Buka ya Bobedi ya Dikronike 23:1-21

  • Jehojada o etsa selekane, Joase o etswa morena (1-11)

  • Athalia o a bolawa (12-15)

  • Jehojada o etsa diphetoho (16-21)

23  Ka selemo sa bosupa Jehojada a ba sebete mme a etsa tumellano* le balaodi ba ba makgolo+ e leng Azaria mora wa Jerohame, Ishmaele mora wa Johanane, Azaria mora wa Obede, Maseia mora wa Adaia le Elishafate mora wa Zikri.  Ba tsamaya metseng yohle ya Juda, ba bokella Balevi+ ho tswa ho yona le dihlooho tsa malapa a Iseraele. Ha ba fihla Jerusalema,  phutheho yohle ya etsa selekane+ le morena ka tlung ya Modimo wa nnete yaba Jehojada o re ho bona: “Mora wa morena o tla busa feela jwalo ka ha Jehova a tshepisitse mabapi le bara ba Davida.+  Le etse tjena: Le arole baprista le Balevi ba sebetsang+ ka letsatsi la Sabatha hore e be dihlopha tse tharo. Sehlopha sa pele e tla ba balebedi ba menyako,+  sa bobedi se tla ba ntlong ya morena*+ mme sa boraro se be Keiting ya Motheo. Batho bohle ba tla ba mabaleng a ntlo ya Jehova.+  Le se ke la dumella motho le ha e le ofe ho kena ka tlung ya Jehova ntle le baprista le Balevi ba sebeletsang.+ Ke bona ba ka kenang hobane ke sehlopha se halalelang mme batho bohle ba tla etsa ho ya ka moo ba itlammeng ka teng ho Jehova.  Balevi ba sireletse morena ka mahlakoreng ohle mme kaofela ba nke dibetsa. Motho ya tla kena ka tlung a bolawe. Le tsamaye le morena hohle moo a yang teng.”*  Balevi le Bajuda bohle ba etsa hantle seo moprista Jehojada a neng a ba laetse sona. Molaodi e mong le e mong a ya ho moprista Jehojada le sehlopha sa hae sa banna ba sebetsang ka Sabatha+ le ba sa sebetseng hobane moprista Jehojada o ne a sa lokolla dihlopha+ mosebetsing wa tsona.  Moprista Jehojada a fa balaodi ba ba makgolo+ marumo, dithebe tse nyenyane* le dithebe tse sedikadikwe tsa Morena Davida,+ tse neng di le ka tlung ya Modimo wa nnete.+ 10  A beha batho bohle moo ba lokelang ho ema teng, e mong le e mong a tshwere sebetsa* sa hae, ho tloha lehlakoreng le letona la ntlo ho ya ka ho le letshehadi haufi le aletare le ntlo, ba potolohile morena. 11  Ba tlisa mora wa morena,+ ba mo rwesa korone mme ba beha Buka ya Molao*+ hloohong ya hae yaba ba mo tlotsa hore e be morena. Ka hoo, Jehojada le bara ba hae ba re: “Morena a ke a phele!”+ 12  Ha Athalia a utlwa batho ba mathang le ba rorisang morena, hanghang a tla ntlong ya Jehova.+ 13  A bona morena a eme pela pilara ya hae e monyako. Dikgosana+ le ba letsang diterompeta ba ne ba le moo le morena mme batho bohle ba ne ba thabile+ ba bile ba letsa diterompeta. Dibini di ne di tshwere diletsa tsa tsona di etelletse mmino pele. Athalia a tabola diaparo tsa hae mme a hweletsa a re: “Borabele! Borabele!” 14  Empa moprista Jehojada a romela balaodi ba ba makgolo e leng baokamedi ba masole a re ho bona: “Mo tloseng hara masole. Ha ho ka ba le motho ya mo latelang le mo bolaye ka sabole.” Moprista Jehojada o ne a itse a se ke a bolaelwa ka hara ntlo ya Jehova. 15  Ba mo tshwara mme ha ba fihla monyako wa Keiti ya Dipere wa ntlo ya morena,* ba mo bolaela moo hanghang. 16  Jehojada a etsa selekane pakeng tsa hae le batho bohle le morena e leng selekane sa hore e tla dula e le batho ba Jehova.+ 17  Ka mora moo, batho bohle ba ya tempeleng* ya Baale, ba e diha,+ ba pshatla dialetare le ditshwantsho tsa hae+ mme ba bolaela Matane moprista wa Baale+ ka pela dialetare. 18  Jehojada a beha baprista le Balevi hore ba okamele ntlo ya Jehova e leng bao Davida a neng a ba behile ka dihlopha hore ba okamele ntlo ya Jehova le ho nyehela mahlabelo a setjheso a Jehova+ ho ya ka se ngotsweng Molaong wa Moshe+ mme ba etse seo ba thabile ebile ba bina jwalo ka ha Davida a laetse. 19  Hape a beha balebedi dikeiting+ tsa ntlo ya Jehova e le hore ho se ke ha eba le motho ya sa hlwekang ka tsela le ha e le efe ya ka kenang. 20  A tsamaya le balaodi ba ba makgolo,+ bahlomphehi, babusi ba setjhaba le setjhaba sohle mme ba felehetsa morena ho tswa ntlong ya Jehova. Ba kena ka keiti e ka hodimo ba ya ntlong ya morena* mme ba mo beha teroneng+ ya mmuso.+ 21  Batho bohle ba thaba mme motse wa eba le kgotso ka ha ba ne ba bolaile Athalia ka sabole.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “selekane.”
Kapa: “phaleising.”
Ka Seheberu: “ha a kena le ha a tswa.”
Hangata di ne di tshwarwa ke batho ba betsang metsu.
Kapa: “lerumo.”
Kapa: “Bopaki.” Ho ka etsahala hore ho buuwa ka moqolo o neng o ena le Molao wa Modimo.
Kapa: “phaleisi.”
Kapa: “ntlong.”
Kapa: “phaleising.”