Buka ya Bobedi ya Dikronike 17:1-19

  • Josafate, morena wa Juda (1-6)

  • Batho ba a rutwa (7-9)

  • Masole a Josafate a matla (10-19)

17  Mora wa hae Josafate+ ya eba morena mme puso ya hae ya eba matla Iseraele.  A beha masole metseng yohle e sireleditsweng ka marako ya Juda mme a beha a mang naheng ya Juda le metseng ya Efraime eo ntate wa hae Asa a neng a e hapile.+  Jehova a nna a ba le Josafate hobane o ne a etsisa moholoholo wa hae Davida+ mme a sa sebeletse medimo ya Baale.  O ile a batla Modimo wa ntate wa hae+ mme a latela ditaelo tsa hae ho ena le ho latela* diketso tsa Iseraele.+  Jehova a tiisa puso ya Josafate+ mme Bajuda bohle ba nna ba mo fa dimpho. Josafate o ile a ba le maruo le kganya e ngata.+  O ne a le sebete mme a latela ditsela tsa Jehova. O ile a ba a tlosa dibaka tse phahameng+ le dipalo tse halalelang*+ Juda.  Ha a ena le dilemo tse tharo a busa, a re ho bitswe dikgosana tsa hae e leng Ben-haile, Obadia, Zakaria, Nethaniele le Mikaia hore ba tlo ruta metseng ya Juda.  Ba ne ba ena le Balevi e leng Shemaia, Nethania, Zebadia, Asahele, Shemiramothe, Jonathane, Adonija, Tobija le Tob-adonija mme ba ena le baprista Elishama le Jorame.+  Ba ile ba ruta Juda ba nkile buka ya Molao wa Jehova+ mme ba tsamaya metseng yohle ya Juda ba ruta setjhaba. 10  Mebuso yohle ya dinaha tse neng di potolohile Juda e ile ya tshaba Jehova mme ha e a ka ya lwantsha Josafate. 11  Bafilista ba tlisetsa Josafate dimpho le tjhelete ya lekgetho.* Maarabia a ile a mo tlisetsa diramo tse 7 700 le diphooko* tse 7 700 ho tswa diphoofolong tsa bona. 12  Josafate a nna a ba matla haholo+ mme a haha dibaka tse sireleditsweng ka marako+ le metse ya polokelo+ Juda. 13  O ile a etsa mesebetsi e mengata metseng ya Juda hape a ena le masole a matla Jerusalema. 14  A ne a hlophisitswe ho ya ka malapa a bontate ba bona: Ho Juda ho ne ho ena le balaodi ba ba dikete, Adna e ne e le molaodi mme a ena le banna ba matla ba 300 000.+ 15  Molaodi Johanane o ne a ikarabella ho yena mme a ena le ba 280 000. 16  Amasia mora wa Zikri ya neng a ithaopetse ho sebeletsa Jehova le yena o ne a ikarabella ho yena mme a ena le banna ba matla ba 200 000. 17  Ho tswa ho Benjamine+ e ne e le Eliada, monna ya matla mme o ne a ena le banna ba 200 000 ba tshwereng diqha le dithebe.+ 18  Jozabade o ne a ikarabella ho yena mme a ena le banna ba 180 000 ba tshwereng dibetsa bakeng sa ntwa. 19  Banna bana ba ne ba sebeletsa morena ho ekelletsa ho bao morena a neng a ba behile metseng e sireleditsweng ka marako naheng yohle ya Juda.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “tsamaya.”
Kapa: “sethabathaba.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “dipodi tse tona.”