Buka ya Bobedi ya Dikronike 30:1-27

  • Ezekiase o keteka Paseka (1-27)

30  Ezekiase a romela molaetsa ho Baiseraele+ le Bajuda bohle, a ba a ngolla leloko la Efraime le la Manase+ mangolo hore le tle ntlong ya Jehova Jerusalema ho tla tshwarela Jehova Modimo wa Iseraele Paseka.+  Empa morena, dikgosana tsa hae le phutheho yohle e Jerusalema ba kgetha ho keteka Paseka ka kgwedi ya bobedi.+  Ha ba a ka ba e keteka ka nako ya teng+ hobane ho ne ho ena le baprista ba seng bakae feela ba itlhwekisitseng+ le batho ba ne ba eso tle Jerusalema.  Morena le phutheho yohle ba ile ba thabela taba ena.  Ba bolella baahi bohle ba Iseraele ho tloha Beersheba ho ya fihla Dane+ hore ba tle ba tlo tshwarela Jehova Modimo wa Iseraele Paseka Jerusalema hobane ba ne ba eso e keteke ha mmoho ho ya ka se ngotsweng Molaong.+  Batho ba tsamaisang melaetsa* ba isa mangolo a tswang ho morena le dikgosana tsa hae naheng yohle ya Iseraele le Juda jwalo ka ha morena a ne a laetse a re: “Baiseraele, kgutlelang ho Jehova Modimo wa Abrahama, Isaka le Iseraele e le hore a ka kgutlela ho ba setseng, ba phonyohileng marena a Asiria.+  Le se ke la etsisa baholoholo ba lona le bana ba bo lona ba sa kang ba tshepahalla Jehova Modimo wa baholoholo ba bona. O ile a etsa hore ha batho ba ba bona ba tshohe jwalo ka ha le lona le bona.+  Le se ke la ba manganga jwalo ka baholoholo ba lona.+ Mamelang Jehova, le tle ntlong ya hae+ eo a e halaleditseng ka ho sa feleng, le sebeletse Jehova Modimo wa lona hore a kgaotse ho le halefela.+  Ha le ka kgutlela ho Jehova, batho ba tshwereng bana ba bo lona le bana ba lona ba tla ba hauhela,+ ba ba dumelle ho kgutlela naheng ena+ hobane Jehova Modimo wa lona o na le kutlwelobohloko* ebile o mohau.+ A ke ke a le furalla haeba le kgutlela ho yena.”+ 10  Batho ba tsamaisang melaetsa* ba ya metseng yohle e naheng ya Efraime le Manase,+ ba fihla le naheng ya Zabulone. Empa batho ba ne ba ba tsheha le ho ba soma.+ 11  Le ha ho le jwalo, batho ba bang ba leloko la Ashere, la Manase le la Zabulone ba ikokobetsa yaba ba tla Jerusalema.+ 12  Modimo wa nnete le yena a thusa Bajuda hore ba momahane, ba etse seo morena le dikgosana ba ba boleletseng sona ho ya ka taelo ya Jehova. 13  Batho ba ne ba tlile Jerusalema ka bongata ho tla keteka Mokete wa Mahobe a se Nang Tomoso+ ka kgwedi ya bobedi.+ 14  Ba ile ba tlosa dialetare tse Jerusalema,+ ba tlosa le dialetare tsohle tsa dibano+ ba di lahlela Kgohlong ya Kidrone. 15  Ba hlaba sehlabelo sa Paseka ka letsatsi la bo14 la kgwedi ya bobedi. Baprista le Balevi ba hlajwa ke dihlong. Ka hoo, ba itlhwekisa yaba ba tlisa dinyehelo tsa setjheso ntlong ya Jehova. 16  Ba etsa mesebetsi eo ba neng ba tlwaetse ho e etsa ho ya ka Molao wa Moshe mohlanka wa Modimo wa nnete. Baprista ba fafatsa madi+ ao ba neng ba a filwe ke Balevi. 17  Ho ne ho ena le batho ba bangata ba sa itlhwekisang. Ka hoo, Balevi ke bona ba neng ba hlabela bohle ba neng ba sa hlweka mahlabelo a Paseka+ e le hore ba hlweke ka pela Jehova. 18  Batho ba bangata ba ne ba sa itlhwekisa, haholoholo ba tswang lelokong la Efraime, la Manase,+ la Isakare le la Zabulone. Ho ntse ho le jwalo, ba ile ba ja Paseka, ba tlola Molao. Ezekiase a ba rapella a re: “E se eka Jehova Modimo ya molemo+ a ka tshwarela 19  batho bohle ba ikemiseditseng ho sebeletsa Modimo wa nnete+ Jehova, Modimo wa baholoholo ba bona le hoja ba sa hlwekiswa ho ya ka melao ya kgalalelo.”+ 20  Jehova a mamela Ezekiase mme a ba tshwarela.* 21  Baiseraele ba neng ba le Jerusalema ba keteka Mokete wa Mahobe a se Nang Tomoso+ ka matsatsi a supileng ba thabile.+ Balevi le baprista ba ne ba rorisa Jehova letsatsi le letsatsi, ba binela Jehova ba letsetsa diletsa tsa mmino hodimo.+ 22  Ezekiase a bua le Balevi bohle ba sebeletsang Jehova hantle, a ba kgothatsa. Ba qeta matsatsi a supileng ba ntse ba ja moketeng,+ ba etsa mahlabelo a kopanetsweng+ ba bile ba leboha Jehova Modimo wa baholoholo ba bona. 23  Phutheho yohle ya etsa qeto ya ho keteka Paseka ka matsatsi a mang a supileng yaba e e keteka ka matsatsi a mang a supileng e thabile.+ 24  Morena Ezekiase wa Juda a fa phutheho dipoho tse 1 000 le dinku tse 7 000 mme dikgosana tsa fa phutheho dipoho tse 1 000 le dinku tse 10 000.+ Baprista ba bangata ba itlhwekisa.+ 25  Batho bohle ba Juda, baprista, Balevi, batho bohle ba tswang Iseraele+ le baditjhaba+ ba tswang naheng ya Iseraele le ba dulang Juda ba nna ba thaba. 26  Batho ba ne ba thabile haholo Jerusalema hobane ho tloha mehleng ya Solomone mora wa Davida morena wa Iseraele, ho ne ho eso ka ho eba le ntho e tjena Jerusalema.+ 27  Qetellong baprista ba Balevi ba hlohonolofatsa setjhaba.+ Modimo a utlwa thapelo ya bona a le lehodimong, sebakeng sa hae se halalelang.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “Dimathi.”
Kapa: “mosa.”
Ka Seheberu: “Dimathi.”
Ka Seheberu: “fodisa.”