Buka ya Bobedi ya Dikronike 25:1-28

  • Amazia, morena wa Juda (1-4)

  • Edomo e a lwantshwa (5-13)

  • Amazia o rapela ditshwantsho (14-16)

  • Ntwa kgahlanong le Morena Joase wa Iseraele (17-24)

  • Amazia o a shwa (25-28)

25  Amazia o ne a le dilemo di 25 ha e eba morena mme a busa Jerusalema ka dilemo tse 29. Mme wa hae e ne e le Joadane wa Jerusalema.+  Amazia o ne a etsa dintho tse thabisang Jehova empa a sa di etse ka pelo yohle.  Ha mmuso wa hae o se o le matla, a bolaya bahlanka ba hae ba bolaileng ntate wa hae.+  Empa ha a ka a bolaya bara ba bona hobane o ne a latela Molao o ngotsweng bukeng ya Moshe, moo Jehova a faneng ka taelo e reng: “Bontate ba se ke ba shwella bara ba bona le bara ba se ke ba shwella bontate ba bona. E mong le e mong a shwelle sebe sa hae.”+  Amazia a bokella Bajuda mme a ba emisa ho ya ka malapa a bontate ba bona, ho ya ka balaodi ba ba dikete le ba ba makgolo bakeng sa Juda yohle le Benjamine.+ A ngodisa ba dilemo di 20 ho ya hodimo+ mme kaofela ha bona e ne e le banna ba matla ba 300 000 ba kwetliseditsweng* ho ya ntweng. Ba ne ba tseba ho sebedisa lerumo le thebe e kgolo.  A boela a hira banna ba Iseraele ba matla ba 100 000 ka silevera ya boima ba dikhilokramo tse 3 420.*  Mohlanka wa Modimo wa nnete a tla ho yena a re: “Morena, o se ke wa tsamaya le masole a Iseraele hobane Jehova ha a yo hara Baiseraele+ kapa hara Baefraime bohle.  Tsamaya o le mong mme o lwane ka sebete ntweng. Modimo wa nnete o na le matla a ho o thusa+ empa a ka boela a etsa hore sera sa hao se o hlole.”  Amazia a re ho mohlanka wa Modimo wa nnete: “Jwale ke tla etsa jwang ka silevera ya boima ba dikhilokramo tse 3 420* eo ke seng ke e file masole a Iseraele?” Mohlanka wa Modimo wa nnete a re ho yena: “Jehova a ka o fa silevera e ngata ho feta eo.”+ 10  Amazia a leleka masole a neng a tlile ho yena a tswa Efraime mme a a kgutlisetsa habo ona. Masole ao a kgutlela habo ona a halefetse Bajuda haholo. 11  Amazia a ba sebete yaba o etella pele masole a hae ho ya Kgohlong ya Letswai.+ A bolaya banna ba 10 000 ba Seire.+ 12  Banna ba Juda ba nka batho ba 10 000 ba ntse ba phela. Ba ba nyollela hodima lefika, ba fihla ba ba dihela fatshe yaba batho bao ba aroha dikoto. 13  Masole ao Amazia a neng a a lelekile hore a se ke a ya ntweng le yena+ a hlasela metse ya Juda, ho tloha Samaria+ ho ya fihla Bethe-horone.+ A bolaya batho ba 3 000 mme a hapa thepa e ngata. 14  Ha Amazia a tswa bolaya Baedomo, a tla le medimo ya banna ba Seire a e etsa medimo ya hae,+ a e kgumamela le ho e etsetsa mahlabelo a kubellang mosi. 15  Jehova a halefela Amazia mme a romela moprofeta hore a re ho yena: “Ke hobaneng ha o rapela medimo e hlolehileng ho lwanela batho ba yona?”+ 16  Ha moprofeta a ntse a bua, morena a re: “Ho tloha neng o le moeletsi wa ka?+ Thola!+ Ho seng jwalo ke tla o bolaya.” Moprofeta a thola empa a re: “Ke a tseba hore Modimo o tlo o bolaya hobane o entse ketso ena, ha o a mamela keletso ya ka.”+ 17  Ka mora hore morena Amazia wa Juda a buisane le baeletsi ba hae, a romela molaetsa ho Joase mora wa Joakaze setloholo sa Jehu morena wa Iseraele a re: “Tloo re tlo lwana.”*+ 18  Morena Joase wa Iseraele a romela molaetsa ho Morena Amazia wa Juda a re: “Ditlamatlama tse meutlwa tsa Lebanone di rometse molaetsa ho sefate sa kedare sa Lebanone tsa re, ‘Ere mora wa ka a nyale moradi wa hao.’ Empa sebata sa naha ya Lebanone sa feta moo sa hatakela ditlamatlama tseo. 19  O a ikgohomosa ebile o batla ho roriswa hobane o bolaile Baedomo.+ O itulele moo ha hao.* Ke hobaneng ha o qala ntwa e tla etsa hore o hlolwe ha mmoho le Juda?” 20  Amazia ha a ka a mamela+ hobane Modimo wa nnete o ne a batla hore ho be jwalo e le hore ba hlolwe ke sera sa bona+ ka ha ba ne ba latetse medimo ya Edomo.+ 21  Morena Joase wa Iseraele a ya ho morena Amazia wa Juda mme ba lwantshana ba le Bethe-shemeshe+ ya Juda. 22  Baiseraele ba hlola Bajuda mme masole a Bajuda a balehela malapeng* a ona. 23  Morena Joase wa Iseraele a hapa morena Amazia wa Juda setloholo sa Joakaze* Bethe-shemeshe. A mo tlisa Jerusalema mme a diha lebota la Jerusalema ho tloha Keiting ya Efraime+ ho ya Keiting e Khoneng.+ E ne e le sebaka se boholo ba dimithara tse ka bang 178.* 24  A nka kgauta le silevera yohle le dintho tsohle tse neng di le ka tlung ya Modimo wa nnete ho* Obede-edomo le matlotlong a ntlo ya morena*+ ha mmoho le batshwaruwa. Ka mora moo a kgutlela Samaria. 25  Amazia+ mora wa Joase morena wa Juda a phela dilemo tse 15 ka mora lefu la Joase+ mora wa Joakaze morena wa Iseraele.+ 26  Histori yohle ya Amazia ho tloha qalong ho fihlela qetellong e ngotswe Bukeng ya Marena a Juda le a Iseraele. 27  Ho tloha ha Amazia a tlohela ho sebeletsa Jehova, ba rera+ ho mo bolaya Jerusalema yaba o balehela Lakishe empa ba romela batho mme ba mo bolaela teng. 28  Ba mo lata ka dipere mme ba mo pata le baholoholo ba hae motseng wa Juda.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “kgethetsweng.”
Ka Seheberu: “ditalenta tse 100.” Talenta e lekana le dikhilokramo tse 34,2. Sheba Ntlha ya B14.
Ka Seheberu: “ditalenta tse 100.”
Kapa: “re kopane.”
Kapa: “phaleising.”
Ka Seheberu: “ditenteng.”
Ka Seheberu: “ditswe tse 400.” Setswe se lekana le disenthimithara tse 44,5. Sheba Ntlha ya B14.
O boetse o bitswa Akazia.
Kapa: “tse neng di hlokomelwa ke.”
Kapa: “phaleisi.”