Buka ya Bobedi ya Dikronike 16:1-14

  • Asa o etsa tumellano le Basiria (1-6)

  • Hanani o kgalemela Asa (7-10)

  • Asa o a shwa (11-14)

16  Ha Asa a ena le dilemo tse 36 a busa, Morena Basha+ wa Iseraele a hlasela Juda mme a haha* Rama+ e le hore ho se ke ha eba le motho ya tswang kapa ya kenang Juda ho Morena Asa.+  Asa a ntsha silevera le kgauta matlotlong a ntlo ya Jehova+ le a ntlo ya morena,* a di romela ho Morena Ben-hadade wa Siria+ ya neng a dula Damaseka a re:  “Ke entse selekane* le wena jwalo ka ha ntate wa ka a ne a se entse le ntate wa hao. Ke o romella silevera le kgauta. Tloo mme o kgaole selekane sa hao le Morena Basha wa Iseraele e le hore a ka ntlohela.”  Ben-hadade a mamela Morena Asa mme a romela balaodi ba hae ba masole hore ba hlasele metse ya Iseraele. Ba hapa motse wa Ijone,+ Dane+ le Abele-maime le dibaka tsohle tsa polokelo tsa metse ya Nefthali.+  Ha Basha a utlwa ka taba ena, hanghang a emisa mosebetsi wa hae wa ho haha* Rama.  Morena Asa a bitsa Bajuda bohle, ba nka majwe le difate tsa Rama+ tseo Basha a neng a haha* ka tsona+ yaba o haha Geba+ le Mizpa+ ka tsona.  Ka nako eo, Hanani+ wa seboni a tla ho Morena Asa wa Juda mme a re ho yena: “Ka ha ha o a tshepa* Jehova Modimo wa hao empa o tshepile* morena wa Siria, masole a hae a o phonyohile.+  Baethiopia le Balibia e ne e le masole a mangata haholo, ba ena le dikariki tsa ntwa le bapalami ba dipere ba bangata. Empa ka ha o ne o tshepile Jehova, o ile a o thusa hore o ba hlole.+  Mahlo a Jehova a shebile lefatsheng lohle ka hloko+ hore a bontshe matla a hae ka hore a thuse bohle ba mo sebeletsang* ka dipelo tsohle.+ O entse bowatla tabeng ena. Ho tloha hona jwale ho ya pele, ho tla ba le batho ba o lwantshang.”+ 10  Le ha ho le jwalo, Asa a kgopiswa ke mantswe a seboni seo yaba o se kenya teronkong* hobane o ne a se halefetse. Ka yona nako eo, Asa a qala ho tshwara batho ba bang hampe. 11  Histori ya Asa ho tloha qalong ho fihlela qetellong, e ngotswe Bukeng ya Marena a Juda le a Iseraele.+ 12  Ha Asa a qetile dilemo tse 39 a busa, a tshwarwa ke bolwetse ba maoto bo ileng ba mo kudisa haholo. Le ha a se a kula, ha a ka a batla thuso ho Jehova empa o ile a e batla ho bafodisi. 13  Asa a shwa*+ a busitse ka dilemo tse 41. 14  Ba mo pata lebitleng le letle haholo leo a neng a itjheketse lona Motseng wa Davida,+ ba mo beha hodima bethe e neng e tshetswe ka oli e ngata ya balsame le ka mafura a kgethehileng a entsweng ka metswako e fapaneng.+ Ba mo etsetsa mollo o moholo* lepatong la hae.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “haha botjha.”
Kapa: “phaleisi.”
Kapa: “haha botjha.”
Kapa: “haha botjha.”
Ka Seheberu: “itshetleha ka.”
Ka Seheberu: “itshetlehile ka.”
Kapa: “inehetseng ho yena.”
Ka Seheberu: “ka tlung ya metshwaso.”
Ka Seheberu: “a patwa jwalo ka baholoholo ba hae.”
Ho bonahala e ne e se mollo wa ho tjhesa setopo sa Asa empa e ne e le wa ho tjhesa dinoko.