Buka ya Bobedi ya Dikronike 22:1-12

  • Akazia, morena wa Juda (1-9)

  • Athalia o busa ka nkane (10-12)

22  Baahi ba Jerusalema ba etsa mora e monyenyane wa Jorame e leng Akazia morena hobane masole a neng a tlile le Maarabia ho tla hlasela ditenteng a ile a bolaya bohle ba baholo.+ Ka hoo, Akazia mora wa Jorame ya eba morena wa Juda.+  Akazia o ne a le dilemo di 22 ha e eba morena mme o busitse Jerusalema selemo se le seng. Mme wa hae e ne e le Athalia+ setloholo* sa Omri.+  Le yena o ile a etsa dintho tse mpe tse tshwanang le tseo lelapa la Akabe+ le neng le di etsa hobane mme wa hae e ne e le yena ya mo eletsang hore a etse bokgopo.  A nna a etsa dintho tse sa thabiseng Jehova jwalo ka ba lelapa la Akabe hobane e ne e le bona ba mo eletsang ka mora lefu la ntate wa hae mme seo se ile sa fella ka hore a bolawe.  O ile a mamela dikeletso tsa bona mme a tsamaya le Jorame mora wa Morena Akabe wa Iseraele ho ya lwantsha Morena Hazaele+ wa Siria Ramothe-gileade+ e leng moo banna ba betsang metsu ba ileng ba lematsa Jorame.  A kgutlela Jezriele+ e le hore a yo oka maqeba ao ba neng ba mo ntshitse ona Rama ha a ne a lwana le Morena Hazaele wa Siria.+ Akazia* mora wa Jorame+ morena wa Juda a ya Jezriele ho ya bona Jorame+ mora wa Akabe hobane ba ne ba mo lemaditse.*+  Modimo a etsa hore Akazia a ikise lefung la hae ka ho ya ho Jorame. Ha a fihla, a tsamaya le Jorame ho ya kopana le Jehu+ setloholo* sa Nimshi, eo Jehova a neng a mo kgethile* hore a fedise ba lelapa la Akabe.+  Ha Jehu a ne a tlilo ahlola ba lelapa la Akabe, a fumana dikgosana tsa Juda le bara ba bana ba bo Akazia bao e neng e le basebeletsi ba Akazia mme a ba bolaya.+  O ile a batlana le Akazia, ba mo fumana moo a neng a ipatile teng Samaria yaba ba mo tlisa ho Jehu. Ka hoo, ba mo bolaya mme ba mo pata+ hobane ba ile ba re: “Ke setloholo sa Josafate ya ileng a batla Jehova ka pelo yohle ya hae.”+ Ho ne ho se na le ya mong wa ba lelapa la Akazia eo e neng e ka ba morena. 10  Ha Athalia+ mme wa Akazia a hlokomela hore mora wa hae o shwele, a bolaya bana bohle ba boreneng* ba leloko la Juda.+ 11  Le ha ho le jwalo, Joshabeathe moradi wa morena a nka* Joase+ mora wa Akazia ho bara ba morena ba neng ba tlo bolawa, a mo beha ka kamoreng le mohlokomedi wa hae. Joshabeathe moradi wa Morena Jorame+ (eo e neng e le mosadi wa moprista Jehojada+ ebile e le ngwanabo Akazia) o ile a mo patela Athalia e le hore a se ke a mo bolaya.+ 12  Joase a dula le bona dilemo tse tsheletseng ba mo patile ntlong ya Modimo wa nnete, ha Athalia a ntse a busa naheng.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “moradi.”
Kapa: “o ne a kula.”
Dibukeng tse ding tsa kgale tsa Seheberu tse ngotsweng ka letsoho, ke “Azaria.”
Ka Seheberu: “mora.”
Kapa: “tlotsitse.”
Ka Seheberu: “peo yohle ya mmuso.”
Ka Seheberu: “utswa.”