Buka ya Bobedi ya Dikronike 32:1-33

  • Sankeribe o batla ho hlasela Jerusalema (1-8)

  • Sankeribe o rohaka Jehova (9-19)

  • Lengeloi le bolaya masole a Asiria (20-23)

  • Ezekiase o a kula ebile o a ikgohomosa (24-26)

  • Dintho tseo Ezekiase a di entseng le lefu la hae (27-33)

32  Ka mora dintho tsena tseo Ezekiase a ileng a di etsa ka botshepehi,+ Morena Sankeribe wa Asiria a hlasela Juda. A dikadiketsa metse e sireleditsweng ka marako hobane o ne a batla ho thuha marako a yona le ho e hapa.+  Ha Ezekiase a bona hore Sankeribe o tlile ho tla lwantsha Jerusalema,  a etsa qeto ya ho thiba metsi a didiba tse ka ntle ho motse+ ka mora hore a buisane le dikgosana tsa hae le banna ba hae ba matla mme ba ile ba mo tshehetsa.  Batho ba bangata ba bokana, ba thiba metsi a didiba tsohle le a nokana e neng e phalla hara naha ba re: “Ha re batle hore marena a Asiria a tle a fumane metsi a mangata.”  Ezekiase a boela a sebetsa ka thata ho tsosolosa lerako lohle le neng le wele, a haha le ditora hodima lona yaba o haha lerako le leng ka ntle. Hape a lokisa Qubu*+ ya Motse wa Davida a ba a etsa dibetsa* tse ngata le dithebe.  A beha balaodi ba sesole hore ba okamele setjhaba, a ba bitsetsa sebakeng se bulehileng keiting ya motse yaba o a ba kgothatsa o re:  “Le be sebete mme le be matla. Le se ke la tshoswa kapa la thothometswa ke morena wa Asiria+ le bongata bo nang le yena hobane ba nang le rona ba bangata ho feta ba nang le yena.+  O tshepile matla a batho* empa rona re na le Jehova Modimo wa rona ya tla re thusa le ho re lwanela.”+ Batho ba eba sebete ha ba utlwa mantswe a Morena Ezekiase wa Juda.+  Ka mora moo, ha Morena Sankeribe wa Asiria a ntse a le Lakishe+ le banna bohle ba hae ba matla,* a romela bahlanka ba hae Jerusalema ho Morena Ezekiase wa Juda le ho Bajuda bohle ba Jerusalema+ a re: 10  “Morena Sankeribe wa Asiria o re, ‘Le tshepileng ha e le moo le ntse le dutse Jerusalema le hoja re e dikadikeditse?+ 11  Ezekiase o a le thetsa ebile o etsa hore le tle le bolawe ke tlala le lenyora ha a re ho lona: “Jehova Modimo wa rona o tla re pholosa ho Morena wa Asiria.”+ 12  Na Ezekiase ha se yena ya ileng a tlosa dibaka tse phahameng tsa Modimo+ wa lona le dialetare tsa Hae+ mme a re ho baahi ba Juda le Jerusalema: “Inamelang aletare e le nngwe mme le etsetse mahlabelo a kubellang mosi ho yona”?+ 13  Na ha le tsebe hore na nna le baholoholo ba ka re entseng ho ditjhaba tsohle tsa dinaha tse ding?+ Na medimo ya ditjhaba tseo e ile ya kgona ho pholosa dinaha tsa tsona ho nna?+ 14  Ke modimo ofe hara medimo yohle ya ditjhaba tsee tseo baholoholo ba ka ba ileng ba di fedisa, ya ileng a kgona ho pholosa batho ba hae ho nna? Jwale na le nahana hore Modimo wa lona a ka le pholosa ho nna?+ 15  Le se ke la dumella hore Ezekiase a le thetse a be a le kgelose tjena.+ Le se ke la mo tshepa hobane ha ho na modimo wa setjhaba kapa wa mmuso le ha e le ofe ya ileng a kgona ho pholosa batho ba hae ho nna le ho baholoholo ba ka. Modimo wa lona le yena a ke ke a kgona ho le pholosa ho nna.’”+ 16  Bahlanka ba Sankeribe ba nna ba bua hampe ka Jehova Modimo wa nnete le ka mohlanka wa hae Ezekiase. 17  A boela a ngola mangolo+ a rohakang Jehova Modimo wa Iseraele+ le ho bua hampe ka yena a re: “Jwalo ka ha medimo ya ditjhaba tsa dinaha tse ding e sa ka ya kgona ho pholosa batho ba yona ho nna+ le Modimo wa Ezekiase a ke ke a pholosa batho ba hae ho nna.” 18  Ba nna ba hweletsa batho ba Jerusalema ba neng ba le hodima lerako ka puo ya Bajuda, ho ba tshosa e le hore ba ka hapa motse.+ 19  Ba bua hampe ka Modimo wa Jerusalema ka tsela eo ba neng ba bua hampe ka medimo ya ditjhaba tse ding, e neng e entswe ke batho. 20  Empa Morena Ezekiase le moprofeta Esaia+ mora wa Amoze, ba nna ba rapela le ho llela ho Modimo ya lehodimong ho kopa thuso.+ 21  Jehova a romela lengeloi mme la bolaya banna bohle ba matla,+ baetapele le baokamedi ba ditente tsa morena wa Asiria. Ka hoo, morena wa Asiria a kgutlela naheng ya hae a swabile. Ha morao a ya ntlong* ya modimo wa hae moo bara ba hae ba bang ba ileng ba mo bolaela teng ka sabole.+ 22  Jehova a pholosa Ezekiase le baahi ba Jerusalema ho Morena Sankeribe wa Asiria le ho batho ba bang bohle, a ba phomotsa ho dira tsohle tsa bona. 23  Batho ba bangata ba tlisetsa Jehova dimpho Jerusalema. Hape ba tlisetsa Morena Ezekiase wa Juda dintho tse ntle.+ Ditjhaba tsohle tsa mo hlompha haholo ka mora moo. 24  Mehleng eo Ezekiase a kulela lefu yaba o rapela Jehova.+ O ile a araba Ezekiase mme a mo fa pontsho.+ 25  Empa Ezekiase ha a ka a ananela dintho tse ntle tseo a di etseditsweng. O ile a ikgohomosa hoo Modimo a ileng a halefela yena le baahi ba Juda le Jerusalema. 26  Le ha ho le jwalo, Ezekiase a ikokobetsa mme a tlohela ho ikgohomosa,+ le baahi ba Jerusalema ba ikokobetsa. Ka lebaka leo, Jehova a se ke a ba halefela mehleng ya Ezekiase.+ 27  Ezekiase a ba le maruo a mangata le kganya.+ A iketsetsa ditoro*+ bakeng sa silevera, kgauta, majwe a bohlokwa, oli ya balsame, dithebe le dintho tsohle tsa bohlokwa. 28  A etsa le ditoro* bakeng sa koro, veine e ntjha le oli. A boela a etsa ditala bakeng sa diphoofolo tsa mefuta yohle le bakeng sa dinku le dipodi. 29  Hape a ba le metse e meng le diphoofolo tse ngata, dikgomo, dinku le dipodi hobane Modimo o ne a mo file dintho tse ngata. 30  Ezekiase ke yena ya ileng a thiba mohlodi o ka hodimo wa metsi+ a Gihone,+ a a theolela tlase ka bophirimela Motseng wa Davida.+ Ezekiase o ne a atleha mesebetsing yohle ya hae. 31  Le ha ho le jwalo, ha babuelli ba dikgosana tsa Babilona ba romelwa ho yena ho tla mo botsa ka pontsho+ e ileng ya eba teng naheng ya hae,+ Modimo wa nnete o ile a mo tlohela hore a mo leke+ e le hore a bone sohle se ka pelong ya hae.+ 32  Histori yohle ya Ezekiase le dintho tseo a di entseng hobane a le lerato,*+ di ngotswe tlalehong ya dipono tsa moprofeta Esaia,+ mora wa Amoze, Bukeng ya Marena a Juda le a Iseraele.+ 33  Ezekiase a shwa* yaba ba mo patela moepeng o yang mabitleng a bara ba Davida.+ Bajuda bohle le baahi ba Jerusalema ba mo hlompha lefung la hae. Mora wa hae Manase ya eba morena.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “Milo.” Lentswe la Seheberu le bolelang “ho tlatsa.”
Kapa: “metsu.”
Ka Seheberu: “letsoho la nama.”
Kapa: “masole a hae a mangata.”
Kapa: “tempeleng.”
Kapa: “matlo a polokelo.”
Kapa: “matlo a polokelo.”
Kapa: “a ena le lerato le tshepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “a patwa jwalo ka baholoholo ba hae.”