Buka ya Bobedi ya Dikronike 12:1-16

  • Shishake o hlasela Jerusalema (1-12)

  • Puso ya Roboame e a fela (13-16)

12  Hang ha borena ba Roboame bo tiile+ mme a se a le matla, yena le Baiseraele bohle ba tlohela Molao wa Jehova.+  Ka selemo sa bohlano sa Morena Roboame, Morena Shishake+ wa Egepeta a hlasela Jerusalema hobane Baiseraele bohle ba ne ba sa tshepahalla Jehova.  O ne a ena le dikariki tsa ntwa tse 1 200, bapalami ba dipere ba 60 000 le masole a se nang palo a tlileng le yena ho tswa Egepeta, e le Balibia, Basuke le Baethiopia.+  A hapa metse ya Juda e sireleditsweng ka marako mme qetellong a fihla Jerusalema.  Moprofeta Shemaia+ a tla ho Roboame le ho dikgosana tsa Juda tse neng di bokane Jerusalema ka lebaka la ho tshaba Shishake mme a re ho tsona: “Jehova o re, ‘Le ntlohetse mme le nna ke tla tlohela+ Shishake hore a le hlasele.’”  Dikgosana tsa Iseraele le morena ba ikokobetsa+ mme ba re: “Jehova o lokile.”  Ha Jehova a bona hore ba ikokobeditse, Jehova a re ho Shemaia: “Ka ha ba ikokobeditse, nke ke ka ba fedisa.+ Ke tla ba pholosa haufinyane. Nke ke ka ba halefela ebile nke ke ka dumella Shishake hore a fedise Jerusalema.  Empa e tla ba bahlanka ba hae e le hore ba ka tseba phapang pakeng tsa ho ntshebeletsa le ho sebeletsa marena* a dinaha tse ding.”  Morena Shishake wa Egepeta a hlasela Jerusalema. A nka matlotlo a ntlo ya Jehova+ le a ntlo ya morena.* A nka le dintho tsohle ho akarelletsa le dithebe tsa kgauta tseo Solomone a neng a di entse.+ 10  Morena Roboame a etsa dithebe tsa koporo sebakeng sa tseo mme a re di hlokomelwe ke balaodi ba balebedi* ba neng ba lebela monyako wa ntlo ya morena. 11  Neng kapa neng ha morena a tla ntlong ya Jehova, balebedi ba ne ba kena ba nkile dithebe tseo. Ka mora moo, ba ne ba di kgutlisetsa kamoreng ya balebedi. 12  Morena o ile a ikokobetsa yaba Jehova o kgaotsa ho mo halefela+ mme a se ke a ba fedisa.+ Ho ne ho boetse ho ena le dintho tse ntle tseo Bajuda ba neng ba di etsa.+ 13  Puso ya Morena Roboame ya eba matla Jerusalema mme a tswela pele ho busa. Roboame o ne a le dilemo di 41 ha e eba morena. O busitse Jerusalema ka dilemo tse 17 e leng motse oo Jehova a neng a o kgethile malokong ohle a Iseraele e le sebaka seo a tla beha lebitso la hae ho sona. Lebitso la mme wa morena e ne e le Naama wa Moamone.+ 14  Empa Roboame o ile a etsa dintho tse mpe hobane o ne a sa ikemisetsa ho batla tataiso ya Jehova.+ 15  Histori ya Roboame ho tloha qalong ho fihlela qetellong e hlaha tlalehong ya maloko, mantsweng a moprofeta Shemaia+ le a Ido+ ya bonang dipono. Roboame le Jeroboame+ ba ne ba dula ba lwantshana. 16  Roboame a shwa yaba o patelwa Motseng wa Davida.+ Mora wa hae Abija+ ya eba morena.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “mebuso.”
Kapa: “phaleisi.”
Ka Seheberu: “dimathi.”