Buka ya Bobedi ya Dikronike 21:1-20

  • Jorame, morena wa Juda (1-11)

  • Lengolo le tswang ho Elia (12-15)

  • Jorame o shwa ha bohloko (16-20)

21  Josafate a shwa* mme a patelwa Motseng wa Davida. Mora wa hae Jorame ya eba morena.+  Bana babo e leng bara ba Josafate, e ne e le Azaria, Jehiele, Zakaria, Azaria, Mikaele le Shefatia. Bana bohle e ne e le bara ba Morena Josafate wa Iseraele.  Ntate wa bona o ne a ba file dimpho tse ngata tsa silevera le kgauta le dintho tsa bohlokwa ha mmoho le metse e sireleditsweng ka marako e Juda.+ Empa a fa Jorame+ mmuso hobane e ne e le letsibolo.  Ha Jorame e se e le morena mmusong wa ntate wa hae, o ile a tiisa borena ba hae ka ho bolaya bana babo+ kaofela le dikgosana tse ding tsa Iseraele ka sabole.  Jorame e bile morena ha a le dilemo di 32 mme a busa Jerusalema ka dilemo tse robedi.+  O ile a etsa dintho tse tshwanang le tseo marena a Iseraele+ a neng a di etsa. A etsa feela jwalo ka ha ba lelapa la Akabe ba ile ba etsa hobane o ne a nyetse moradi wa Akabe+ mme a nna a etsa dintho tse sa thabiseng Jehova.  Empa Jehova o ne a sa batle ho fedisa ba leloko la Davida ka lebaka la selekane seo a neng a se entse le yena+ hobane o ne a mo tshepisitse hore bana ba hae ba tla dula ba busa* Jerusalema.+  Mehleng ya Jorame, Baedomo ba ile ba fetohela Bajuda+ mme ba ikgethela morena.+  Jorame le balaodi ba hae ba ya ho bona ka dikariki tsohle tsa hae tsa ntwa ho ya ba hlasela. A tsoha bosiu mme a bolaya Baedomo ba neng ba mo potapotile le balaodi ba dikariki tsa ntwa. 10  Haesale Baedomo ba fetohela Bajuda ho fihlela letsatsing lena mme Libna+ le yona e ile ya fetohela Jorame ka nako eo hobane o ne a tlohetse Jehova Modimo wa baholoholo ba hae.+ 11  Jorame le yena o ile a etsa dibaka tse phahameng+ dithabeng tsa Juda e le ho etsa hore baahi ba Jerusalema ba se ke ba tshepahalla Modimo ka hore ba rapele medimo e meng.* Ka hoo, a kgelosa Bajuda. 12  Qetellong o ile a fumana lengolo le tswang ho moprofeta Elia+ le reng: “Jehova Modimo wa moholoholo wa hao Davida o re, ‘Ha o a ka wa etsisa ntate wa hao Josafate+ kapa Morena Asa+ wa Juda. 13  Empa o etsisitse marena a Iseraele,+ wa etsa hore Bajuda le baahi ba Jerusalema ba se ke ba tshepahalla Modimo ka hore ba rapele medimo e meng*+ jwalo ka ha ba lelapa la Akabe+ ba ne ba etsa ebile o bolaile le bana beno,+ ba lelapa la ntate wa hao ba neng ba le molemo ho o feta. 14  Ka lebaka leo, Jehova o tla otla setjhaba sa hao, bara ba hao, basadi ba hao le dintho tsohle tsa hao. 15  O tla tshwarwa ke malwetse a mangata, ho akarelletsa le bolwetse ba mala, ho fihlela mala a hao a tswela ka ntle ka lebaka la ho kula letsatsi le letsatsi.’” 16  Jehova a etsa hore Bafilista+ le Maarabia+ a neng a le haufi le Baethiopia ba hloye+ Jorame. 17  Ka hoo, ba hlasela Juda mme ba nka dintho tsohle tseo ba ileng ba di fumana ntlong ya morena,*+ ba nka le bara ba hae le basadi ba hae. O ile a sala feela ka mora wa hae e monyenyane e leng Joakaze.*+ 18  Ka mora dintho tsena tsohle Jehova a mo otla ka bolwetse ba mala bo sa foleng.+ 19  Ka mora dilemo tse pedi, mala a hae a tswa ka lebaka la bolwetse ba hae mme a shwa ka mora hore a kule haholo ke bolwetse bona. Batho ba hae ha ba a ka ba mo etsetsa mollo wa ho mo hlompha jwalo ka ha ba ile ba etsetsa baholoholo ba hae.+ 20  E bile morena ha a le dilemo di 32 mme o busitse Jerusalema ka dilemo tse robedi. Ha a shwa ha ho na motho ya ileng a utlwa bohloko. Ba ile ba mo patela Motseng wa Davida+ empa eseng mabitleng a marena.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “a patwa jwalo ka baholoholo ba hae.”
Ka Seheberu: “hore o tla mo fa lebone.”
Kapa: “ba etse botekatse.” Polelo ena ke mokgabopuo. Sheba Tlhaloso.
Kapa: “ba etse botekatse.” Polelo ena ke mokgabopuo. Sheba Tlhaloso.
Kapa: “phaleising.”
O boetse o bitswa Akazia.