Buka ya Bobedi ya Dikronike 31:1-21

  • Ezekiase o fedisa bokwenehi (1)

  • Baprista le Balevi ba a tshehetswa (2-21)

31  Ka mora hore ba qete dintho tsena tsohle, Baiseraele bohle ba neng ba le teng ba ya metseng ya Juda, ba fihla ba thuha dipilara tse halalelang,+ ba rema dipalo tse halalelang*+ mme ba senya dibaka tse phahameng+ le dialetare+ naheng yohle ya Juda le ya Benjamine le ya Efraime le Manase+ ho fihlela ba di sentse kaofela. Ka mora moo, Baiseraele bohle ba kgutlela metseng ya bona, e mong le e mong a ya ha hae.  Ezekiase a beha baprista le Balevi ka dihlopha tsa bona+ hore ba kgone ho etsa mosebetsi wa bona.+ Ba ne ba nyehela mahlabelo a setjheso le mahlabelo a kopanetsweng, ba sebeletsa ba bile ba leboha le ho rorisa Modimo ba le ka hara lebala la Jehova le nang le dikeiti.+  Morena a fana ka dintho tse ding tsa hae bakeng sa dinyehelo tsa setjheso+ ho akarelletsa le tsa hoseng le tsa mantsiboya+ ha mmoho le dinyehelo tsa setjheso tsa Sabatha,+ tsa ha kgwedi e qala+ le tsa mekete,+ ho ya ka se ngotsweng Molaong wa Jehova.  Hape a laela baahi ba Jerusalema hore ba fane ka karolo e lokelang ho fuwa baprista le Balevi+ e le hore ba latele molao wa Jehova ka botlalo.  Ha Baiseraele ba utlwa taelo eo, ba fana ka dihlahiswa tsa pele tse ngata e leng koro,* veine e ntjha, oli,+ mahe a dinotshi le dihlahiswa tsohle tsa masimong.+ Ba tlisa karolo ya leshome ya dintho tsohle ka bongata.+  Batho ba Iseraele le ba Juda ba dulang metseng ya Juda le bona ba tlisa karolo ya leshome ya dikgomo le dinku le karolo ya leshome ya dintho tse halalelang+ tse neng di kgethetswe* Jehova Modimo wa bona. Ba di tlisa mme ba di beha e le diqubu tse ngata.  Ba bokella menehelo ka kgwedi ya boraro+ ho fihlela e etsa diqubu mme ba qeta ka kgwedi ya bosupa.+  Ha Ezekiase le dikgosana ba bona diqubu tseo, ba rorisa Jehova le ho hlohonolofatsa setjhaba sa hae sa Iseraele.  Ezekiase a botsa baprista le Balevi ka diqubu tseo. 10  Azaria moprista e moholo wa lelapa la Tsadoke a re ho yena: “Ho tloha ha batho ba ne ba tlisa menehelo ka tlung ya Jehova,+ ba ntse ba ja ho fihlela ba kgotshe mme ho ntse ho setse dintho tse ngata hobane Jehova o hlohonolofaditse setjhaba sa hae.”+ 11  Ka lebaka leo, Ezekiase a laela hore ba lokise dikamore tsa ho boloka thepa*+ ntlong ya Jehova yaba ba a di lokisa. 12  Ba nna ba tlisa menehelo ka botshepehi e leng dikarolo tsa leshome+ le dintho tse halalelang. Konania wa Molevi o ne a behilwe hore a hlokomele dintho tsena tsohle, Shimei ngwanabo e le wa bobedi. 13  Jehiele, Azazia, Nahathe, Asahele, Jerimothe, Jozabade, Eliele, Ismakia, Mahathe le Benaia e ne e le balaodi ba neng ba thusa Konania le Shimei ngwanabo ho ya ka taelo ya Morena Ezekiase. Azaria e ne e le mookamedi wa ntlo ya Modimo wa nnete. 14  Kore mora wa Imna, Molevi eo e neng e le molebedi wa keiti e ka botjhabela,+ o ne a ikarabella ka dinyehelo tsa boithaopo+ tsa Modimo wa nnete, a fana ka monehelo o etsetswang Jehova+ le ka dintho tse halalelang ka ho fetisisa.+ 15  Metseng ya baprista,+ banna ba tshepahalang ba neng ba ikarabella ho yena e ne e le Edene, Miniamine, Jeshua, Shemaia, Amaria le Shekania. Ba ne ba arolela bana ba bo bona dintho ka ho lekana dihlopheng tsa bona,+ ba baholo le ba banyenyane. 16  Hape ba arolela ba batona dintho tsena ho tloha ka ba dilemo di tharo ho ya hodimo, ba neng ba ngodisitswe ho ya ka meloko ya bona e leng banna ba neng ba tla ntlong ya Jehova letsatsi le letsatsi ho tla sebeletsa teng ka dihlopha tsa bona. 17  Baprista ba ne ba ngodisitswe ka meloko ya bona ho ya ka malapa a bontate ba bona+ le Balevi ba dilemo di 20 ho ya hodimo. Ba ne ba ngodisitswe jwalo+ ho ya ka mesebetsi ya bona dihlopheng tsa bona.+ 18  Ho ne ho ngodisitswe le bana ba bona, basadi ba bona le bohle ba malapa a bona hobane Balevi ba ne ba itlhwekisitse ka lebaka la mosebetsi o halalelang oo ba neng ba o etsa ka botshepehi. 19  Ho ne ho ngodisitswe le ditloholo tsa Arone e leng baprista ba neng ba dula dibakeng tse haufi le metse ya bona.+ Metseng eo yohle ho ne ho ena le banna ba kgethilweng ba neng ba abela baprista bohle ba batona dintho, ba di abela le bohle ba ngodisitsweng ka meloko ya Balevi. 20  Ezekiase o ile a etsa sena naheng yohle ya Juda. O ne a etsa dintho tse ntle le tse lokileng a bile a tshepahalla Jehova Modimo wa hae. 21  Dintho tsohle tseo a neng a di etsa ha a sebeletsa Modimo wa hae, ebang di amana le mesebetsi e etswang ntlong ya Modimo wa nnete+ kapa di amana le Molao le ditaelo, o ne a di etsa ka pelo yohle mme o ile a atleha.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “halaleditswe bakeng sa.”
Kapa: “dikamore tsa ho jela.”