Buka ya Bobedi ya Dikronike 2:1-18

  • Ditlhophiso tsa ho haha tempele (1-18)

2  Solomone a fana ka taelo ya hore ho hahwe ntlo* ya hae ya borena+ le ntlo e tla tlisa thoriso lebitsong la Jehova.+  Solomone a ngodisa basebeletsi ba 70 000 ba jarang merwalo,* ba 80 000 ba betlang majwe dithabeng+ le balebedi ba bona ba 3 600.+  Hape Solomone a romela molaetsa ho Hirame+ morena wa Tire a re: “Nketsetse seo o ileng wa se etsetsa ntate wa ka Davida ha o ne o mo romella difate tsa kedare hore a hahe ntlo* eo a tla dula ho yona.+  Ke haha ntlo e tla tlisa thoriso lebitsong la Jehova Modimo wa ka hore ke nehelane* ka yona ho yena. Ke moo ho tla tjhesetswa dibano tse nkgang ha monate+ ka pela hae le moo ho tla behwa bohobe*+ le moo ho tla etsetswa dinyehelo tsa setjheso teng hoseng le mantsiboya,+ ka disabatha,+ ha kgwedi e qala+ le ka dinako tsa mokete+ tsa Jehova Modimo wa rona. Ena ke ntho eo Baiseraele ba lokelang ho dula ba e etsa.  Ntlo eo ke e hahang e tla ba kgolo hobane Modimo wa rona o moholo ho feta medimo e meng kaofela.  Ke mang ya ka mo hahelang ntlo hobane le mahodimo a mahodimo ha a mo lekane?+ Nna ke mang hore nka mo hahela ntlo? Ntho feela eo nka e etsang ke ho haha sebaka seo ho sona ho ka etswang mahlabelo a kubellang mosi ka pela hae.  Nthomelle monna ya tsebang mosebetsi wa matsoho, ya tsebang ho sebetsa ka kgauta, silevera, koporo,+ tshepe, ulu e pherese, e kgubedu le kgwele e putswa* le ya tsebang ho etsa mongolo o fatilweng. O tla sebetsa le batho ba ka ba tsebang ho etsa mosebetsi wa matsoho Juda le Jerusalema, bao ntate wa ka Davida a faneng ka bona.+  O nthomelle difate tsa kedare, tsa junipere+ le tsa algame+ tse tswang Lebanone hobane ke a tseba hore bahlanka ba hao ba tseba ho rema difate tsa Lebanone.+ Bahlanka ba ka ba tla sebetsa le bahlanka ba hao+  hore ba ntokisetse difate tse ngata hobane ntlo eo ke tlo e haha e tla ba kgolo haholo. 10  Ke tla fa bahlanka ba hao ba remang difate dijo.+ Ke tla ba fa dilithara tse 4 400 000* tsa koro, dilithara tse 4 400 000 tsa harese, dilithara tse 440 000* tsa veine le dilithara tse 440 000 tsa oli.” 11  Hirame morena wa Tire a ngolla Solomone molaetsa o reng: “Jehova o o kgethile hore o be morena wa batho ba hae hobane o a ba rata.” 12  Hirame a tswela pele ho re: “Ho ke ho roriswe Jehova Modimo wa Iseraele ya entseng mahodimo le lefatshe hobane o file Morena Davida mora ya bohlale+ le ya nang le kutlwisiso,+ ya tla hahela Jehova ntlo le ho ikahela ntlo ya borena. 13  Ke romela monna ya bohlale, ya tsebang mosebetsi wa matsoho ya bitswang Hirame-abi.+ 14  Ke mora wa mosadi wa leloko la Dane empa ntate wa hae o ne a tswa Tire. Monna enwa o tseba ho sebetsa ka kgauta, silevera, koporo, tshepe, majwe, lepolanka, ulu e pherese, kgwele e putswa, lesela la boleng bo botle le ka lesela le lefubedu.+ O tseba ho etsa mongolo o fatilweng wa mefuta yohle le meralo yohle eo ho thweng a e etse.+ O tla sebetsa le banna ba hao ba tsebang mosebetsi wa matsoho le banna ba tsebang mosebetsi wa matsoho ba morenaka Davida, ntate wa hao. 15  Morenaka, re romelle koro, harese, oli le veine tseo o re tshepisitseng tsona.+ 16  Re tla rema difate tsohle tseo o di hlokang mona Lebanone.+ Re tla di romela Jopa+ ka lewatle re di tlamme mme wena o tla di lata moo ebe o di isa Jerusalema.”+ 17  Solomone a bala banna bohle ba baditjhaba ba neng ba dula naheng ya Iseraele+ jwalo ka ha ntate wa hae Davida a ile a etsa+ mme ha fumanwa banna ba 153 600. 18  A kgetha basebeletsi ba 70 000 hore e be ba jarang merwalo, ba 80 000 hore e be ba betlang majwe+ dithabeng le balebedi ba 3 600 ba okamelang basebetsi.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “phaleisi.”
Kapa: “basebetsi ba tlwaelehileng.”
Kapa: “phaleisi.”
E leng bohobe ba pontsho.
Ka Seheberu: “halaletse.”
Kapa: “bolou.”
Ka Seheberu: “dikore tse 20 000.” Kore e lekana le dilithara tse 220. Sheba Ntlha ya B14.
Ka Seheberu: “dibate tse 20 000.” Bate e lekana le dilithara tse 22. Sheba Ntlha ya B14.