Buka ya Bobedi ya Dikronike 24:1-27

  • Puso ya Joase (1-3)

  • Joase o tsosolosa tempele (4-14)

  • Bokwenehi ba Joase (15-22)

  • Joase o a bolawa (23-27)

24  Joase o ne a le dilemo di supileng ha e eba morena+ mme a busa Jerusalema ka dilemo tse 40. Mme wa hae e ne e le Zibia ya tswang Beersheba.+  Joase o ne a etsa dintho tse thabisang Jehova ha moprista Jehojada a ntse a phela.+  Jehojada o ile a mo kgethela basadi ba babedi mme a ba le bara le baradi.  Ka mora moo, Joase a utlwa a lakatsa* ho tsosolosa ntlo ya Jehova.+  A bitsa baprista le Balevi a re ho bona: “Eyang metseng ya Juda mme le bokelle tjhelete ho Baiseraele bohle bakeng sa ho lokisa ntlo ya Modimo wa lona+ selemo le selemo. Le potlake.” Empa Balevi ha ba a ka ba potlaka.+  Morena a bitsa molaodi Jehojada a re ho yena:+ “Ke hobaneng ha o sa laela Balevi hore ba tlise lekgetho le halalelang ho tswa Juda le Jerusalema, leo Moshe+ mohlanka wa Jehova a laetseng hore le tliswe e leng lekgetho le halalelang la phutheho ya Iseraele bakeng sa tente ya Bopaki?+  Bara ba Athalia+ mosadi yane ya kgopo, ba thuhile ntlo ya Modimo wa nnete+ ba bile ba sebedisitse dintho tsohle tse halalelang tsa ntlo ya Jehova bakeng sa borapedi ba medimo ya Baale.”  Morena a laela hore ho etswe lebokose+ mme le behwe ka ntle keiting ya ntlo ya Jehova.+  Ka mora moo, ha phatlalatswa hore baahi bohle ba Juda le Jerusalema ba tlisetse Jehova lekgetho le halalelang+ leo Moshe mohlanka wa Modimo wa nnete a neng a laetse Baiseraele hore ba le ntshe lefeelleng. 10  Dikgosana tsohle le batho bohle ba thaba+ mme ba tshela monehelo ka lebokoseng ho fihlela le tletse.* 11  Ha Balevi ba bona hore tjhelete e ngata ka lebokoseng, ba ne ba le tlisa ho morena. Ka mora moo, mongodi wa morena le molaodi wa moprista e moholo ba ne ba ntsha tjhelete yohle ka lebokoseng+ ebe ba le kgutlisetsa sebakeng sa lona. Ba ne ba etsa jwalo letsatsi le letsatsi mme ba ile ba bokella tjhelete e ngata. 12  Morena le Jehojada ba ne ba e fa ba okamelang mosebetsi o etswang ntlong ya Jehova, ba hira batho ba betlang majwe le ditsebi tsa mesebetsi ya matsoho bakeng sa ho tsosolosa ntlo ya Jehova,+ ba hira le ba sebetsang ka tshepe le koporo hore ba lokise ntlo ya Jehova. 13  Baokamedi ba mosebetsi ba ile ba qala mosebetsi wa ho lokisa mme wa nna wa tswela pele. Ba ile ba etsa hore ntlo ya Modimo wa nnete e be jwalo ka pele e be e tiye. 14  Hang ha ba qetile ba tlisa tjhelete e setseng ho morena le ho Jehojada yaba ba e sebedisetsa ho etsa disebediswa tsa ntlo ya Jehova, disebediswa tsa tshebeletso, ho etsa dinyehelo, dikopi le disebediswa tsa kgauta le tsa silevera.+ Ba ne ba nyehela mahlabelo a setjheso+ ntlong ya Jehova ka mehla ha Jehojada a ntse a phela. 15  Jehojada o ile a shwa ha a le dilemo di 130, a tsofetse a bile a kgotsofetse. 16  Ba mo pata le marena Motseng wa Davida+ ka lebaka la dintho tse ntle tseo a neng a di etseditse batho ba Iseraele,+ Modimo wa nnete le ntlo ya Modimo. 17  Ka mora lefu la Jehojada dikgosana tsa Juda tsa tla, tsa inamela morena mme morena a di mamela. 18  Batho ba tlohela ntlo ya Jehova Modimo wa baholoholo ba bona mme ba sebeletsa dipalo tse halalelang* le ditshwantsho tse rapelwang yaba Modimo o halefela baahi ba Juda le Jerusalema ka lebaka la sebe sa bona. 19  Jehova a nna a romela baprofeta ho bona hore ba kgutlele ho yena mme ba nna ba ba lemosa* empa ha ba a ka ba mamela.+ 20  Moya wa Modimo wa tla ho* Zakaria mora wa moprista Jehojada+ yaba o ema hodimo ka pela setjhaba mme a re ho sona: “Modimo wa nnete o re, ‘Ke hobaneng ha le sa mamele ditaelo tsa Jehova? Le ke ke la atleha. Ka ha le tlohetse Jehova le yena o tla le tlohela.’”+ 21  Empa ba mo rerela bolotsana+ yaba ba mo tlepetsa ka majwe lebaleng la ntlo ya Jehova ho ya ka taelo ya morena.+ 22  Morena Joase a lebala dintho tse ntle tseo Jehojada ntate wa Zakaria a neng a mo etseditse tsona mme a bolaya mora wa hae eo ha a shwa a ileng a re: “E se eka Jehova a ka o fa kotlo ka lebaka la sena seo o se entseng.”+ 23  Ha selemo se qala, masole a Siria a hlasela Joase mme a kena Juda le Jerusalema.+ A fedisa dikgosana tsohle+ tsa setjhaba yaba a romela thepa yohle ya tsona e hapuweng ho morena wa Damaseka. 24  Le hoja masole a Siria a neng a hlasela a ne a fokola ka palo, Jehova a etsa hore a hlole masole a mangata a Juda+ hobane batho ba Juda ba ne ba lahlile Jehova Modimo wa baholoholo ba bona. Ka hoo, ba* phethahatsa kahlolo ya Modimo ho Joase. 25  Ha Basiria ba tloha ho yena (ba mo siile a lemetse haholo*), bahlanka ba hae ba mo rerela bolotsana hobane o ne a bolaile bara* ba moprista Jehojada.+ Ba mo bolaela betheng ya hae+ yaba ba mo patela Motseng wa Davida+ empa ha ba a ka ba mo patela mabitleng a marena.+ 26  Ba ileng ba mo rerela bolotsana+ ke bana: Zabade mora wa Shimeathe mosadi wa Moamone le Jozabade mora wa Shimerithe mosadi wa Momoabe. 27  Ditaba tse mabapi le bara ba hae le ditemoso tse ngata tseo a ileng a di fuwa+ le ditaba tse mabapi le ho lokisa* ntlo ya Modimo wa nnete,+ kaofela ha tsona di ngotswe Bukeng ya Marena. Mora wa hae Amazia ya eba morena.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “pelo ya hae ya lakatsa.”
Kapa mohlomong: “ho fihlela kaofela ba fane.”
Kapa: “ba paka kgahlanong le bona.”
Ka Seheberu: “aparela.”
E leng Basiria.
Kapa: “a ena le malwetse a mangata.”
Kapa: “mora.” Ho ka etsahala hore lentswe lena ha le le ka bongateng le bolela bokgabane.
Ka Seheberu: “ho theha.”