Buka ya Bobedi ya Dikronike 27:1-9

  • Jothame, morena wa Juda (1-9)

27  Jothame+ o ne a le dilemo di 25 ha e eba morena mme a busa Jerusalema ka dilemo tse 16. Lebitso la mme wa hae e ne e le Jerusha moradi wa Tsadoke.+  Jothame o ne a etsa dintho tse thabisang Jehova jwalo ka ntate wa hae Uzia+ empa yena ha a ka a kena ka tempeleng ya Jehova a sa tshwanela.+ Batho ba ne ba ntse ba etsa dintho tse mpe.  O ile a haha keiti e hodimo ya ntlo ya Jehova+ mme a etsa mosebetsi o moholo wa ho haha lebota la Ofele.+  A boela a haha metse+ dithabeng tsa Juda+ le metse e sireleditsweng ka marako+ le ditora+ merung.  A lwantsha morena wa Baamone+ mme a mo hlola. Ka hoo, selemong seo Baamone ba mo fa dikhilokramo tse 34 200* tsa silevera, dilithara tse 2 200 000* tsa koro le tse 2 200 000 tsa harese. Baamone ba ile ba mo patala ka dintho tsena le ka selemo sa bobedi le sa boraro.+  Jothame a ba matla hobane o ne a ikemiseditse ho mamela Jehova Modimo wa hae.  Histori yohle ya Jothame, dintwa tseo a di lwanneng le dintho tseo a di entseng, di ngotswe Bukeng ya Marena a Iseraele le a Juda.+  O ne a le dilemo di 25 ha e eba morena mme a busa Jerusalema ka dilemo tse 16.+  Jothame a shwa* mme a patelwa Motseng wa Davida.+ Mora wa hae Akaze ya eba morena.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “ditalenta tse 100.” Talenta e lekana le dikhilokramo tse 34,2. Sheba Ntlha ya B14.
Ka Seheberu: “dikore tse 10 000.” Kore e lekana le dilithara tse 220. Sheba Ntlha ya B14.
Ka Seheberu: “a patwa jwalo ka baholoholo ba hae.”