Buka ya Bobedi ya Dikronike 18:1-34

  • Josafate o etsa selekane le Akabe (1-11)

  • Mikaia o profeta hore Baiseraele ba tla hlolwa (12-27)

  • Akabe o bolaelwa Ramothe-gileade (28-34)

18  Josafate o ne a ena le maruo le kganya e ngata+ empa a etsa selekane sa lenyalo le Akabe.+  Dilemo ha morao a theohela Samaria ho Akabe+ mme Akabe a etsetsa Josafate le batho ba neng ba ena le yena sehlabelo ka dinku le dikgomo tse ngata. A mo kgothaletsa* hore a hlasele Ramothe-gileade.+  Morena Akabe wa Iseraele a re ho Morena Josafate wa Juda: “Na o tla ya le nna motseng wa Ramothe-gileade?” A re ho yena: “Ke tla ya le wena le setjhaba sa ka mme re tla o tshehetsa ntweng.”  Empa Josafate a re ho morena wa Iseraele: “Ke kopa o botse Jehova pele ka taba ena.”+  Morena wa Iseraele a bokella baprofeta ba 400 mme a re ho bona: “Na re ka yo lwantsha motse wa Ramothe-gileade kapa ke o tlohele?” Ba re: “Tsamaya mme Modimo wa nnete o tla o thusa hore o hlole.”  Josafate a re: “Na ho na le moprofeta e mong wa Jehova moo?+ Le yena a re mo botseng.”+  Morena wa Iseraele a re ho Josafate: “Ho na le monna e mong+ eo re ka mo botsang hore na Jehova o reng ka taba ena. Empa ke mo hloile hobane ha ho mohla a profetang dintho tse ntle ka nna, o dula a profeta tse mpe feela.+ Ke Mikaia mora wa Imla.” Josafate a re: “Morena a se ke a bua ka tsela ena.”  Morena wa Iseraele a bitsa molaodi wa lekgotla a re: “Potlaka o tle le Mikaia mora wa Imla.”+  Morena wa Iseraele o ne a dutse teroneng ya hae le Josafate morena wa Juda a dutse teroneng ya hae, ba apere diaparo tsa bona tsa borena. Ba ne ba dutse seotlong* keiting ya Samaria mme baprofeta bohle ba profeta ka pela bona. 10  Tsedekia mora wa Kenana a iketsetsa manaka a tshepe mme a re: “Jehova o re, ‘O tla hlaba* Basiria ka manaka ana ho fihlela o ba fedisitse.’” 11  Baprofeta ba bang bohle ba ne ba profeta se tshwanang ba re: “Tsamaya o yo lwantsha Ramothe-gileade mme Jehova o tla o thusa hore o e hlole.”+ 12  Moromuwa ya neng a ilo bitsa Mikaia a re ho yena: “Baprofeta bohle ba re morena o tla atleha. Le wena ke kopa o bue dintho tse ntle.”+ 13  Mikaia a re: “Ke hlapanya ka Jehova ya phelang hore ke tla bua seo Modimo wa ka a tla mpolella sona.”+ 14  Ha Mikaia a fihla, morena a re ho yena: “Mikaia, re lwantshe Ramothe-gileade kapa ke e tlohele?” Mikaia a re: “Tsamaya o yo e lwantsha mme le tla e hlola.” 15  Morena a re ho yena: “Ke tla etsa hore o hlapanye ka makgetlo a makae e le hore o bue nnete mme o bue feela seo Jehova a o boleletseng sona?”* 16  Mikaia a re: “Ke bone Baiseraele bohle ba hasane dithabeng jwalo ka dinku tse se nang modisa.+ Jehova o itse: ‘Ha ba na morena. Ere e mong le e mong a kgutlele ntlong ya hae ka kgotso.’” 17  Morena wa Iseraele a re ho Josafate: “Na ha ke a o bolella hore a ke ke a profeta dintho tse ntle ka nna empa o tla profeta tse mpe feela?”+ 18  Mikaia a re: “Utlwa lentswe la Jehova: Ke bone Jehova a dutse teroneng+ ya hae mme mangeloi* ohle+ a eme ka lehlakoreng la hae le letona le le letshehadi.+ 19  Jehova a re, ‘Ke mang ya tla thetsa Morena Akabe wa Iseraele e le hore a ye Ramothe-gileade mme a shwelle teng?’ Lengeloi le leng le ne le re tjena mme le leng le re tjena. 20  Lengeloi+ le leng la tla ka pela Jehova la re, ‘Ke tla mo thetsa.’ Jehova a re ho lona, ‘O tla mo thetsa jwang?’ 21  La re, ‘Ke tla thetsa baprofeta ba hae e le hore ba tle ba bue leshano.’ A re ho lona, ‘Tsamaya o yo mo thetsa hobane o tla atleha.’ 22  Jehova o entse hore baprofeta bana ba hao ba bue leshano+ empa ha e le hantle Jehova yena o ikemiseditse ho o fa kotlo.” 23  Tsedekia+ mora wa Kenana a atamela ho Mikaia+ mme a mo otla lerameng+ a re: “Lengeloi la Jehova le mphetile jwang mme la bua le wena?”+ 24  Mikaia a re: “O tla bona hore na le o fetile jwang mohlang o yo ipata kamoreng e ka harehare.” 25  Morena wa Iseraele a re: “Isa Mikaia ho Amone letona la motse le ho Joashe mora wa morena. 26  O re ho bona, ‘Morena o re: “Kwallang monna enwa teronkong+ mme le fokotse metsi le dijo tseo a lokelang ho di fuwa ho fihlela ke kgutla ke ntse ke phela.”’” 27  Empa Mikaia a re: “Haeba o ka kgutla o ntse o phela, e tla ba Jehova ha a bua le nna.”+ A boela a re: “Lona setjhaba, le hopole mantswe ana.” 28  Morena wa Iseraele le Josafate morena wa Juda ba ya Ramothe-gileade.+ 29  Morena wa Iseraele a re ho Josafate: “Ke tla apara diaparo tse ding ebe ke kena ntweng empa wena o apare diaparo tsa hao tsa borena.” Morena wa Iseraele a apara diaparo tse ding yaba ba kena ntweng. 30  Morena wa Siria o ne a itse ho balaodi ba dikariki tsa hae tsa ntwa: “Le se ke la lwantsha motho ofe kapa ofe empa le lwantshe morena wa Iseraele feela.” 31  Ha balaodi ba dikariki tsa ntwa ba bona Josafate ba re: “Enwa ke yena morena wa Iseraele.” Ba ya ho yena ba mo lwantsha yaba Josafate o a hweletsa o kopa thuso.+ Jehova a mo thusa mme a etsa hore ba mo tlohele. 32  Ha balaodi ba dikariki tsa ntwa ba bona hore ha se morena wa Iseraele, hanghang ba kgutla. 33  Monna e mong a betsa motsu wa seqha sa hae, ha etsahala* hore motsu oo o kene seaparong sa tshepe sa morena wa Iseraele mme o mo hlabe. Morena a re ho mokganni wa kariki ya hae ya ntwa: “Ke kopa o ntlose ntweng* hobane ke lemetse haholo.”+ 34  Ntwa ya tswela pele letsatsi lohle. Morena wa Iseraele a tlameha ho ema a tsheheditswe kariking ya hae ya ntwa, a shebile Basiria ho fihlela mantsiboya, a shwa ha letsatsi le dikela.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “phehella.”
Kapa: “sututsa.”
Ka Seheberu: “o bue nnete ka lebitso la Jehova.”
Ka Seheberu: “lebotho la mahodimo.”
Kapa: “a sa rera.”
Ka Seheberu: “diahelong.”