Buka ya Bobedi ya Dikronike 13:1-22

  • Abija, morena wa Juda (1-22)

    • Abija o hlola Jeroboame (3-20)

13  Ha Morena Jeroboame a ena le dilemo tse 18 a busa, Abija ya eba morena wa Juda.+  A busa Jerusalema ka dilemo tse tharo. Mme wa hae e ne e le Mikea+ moradi wa Uriele wa Gibea.+ Abija le Jeroboame ba ne ba lwantshana.+  Abija a ya ntweng le masole a matla a kwetlisitsweng*+ a 400 000. Jeroboame a itokisetsa ho ya mo lwantsha ka banna ba matla ba kwetlisitsweng* ba 800 000.  Abija a ema hodima Thaba ya Zemaraime e dithabeng tsa Efraime mme a re: “Mmamele Jeroboame, wena le Baiseraele bohle.  Na ha le tsebe hore Jehova Modimo wa Iseraele o file Davida le bara ba hae+ mmuso wa Iseraele ka ho sa feleng+ ka selekane sa letswai?*+  Empa Jeroboame+ mora wa Nebate, mohlanka wa Solomone mora wa Davida, a fetohela morena wa hae.+  Banna ba sa sebetseng, ba se nang thuso ba tla ho yena. Ba ile ba kgona ho fetohela Roboame mora wa Solomone ha a sa le motjha ebile a le boi mme a sa kgone ho lwana le bona.  Jwale lona le nahana hore le ka lwantsha mmuso wa Jehova o matsohong a bara ba Davida hobane feela le le bangata le bile le ena le manamane a kgauta ao Jeroboame a le etseditseng ona hore e be medimo ya lona?+  Le lelekile baprista ba Jehova,+ ditloholo tsa Arone le Balevi, la ba la ikgethela baprista jwalo ka ditjhaba tsa dinaha tse ding.+ Ha motho a tla ka pohwana le diramo tse supileng, le ne le mo etsa moprista wa ditshwantsho tseo e seng medimo. 10  Ha e le rona, Jehova ke Modimo wa rona+ mme ha re a mo lahla. Baprista ba rona e leng ditloholo tsa Arone, ba sebeletsa Jehova mme Balevi ba a ba thusa. 11  Hoseng ho hong le ho hong le mantsiboya a mang le a mang ba etsetsa Jehova mosi wa dinyehelo tsa setjheso+ le dibano tse nkgang ha monate+ mme ba lokisa bohobe*+ bo hodima tafole ya kgauta e hlwekileng. Mantsiboya a mang le a mang ba kgantsha mabone+ a sedulwana sa kgauta+ hobane re phetha boikarabelo boo Jehova Modimo wa rona a re fileng bona empa lona le mo lahlile. 12  Modimo wa nnete o na le rona mme o re etella pele ka baprista ba hae le ka diterompeta tse letsang modumo wa ntwa hore re le lwantshe. Banna ba Iseraele, le se ke la lwantsha Jehova Modimo wa baholoholo ba lona hobane le ke ke la hlola.”+ 13  Jeroboame a beha masole a tla ipata ka mora bona hore a ba hlasele. Ka hoo, masole a mang a hae, a ne a le ka pela Bajuda mme a mang a ipatile ka mora bona. 14  Ha banna ba Juda ba hetla, ba hlokomela hore ba hlaselwa ka pele le ka morao. Ba llela ho Jehova+ ha baprista ba ntse ba letsetsa diterompeta hodimo. 15  Banna ba Juda ba hweletsa mme ha ba hweletsa jwalo, Modimo wa nnete a hlola Jeroboame le Baiseraele bohle ka pela Abija le Juda. 16  Baiseraele ba baleha Juda mme Modimo a etsa hore ba ba hlole. 17  Abija le batho ba hae ba ba bolaya ka bongata, ba bolaya banna ba kwetlisitsweng* ba Iseraele ba 500 000. 18  Letsatsing leo banna ba Iseraele ba tlotlolleha. Banna ba Juda ba ba hlola hobane ba ne ba tshepile* Jehova Modimo wa baholoholo ba bona.+ 19  Abija a lelekisa Jeroboame mme a hapa metse ho yena e leng Bethele+ le metse e haufi le yona, Jeshana le metse e haufi le yona le Efraine+ le metse e haufi le yona. 20  Jeroboame ha a ka a hlola a eba le matla mehleng ya Abija. Jehova o ile a mo otla mme a shwa.+ 21  Abija a nna a ba matla. Ha nako e ntse e ya, a nyala basadi ba 14,+ a ba le bara ba 22 le baradi ba 16. 22  Histori yohle ya Abija, dintho tseo a di entseng le mantswe a hae, di tlalehilwe mangolong* a moprofeta Ido.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “kgethilweng.”
Ka Seheberu: “kgethilweng.”
E leng selekane se sa feleng le se sa fetoheng.
E leng bohobe ba pontsho.
Ka Seheberu: “kgethilweng.”
Ka Seheberu: “itshetlehile ka.”
Kapa: “tlhalosong.”