Buka ya Bobedi ya Dikronike 19:1-11

  • Jehu o kgalemela Josafate (1-3)

  • Josafate o etsa diphetoho (4-11)

19  Morena Josafate wa Juda a kgutlela ntlong* ya hae Jerusalema a sireletsehile.*+  Jehu+ mora wa Hanani+ ya bonang dipono a ya ho Morena Josafate a re ho yena: “Na ke hantle hore ebe o thusa ba kgopo+ mme o rata ba hloileng Jehova?+ Jehova o o halefetse ka lebaka la sena.  Le ha ho le jwalo, ho na le dintho tse ntle tseo Modimo a di fumaneng ho wena+ hobane o ile wa tlosa dipalo tse halalelang* naheng mme wa ikemisetsa* ho sebeletsa Modimo wa nnete.”+  Josafate o ne a dula Jerusalema mme o ile a boela a ya ho setjhaba ho tloha Beersheba ho ya dithabeng tsa Efraime,+ a se kgothaletsa hore se kgutlele ho Jehova Modimo wa baholoholo ba sona.+  Hape o ile a beha baahlodi naheng yohle, metseng yohle ya Juda e sireleditsweng ka marako.+  A re ho baahlodi bao: “Le nahane ka seo le se etsang hobane ha le ahlolele motho empa le ahlolela Jehova mme o na le lona ha le ahlola.+  Le tshabe Jehova.+ Hlokomelang seo le se etsang hobane Jehova Modimo wa rona o rata toka,+ ha a na kgethollo+ ebile ha a nke tjotjo.”+  Le Jerusalema Josafate a beha ba bang ba Balevi le baprista le dihlooho tse ding tsa malapa a Iseraele hore e be baahlodi bakeng sa Jehova le hore ba ahlole dinyewe tsa baahi ba Jerusalema.+  A ba laela a re: “Ha le etsa mosebetsi wa lona le tshabe Jehova, le mo tshepahalle mme le mo sebeletse ka dipelo tsohle.* 10  Haeba bana ba bo lona ba dulang metseng e meng ba tlisa nyewe e mabapi le ho bolaya+ kapa ba botsa ka molao, taelo kapa dikahlolo, le ba hlokomedise seo ba lokelang ho se etsa e le hore ba se ke ba eba molato ka pela Jehova, ho seng jwalo o tla le halefela le bana ba bo lona. Le etse sena e le hore le se ke la ba molato. 11  Amaria moprista e moholo o tla le okamela bakeng sa ditaba tsohle tsa Jehova.+ Zebadia mora wa Ishmaele e tla ba moetapele wa ntlo ya Juda bakeng sa ditaba tsohle tse mabapi le morena. Balevi e tla ba balaodi ba lona. Le etse mosebetsi wa lona ka sebete mme e se eka Jehova a ka ba le ba etsang se molemo.”*+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “phaleising.”
Kapa: “ka kgotso.”
Kapa: “pelo ya hao ya ikemisetsa.”
Kapa: “le inehele ka pelo yohle.”
Kapa: “a ka ba le se molemo.”