Buka ya Bobedi ya Dikronike 26:1-23

  • Uzia, morena wa Juda (1-5)

  • Dintwa tseo masole a Uzia a di hlotseng (6-15)

  • Uzia ya ikgohomosang o otlwa ka lepera (16-21)

  • Uzia o a shwa (22, 23)

26  Batho bohle ba Juda ba etsa Uzia+ morena ka mora hore ntate wa hae Amazia a shwe. O ne a le dilemo di 16 ka nako eo.+  A hapa Elothe,+ a e haha botjha mme a e kgutlisetsa ho Bajuda ka mora hore morena* a shwe.*+  Uzia+ o ne a le dilemo di 16 ha e eba morena mme a busa Jerusalema ka dilemo tse 52. Mme wa hae e ne e le Jekolia wa Jerusalema.+  Uzia o ne a etsa dintho tse thabisang Jehova jwalo ka ntate wa hae Amazia.+  A nna a sebeletsa Modimo ha Zakaria ya mo rutileng ho hlompha Modimo wa nnete a ntse a phela. Ha a ntse a sebeletsa Jehova Modimo wa nnete, o ile a mo atlehisa.+  O ile a lwantsha Bafilista+ mme a thuha lerako la Gathe,+ la Jabne+ le la Ashdode.+ Ka mora moo, a haha metse Ashdode hara Bafilista.  Modimo wa nnete a mo thusa ho lwantsha Bafilista le Maarabia+ a neng a dula Gurebaale le ho lwantsha Meunime.  Baamone+ ba patala Uzia lekgetho. O ile a tuma ho ya fihla le naheng ya Egepeta hobane o ne a le matla haholo.  Uzia a boela a haha a ba a tiisa ditora+ Jerusalema Keiting e Khoneng,+ Keiting ya Kgohlo+ le Setshehetsong. 10  Hape a haha ditora+ lefeelleng, a ba a tjheka didiba tse ngata hobane o ne a ena le diphoofolo tse ngata. A etsa se tshwanang Shefela le sebakeng se phahameng.* Ka ha o ne a rata temo, o ne a ena le balemi ba masimo le ba difate tsa morara dithabeng le Karmele. 11  Uzia o ne a ena le masole a hlometseng bakeng sa ntwa. A ne a ya ntweng ka dihlopha. Mongodi Jeiele+ le molaodi Maseia ba neng ba ikarabella ho Hanania kgosana ya morena, ba ne ba ngodisa ebile ba bala masole ao.+ 12  Dihlooho tsa malapa tse neng di okametse masole ana a matla di ne di le 2 600. 13  Masole a hlometseng a neng a ikarabella ho bona e ne e le banna ba loketseng ntwa ba 307 500. Ana e ne e le masole a matla a lwanelang morena ho dira tsa hae.+ 14  Uzia o ne a file masole ohle a hae dithebe, marumo,+ dihelmete, diaparo tsa tshepe,+ diqha le majwe a matjeketjane.+ 15  Hape a re banna ba etsang metjhini Jerusalema ba mo etsetse metjhini ya ntwa. Metjhini ena e ne e behilwe ditoreng+ le dikhoneng tsa marako mme e ne e betsa metsu le majwe a maholo. O ile a tuma haholo mme a ba matla hobane batho ba bangata ba ne ba mo thusa. 16  Ha a se a le matla, a ikgohomosa mme sena sa etsa hore a kene mathateng. Ha a ka a tshepahalla Jehova Modimo wa hae yaba o kena ka tempeleng ya Jehova ho ya tjhesa dibano aletareng.+ 17  Hanghang moprista Azaria le baprista ba bang ba Jehova ba sebete ba 80 ba mo sala morao. 18  Ba re ho Morena Uzia: “Uzia ha o a lokela ho tjhesetsa Jehova dibano.+ Ke baprista feela ba kgethetsweng ho di tjhesa hobane ke ditloholo tsa Arone.+ Tswa ka mona ka sehalalelong hobane ha o a tshepahalla Jehova Modimo ebile a ke ke a o tlotlisa.” 19  Uzia a halefa haholo a ntse a tshwere pitsa ya ho tjhesa dibano.+ Ha a ntse a halefetse baprista, a otlwa ka lepera+ phatleng baprista ba ntse ba mo shebile ka tlung ya Jehova, ka pela aletare ya dibano. 20  Ha Azaria moprista e moholo le baprista ba bang kaofela ba mo bona, ba hlokomela hore o otlilwe ka lepera phatleng. Ba potlaka ho mo ntshetsa ka ntle mme le yena a tswa kapele hobane Jehova o ne a mo otlile. 21  Morena Uzia a tshwarwa ke lepera ho fihlela a shwa. O ne a dula ntlong ya hae a le mong e le molepera+ hobane o ne a se a sa dumellwa ho kena ntlong ya Jehova. Mora wa hae Jothame e ne e le yena ya hlokometseng ntlo ya borena* a bile a ahlola setjhaba.+ 22  Histori yohle ya Uzia ho tloha qalong ho fihlela qetellong, e ngotswe ke moprofeta Esaia+ mora wa Amoze. 23  Uzia a shwa* mme a patelwa tshimong ya marena* hobane ba ile ba re: “Motho enwa ke molepera.” Mora wa hae Jothame+ ya eba morena.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

E leng ntate wa hae Amazia.
Ka Seheberu: “a patwa jwalo ka baholoholo ba hae.”
Kapa: “sehlabeng.”
Kapa: “phaleisi.”
Ka Seheberu: “a patwa jwalo ka baholoholo ba hae.”
Ho bonahala eka tshimo ena e ne e le pela mabitla a marena.