame a ikgethela baprista bakeng sa dibaka tse phahameng,+ bakeng sa bademona ba kang dipodi*+ le bakeng sa manamane ao a neng a a entse.+ 16  Batho ba tswang malokong ohle a Iseraele ba neng ba ikemiseditse ho sebeletsa Jehova Modimo wa Iseraele ka dipelo tsohle, ba ba latela ho ya Jerusalema ho ya etsetsa Jehova Modimo wa baholoholo ba bona mahlabelo.+ 17  Ka dilemo tse tharo, ba tiisa borena ba Juda le ho tshehetsa Roboame mora wa Solomone. Ba ile ba tsamaya mehlaleng ya Davida le Solomone ka dilemo tseo tse tharo. 18  Roboame a nyala Mahalathe moradi wa Jerimothe mora wa Davida. Mme wa Mahalathe e ne e le Abikaile moradi wa Eliabe+ mora wa Jese. 19  Ka mora nako, ba* eba le bara e leng Jeushe, Shemaria le Zahame. 20  A boela a nyala Maaka setloholo sa Absalome.+ Ha nako e ntse e ya a mo tswalla Abija,+ Atai, Ziza le Shelomithe. 21  Roboame o ne a rata Maaka setloholo sa Absalome ho feta basadi ba bang ba hae kaofela le direthe* tsa hae.+ O ne a ena le basadi ba 18 le direthe tse 60 mme a ena le bara ba 28 le baradi ba 60. 22  Roboame a kgetha Abija mora wa Maaka hore e be hlooho le moetapele wa bana babo hobane o ne a rerile ho mo etsa morena. 23  A etsa dintho ka bohlale* mme a isa* ba bang ba bara ba hae dibakeng tsohle tsa Juda le Benjamine, metseng yohle e sireleditsweng ka marako+ mme a ba fa dintho tse ngata le ho ba fumanela basadi ba bangata.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “a kgethilweng.”
Ka Seheberu: “dipodi.”
E leng Roboame le Mahalathe.
Kapa: “ka kutlwisiso.”
Kapa: “arohanya.”