Buka ya Bobedi ya Dikronike 33:1-25

  • Manase, morena wa Juda (1-9)

  • Manase o tlohela dintho tse mpe tseo a neng a di etsa (10-17)

  • Manase o a shwa (18-20)

  • Amone, morena wa Juda (21-25)

33  Manase+ o ne a le dilemo di 12 ha e eba morena mme a busa Jerusalema ka dilemo tse 55.+  O ile a etsa dintho tse sa thabiseng Jehova ka hore a etse dintho tse nyonyehang tse neng di etswa ke ditjhaba tseo Jehova a neng a di lelekile ha Baiseraele ba hapa naha.+  A haha botjha dibaka tse phahameng tseo ntate wa hae Ezekiase a neng a di sentse,+ a etsetsa Baale dialetare hape a etsa le dipalo tse halalelang.* A inamela makgotla ohle a lehodimo le ho a sebeletsa.+  Manase a boela a haha dialetare ka tlung ya Jehova,+ eo Jehova a ileng a re ka yona: “Lebitso la ka le tla ba Jerusalema ka ho sa feleng.”+  A hahela makgotla ohle a lehodimo dialetare ka hara mabala a mabedi a ntlo ya Jehova.+  A tjhesa* bara ba hae+ Kgohlong ya Mora wa Hinome,+ a sebedisa boselamose,+ bonohe, boloi mme a batla thuso ho batho ba reng ba buisana le badimo le ho batho ba reng ba bolela diketsahalo esale pele.*+ O ile a etsa dintho tse mpe ka ho fetisisa mme a utlwisa Jehova bohloko.  O ile a beha setshwantsho se betlilweng seo a neng a se entse ka tlung ya Modimo wa nnete+ eo ka yona Modimo a ileng a re ho Davida le ho mora wa hae Solomone: “Ke tla beha lebitso la ka ka ho sa feleng ka tlung ena le Jerusalema eo ke e kgethileng malokong ohle a Iseraele.+  Haeba Baiseraele ba mamela Molao wohle, ditaelo tsohle tsa ka le ho etsa dintho tsohle tseo ke itseng ba di etse ke sebedisa Moshe, nke ke ka ba tlosa hape naheng eo ke e fileng baholoholo ba bona.”  Manase o ne a kgelosa Bajuda le baahi ba Jerusalema, a etsa hore ba etse dintho tse mpe ho feta tse neng di etswa ke ditjhaba tseo Jehova a neng a di fedisitse ha Baiseraele ba hapa naha.+ 10  Jehova a nna a bua le Manase le batho ba hae empa ha ba a ka ba mo mamela.+ 11  Jehova a etsa hore ba hlaselwe ke balaodi ba masole a morena wa Asiria. Ba tshwara Manase yaba ba mo haka ka dihakisi,* ba mo tlama ka diketane tse pedi tsa koporo, ba mo isa Babilona. 12  Ha a le tsietsing, a kopa Jehova Modimo wa hae hore a mo hauhele* mme a ikokobetsa haholo ka pela Modimo wa baholoholo ba hae. 13  A nna a mo rapela mme Modimo a haulwa ke kopo ya hae yaba o a mo mamela. A mo kgutlisetsa Jerusalema hore e be morena hape.+ Manase a tseba hore Jehova ke Modimo wa nnete.+ 14  Ka mora moo, a haha lerako le ka ntle bakeng sa Motse wa Davida+ ka bophirimela ho Gihone+ kgohlong* ho fihla Keiting ya Ditlhapi.+ A etsa hore le potolohe Ofele+ le be le phahame haholo. Hape a beha balaodi ba masole metseng yohle ya Juda e sireleditsweng ka marako. 15  A tlosa medimo ya ditjhaba le ditshwantsho tse rapelwang ntlong ya Jehova.+ A tlosa le dialetare tsohle tseo a di hahileng thabeng ya ntlo ya Jehova+ le Jerusalema, a re di lahlelwe ka ntle ho motse. 16  Hape a lokisa aletare ya Jehova+ mme a nyehela mahlabelo a kopanetsweng+ ho yona le mahlabelo a diteboho.+ A bolella Bajuda hore ba sebeletse Jehova Modimo wa Iseraele. 17  Le ha ho le jwalo, batho ba ne ba ntse ba etsa mahlabelo dibakeng tse phahameng le hoja ba ne ba a etsetsa Jehova Modimo wa bona feela. 18  Histori yohle ya Manase, thapelo eo a ileng a e etsa ho Modimo wa hae le mantswe a baprofeta* ba ileng ba bua le yena ka lebitso la Jehova Modimo wa Iseraele, di ngotswe historing ya marena a Iseraele. 19  Hape thapelo ya hae+ le ka moo Modimo a ileng a araba kopo ya hae ka teng, dibe tsohle tsa hae le diketso tsa hae tsa ho se tshepahale,+ moo a neng a hahile dibaka tse phahameng teng le moo a neng a hlomme dipalo tse halalelang*+ le ditshwantsho tse rapelwang pele a ikokobetsa, di ngotswe mantsweng a batho ba hae ba bonang dipono. 20  Manase a shwa* mme a patelwa ntlong ya hae. Mora wa hae Amone ya eba morena.+ 21  Amone+ o ne a le dilemo di 22 ha e eba morena mme a busa Jerusalema ka dilemo tse pedi.+ 22  O ile a nna a etsa dintho tse sa thabiseng Jehova jwalo ka ntate wa hae Manase.+ Amone a etsetsa ditshwantsho tsohle tse rapelwang mahlabelo tseo ntate wa hae Manase a neng a di entse+ mme a di sebeletsa. 23  Empa ha a ka a ikokobeletsa Jehova+ jwalo ka ha ntate wa hae Manase a ile a ikokobetsa.+ Ho ena le hoo, a etsa dintho tse mpe haholo. 24  Bahlanka ba hae ba mo rerela bolotsana+ mme ba mo bolaela ka tlung ya hae. 25  Empa baahi ba naha ba bolaya batho bohle ba ileng ba rerela Morena Amone bolotsana.+ Ba etsa mora wa hae Josiase+ morena.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “mathuela.”
Ka Seheberu: “fetisa mollong.”
Kapa mohlomong: “dikoting.”
Kapa: “a nolofatsa sefahleho sa Jehova Modimo wa hae.”
Kapa: “ba bonang dipono.”
Ka Seheberu: “a patwa jwalo ka baholoholo ba hae.”