Buka ya Bobedi ya Dikronike 20:1-37

  • Dinaha tse haufi di batla ho hlasela Juda (1-4)

  • Josafate o kopa thuso ho Modimo (5-13)

  • Jehova o a mo araba (14-19)

  • Juda e pholoswa ka mohlolo (20-30)

  • Puso ya Josafate e a fela (31-37)

20  Ka mora moo, Bamoabe,+ Baamone+ le Baamonime* ba bang, ba tla ho tla lwantsha Josafate.  Batho ba re ho Josafate: “Ho na le batho ba bangata ba tlo o hlasela ba tswang Edomo+ sebakeng se lewatleng* mme ke bane ba Hazazone-tamare e leng Ene-gedi.”+  Ha Josafate a utlwa seo, a tshoha mme a etsa qeto ya ho batla Jehova.+ A bolella Bajuda bohle hore ba itime dijo.  Bajuda ba bokana hore ba tlo botsa Jehova.+ Ba ne ba tswa metseng yohle ya Juda ho tla batla tataiso ho Jehova.  Josafate a ema hara phutheho ya Juda le Jerusalema ka tlung ya Jehova ka pela lebala le letjha  a re: “Jehova Modimo wa baholoholo ba rona, na ha o Modimo ya lehodimong+ mme na ha se wena ya laolang mebuso yohle ya ditjhaba?+ O na le matla mme ha ho na ya ka emang kgahlanong le wena.+  Modimo wa rona, na ha o a ka wa leleka baahi ba naha ee ka pela setjhaba sa hao sa Iseraele mme wa e fa ditloholo* tsa motswalle wa hao Abrahama+ hore e be ya bona ka ho sa feleng?  Ba ile ba dula ho yona mme ba hahela lebitso la hao+ sehalalelo moo ba re,  ‘Haeba re hlahelwa ke tsietsi, ebang re hlaselwa ka sabole, re fuwa kahlolo e bohloko, re tshwarwa ke lefu la sewa kapa re bolawa ke tlala, re tla ema ka pela ntlo ena le ka pela hao (hobane lebitso la hao le ka tlung ena)+ mme re kope hore o re thuse mathateng a rona. E se eka o ka re utlwa mme wa re pholosa.’+ 10  Banna ba Amone, ba Moabe le ba tswang dithabeng tsa Seire+ ke bana, bao o sa kang wa dumella Baiseraele hore ba ba hlasele ha ba ne ba tswa naheng ya Egepeta. Ha ba a ka ba ba fedisa.+ 11  Jwale ke bana ba re putsa ka ho re leleka naheng eo o re fileng yona e le lefa.+ 12  Modimo wa rona, re kopa o ba ahlole.+ Ha re na matla a ho lwantsha bongata bona bo re hlaselang ebile ha re tsebe hore na re etseng+ empa re tshepile wena.”+ 13  Ka nako eo, Bajuda bohle ba ne ba eme ka pela Jehova le basadi ba bona le bana ba bona* ho akareletsa le bana ba bona ba banyenyane. 14  Moya wa Jehova wa eba hodima Jahaziele mora wa Zakaria mora wa Benaia mora wa Jeiele mora wa Matania wa Molevi wa bara ba Asafe, ha a ntse a le hara phutheho. 15  A re: “Mamelang lona Bajuda bohle, baahi ba Jerusalema le Morena Josafate. Jehova o re ho lona: ‘Le se ke la tshoswa kapa la thothometswa ke bongata bona hobane ntwa ha se ya lona ke ya Modimo.+ 16  Hosane le ba hlasele. Ba tla be ba tla ba tsamaya ka tsela e bitswang Zize. Le tla ba fumana qetellong ya kgohlo* ka pela lefeella la Jeruele. 17  Ho ke ke ha hlokahala hore le lwane. Le eme feela+ mme le bone ha Jehova a le pholosa.+ Wena Juda le Jerusalema, le se ke la tshoha kapa la thothomela.+ Hosane le ba hlasele mme Jehova o tla ba le lona.’”+ 18  Hanghang Josafate a kgumama* mme Bajuda bohle le baahi ba Jerusalema ba kgumama ka pela Jehova ho rapela Jehova. 19  Balevi bao e neng e le ditloholo tsa Bakohathe+ le tsa Bakora ba ema mme ba rorisa Jehova Modimo wa Iseraele ka mantswe a phahameng.+ 20  Letsatsing le latelang, ba tsoha esale hoseng ba ya lefeelleng la Tekowa.+ Ha ba tsamaya, Josafate a ema a re: “Mmameleng lona Bajuda le baahi ba Jerusalema. Tshepang Jehova Modimo wa lona e le hore le ka ema le tiile.* Tshepang baprofeta ba hae+ mme le tla atleha.” 21  Ka mora hore a bue le setjhaba, a kgetha banna hore ba binele+ Jehova dipina tsa thoriso ba apere diaparo tse halalelang mme ba tsamaya ka pela masole ba re: “Lebohang Jehova ka ha lerato la hae ha le fele le ka mohla.”+ 22  Ha ba qala ho bina dipina tsa thoriso ba thabile, Jehova a hlophisa hore banna ba Amone, ba Moabe le ba tswang dithabeng tsa Seire ba neng ba tlo lwantsha Juda ba hlaselwe ba sa lebella yaba ba lwantshana ka bobona.+ 23  Baamone le Bamoabe ba lwantsha baahi ba dulang dithabeng tsa Seire,+ ba ba fedisa. Ha ba se ba qetile ka baahi ba Seire, ba bolayana ka bobona.+ 24  Ha Bajuda ba fihla toreng ya ho lebela ya lefeella+ mme ba sheba tlase, ba bona ditopo tsa batho bao ba bangata.+ Ho ne ho se na ba phonyohileng. 25  Josafate le batho ba hae ba tla ho tla hapa thepa ya bona mme ba inkela thepa ya bona e ngata, diaparo le dintho tsa bohlokwa ho fihlela ba se ba sa kgone ho nka tse ding.+ Ba ile ba qeta matsatsi a mararo ba ntse ba hapa thepa eo hobane e ne e le ngata. 26  Ka letsatsi la bone ba bokana Kgohlong* ya Beraka mme ba rorisa Jehova moo. Ke ka hoo ba ileng ba reha sebaka seo Kgohlo ya Beraka*+ ho fihlela kajeno. 27  Banna bohle ba Juda le Jerusalema ba kgutlela Jerusalema ba eteletswe pele ke Josafate, ba thabile hobane Jehova o ne a entse hore ba hlole dira tsa bona.+ 28  Ba kena Jerusalema ka diletsa tse dikgwele, diharepa+ le diterompeta+ mme ba ya ntlong ya Jehova.+ 29  Mebuso yohle ya dinaha ya tshaba Jehova ha e utlwa hore o lwanetse Baiseraele ho dira tsa bona.+ 30  Ha Josafate a busa ho ne ho ena le kgotso mme Modimo wa hae o ile a mo phomotsa ho dira tsohle tsa hae.+ 31  Josafate a nna a busa Juda. O ne a le dilemo di 35 ha e eba morena mme a busa Jerusalema ka dilemo tse 25. Mme wa hae e ne e le Azuba moradi wa Shilhi.+ 32  A nna a etsa dintho jwalo ka ntate wa hae Asa+ mme a thabisa Jehova.+ 33  Empa dibaka tse phahameng ha di a ka tsa tloswa+ mme batho ba ne ba eso ikemisetse ho rapela Modimo wa baholoholo ba bona.+ 34  Histori yohle ya Josafate, ho tloha qalong ho fihlela qetellong e ngotswe mantsweng a Jehu+ mora wa Hanani,+ a ileng a kenngwa Bukeng ya Marena a Iseraele. 35  Ka mora moo, Morena Josafate wa Juda a etsa selekane* le Morena Akazia wa Iseraele ya neng a le kgopo.+ 36  A etsa tumellano le yena ya hore ba etse dikepe tse yang Tarshishe+ mme ba etsetsa dikepe tseo Ezione-gebere.+ 37  Le ha ho le jwalo, Eliezere mora wa Dodavahu wa Maresha a profeta ka Josafate a re: “Ka ha o entse selekane le Akazia, Jehova o tla senya mesebetsi ya hao.”+ Ka hoo, dikepe tseo tsa robeha*+ yaba ha di kgone ho ya Tarshishe.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa mohlomong: “Bameune.”
Ho bonahala e le Lewatle le Shweleng.
Ka Seheberu: “peo.”
Ka Seheberu: “bara.”
A thetsitse fatshe ka hlooho.
Kapa: “le ka mamella.”
Kapa: “Phuleng.”
E bolelang “Tlhohonolofatso.”
Kapa: “swahlamana.”