Buka ya Bobedi ya Dikronike 28:1-27

  • Akaze, morena wa Juda (1-4)

  • Siria le Iseraele di a hlola (5-8)

  • Odede o lemosa Baiseraele (9-15)

  • Juda e a kokobetswa (16-19)

  • Akaze o rapela ditshwantsho, o a shwa (20-27)

28  Akaze+ o ne a le dilemo di 20 ha e eba morena mme a busa Jerusalema ka dilemo tse 16. O ne a sa tshwane le moholoholo wa hae Davida hobane o ne a etsa dintho tse sa thabiseng Jehova.+  Empa o ile a etsa dintho tse etswang ke marena a Iseraele,+ a ba a etsa ditshwantsho tsa tshepe*+ tsa medimo ya Baale.  Hape a etsa sehlabelo se kubellang mosi Kgohlong ya Mora wa Hinome,* a ba a tjhesa bara ba hae+ e le ha a etsisa mekgwa e nyonyehang ya ditjhaba+ tseo Jehova a di lelekileng ka pela Baiseraele.  O ne a etsa dinyehelo le mahlabelo a kubellang mosi dibakeng tse phahameng,+ maralleng le tlasa difate tse ntle tse tala.+  Jehova Modimo wa hae a etsa hore morena wa Siria a mo hlole+ a be a nke batshwaruwa ba bangata a ba ise Damaseka.+ Morena wa Iseraele le yena o ile a mo hlola, a mo bolaya a ba a bolaya batho ba hae ba bangata.  Peka+ mora wa Remalia o ile a bolaya banna ba Juda ba sebete ba 120 000 ka letsatsi le le leng hobane ba ne ba lahlile Jehova Modimo wa baholoholo ba bona.+  Zikri monna ya matla wa Moefraime a bolaya Maseia mora wa morena, Azrikame ya neng a okametse phaleisi* le Elkana eo e neng e le wa bobedi ka mora morena.  Hape Baiseraele ba hapa bana ba bo bona ba 200 000, e ne e le basadi, bara le baradi. Ba hapa le thepa e ngata yaba ba e isa Samaria.+  Ho ne ho ena le moprofeta wa Jehova moo eo lebitso la hae e leng Odede. A ema ka pela masole a neng a tla Samaria a re ho ona: “Jehova Modimo wa baholoholo ba lona o entse hore le hlole Bajuda hobane a ba halefetse+ empa jwale le ba bolaile ka sehloho hoo a ileng a tseba a le lehodimong. 10  Na le se le batla ho nka banna le basadi ba Juda le Jerusalema le ba etse bahlanka ba lona?+ Le lona le ntse le le molato ka pela Jehova Modimo wa lona. 11  Mmameleng le kgutlise batshwaruwa bao le ba nkileng ho bana ba bo lona hobane Jehova o le halefetse.” 12  Ha ba utlwa a tjho jwalo, balaodi ba bang ba Baefraime e leng Azaria mora wa Johanane, Berekia mora wa Meshilemothe, Jehizekia mora wa Shalume le Amasa mora wa Hadlai, ba halefela masole a tswang ntweng 13  ba re ho ona: “Le se ke la tlisa batshwaruwa bao mona hobane re tla ba molato ka pela Jehova. Ntho eo le batlang ho e etsa e tla eketsa dibe tsa rona re se ntse re le molato tjena ebile Modimo a halefetse Baiseraele.” 14  Masole a hlometseng a isa batshwaruwa le dintho tse hapilweng+ ho dikgosana le ho phutheho yohle. 15  Banna ba kgethilweng ba thusa batshwaruwa, ba fa ba neng ba hlobotse diaparo tse tswang dinthong tse hapilweng, ba ba fa dieta,* dijo, dintho tse nowang le oli bakeng sa ho itlotsa. Ba palamisa ba fokolang ditonki, ba ba isa ho bana ba bo bona Jeriko, motseng wa difate tsa palema. Ka mora moo, ba kgutlela Samaria. 16  Morena Akaze a kopa thuso ho marena a Asiria.+ 17  Baedomo ba hlasela motse wa Juda hape yaba ba hapa batshwaruwa. 18  Bafilista+ le bona ba hlasela metse ya Juda e Shefela+ le Negebe, ba hapa Bethe-shemeshe,+ Ajalone,+ Gederothe, Soko le metse e haufi le yona, Timna+ le metse e haufi le yona le Gimzo le metse e haufi le yona yaba ba dula moo. 19  Jehova a otla Bajuda ka lebaka la Morena Akaze wa Iseraele. O ile a ba tlohela hore ba tswe taolong hoo ba ileng ba fosetsa Jehova haholo. 20  Morena Tilgathe-pilnesere+ wa Asiria a hlasela Akaze yaba o mo tlisetsa mathata+ ho ena le hore a mo thuse. 21  Morena Akaze o ne a nkile dintho tsohle tse ka tlung ya Jehova, tse ka tlung* ya morena+ le ka matlung a dikgosana, a di file morena wa Asiria. Empa hoo ha ho a ka ha mo thusa ka letho. 22  Ha Morena Akaze a le mathateng a fosetsa Jehova le ho feta. 23  A etsetsa medimo ya Damaseka+ e neng e mo hlotse mahlabelo+ a re: “Ka ha medimo ya marena a Siria e a ba thusa, ke tla e etsetsa mahlabelo e le hore le nna e ka nthusa.”+ Empa ketso eo e ile ya etsa hore yena le Baiseraele bohle ba kene mathateng. 24  Akaze a boela a bokella disebediswa tsa ntlo ya Modimo wa nnete, a di pshatla,+ a kwala mamati a ntlo ya Jehova+ yaba o iketsetsa dialetare dikhoneng tsohle tsa Jerusalema. 25  O ile a etsa dibaka tse phahameng metseng yohle ya Juda ho etsetsa medimo e meng mahlabelo a kubellang mosi+ e leng se ileng sa kgopisa Jehova Modimo wa baholoholo ba hae. 26  Histori yohle ya hae e leng dintho tsohle tseo a di entseng ho tloha qalong ho fihlela qetellong, di ngotswe Bukeng ya Marena a Juda le a Iseraele.+ 27  Akaze a shwa* mme a patelwa motseng wa Jerusalema. Ha ba a ka ba mo patela mabitleng a marena a Iseraele.+ Mora wa hae Ezekiase ya eba morena.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “seemahale se entsweng ka ho qhibidihiswa.”
Sheba Tlhaloso, “Gehena.”
Ka Seheberu: “ntlo.”
Ka Seheberu: “meqathatso.”
Kapa: “phaleising.”
Ka Seheberu: “a patwa jwalo ka baholoholo ba hae.”