Buka ya Bobedi ya Dikronike 35:1-27

  • Josiase o lokisetsa hore ho be le mokete o moholo wa Paseka (1-19)

  • Josiase o bolawa ke Faro Neko (20-27)

35  Josiase a etsetsa Jehova Paseka+ Jerusalema mme ha hlajwa diphoofolo tsa Paseka+ ka letsatsi la bo14 la kgwedi ya pele.+  A abela baprista mesebetsi, a ba kgothalletsa ho etsa tshebeletso ya bona ya ntlo ya Jehova.+  A re ho Balevi ba neng ba ruta Baiseraele bohle+ ba bile ba halalela ho Jehova: “Kenyang Areka e halalelang ka tlung e hahilweng ke Solomone mora wa Davida morena wa Iseraele.+ Ha ho sa hlokahala hore le e jare mahetleng.+ Sebeletsang Jehova Modimo wa lona le setjhaba sa hae sa Iseraele.  Le itokise ka malapa a bo ntate ba lona ho ya ka dihlopha tsa lona, ho latela se ngotsweng ke Morena Davida+ wa Iseraele le mora wa hae Solomone.+  Le eme sebakeng se halalelang ho ya ka dihlopha tsa lona e le hore lelapa le leng le le leng le be le sehlopha sa lelapa la Balevi se tla ba sebeletsa.  Le hlabe diphoofolo tsa sehlabelo sa Paseka,+ le itlhwekise mme le lokisetse hore bana ba bo lona ba phethe ditaelo tseo Jehova a di fileng Moshe.”  Josiase a fana ka diphoofolo tsa mahlabelo a Paseka bakeng sa batho bohle ba neng ba le teng. E ne e le dikonyana tse tona le dipotsanyane tse tona, kaofela di le 30 000 le dikgomo tse 3 000. Dintho tsena di ne di tswa ho morena.+  Dikgosana tsa hae le tsona tsa ntshetsa setjhaba, baprista le Balevi monehelo e le nyehelo ya boithaopo. Hilkia,+ Zakaria le Jehiele, baetapele ba ntlo ya Modimo wa nnete, ba fa baprista mahlabelo a Paseka a diphoofolo tse 2 600 le dikgomo tse 300.  Konania le bana babo e leng Shemaia, Nethaniele, Hashabia, Jeiele le Jozabade balaodi ba Balevi, ba fa Balevi diphoofolo tse 5 000 bakeng sa mahlabelo a Paseka le dikgomo tse 500. 10  Dintho tsohle tsa tshebeletso di ne di lokisitswe, baprista ba eme dibakeng tsa bona le Balevi ba eme ka dihlopha tsa bona+ ho ya ka taelo ya morena. 11  Ba hlaba diphoofolo tsa mahlabelo a Paseka+ mme baprista ba fafatsa madi a tsona ao ba a filweng ke Balevi,+ ha Balevi ba ntse ba buwa diphoofolo.+ 12  Ka mora moo, ba lokisa dinyehelo tsa setjheso hore ba di fe batho ba bang kaofela ba neng ba le dihlopheng tsa malapa a bontate ba bona e le hore di hlahiswe ho Jehova jwalo ka ha ho ngotswe bukeng ya Moshe. Ba etsa se tshwanang le ka dikgomo. 13  Ba pheha* nyehelo ya Paseka mollong ho ya ka tlwaelo.+ Dinyehelo tse halalelang ba di phehela ka hara dipitsa le ka dipitseng tse kgolo le ka dipaneng. Ka mora moo, ba di tlisa ho batho ba bang bohle ka potlako. 14  Ba itokisetsa dijo mme ba di lokisetsa le baprista hobane baprista ditloholo tsa Arone, ba ne ba nyehela mahlabelo a setjheso le dikarolo tse mafura ho fihlela bosiu. Ka hoo, Balevi ba itokisetsa dijo, ba di lokisetsa le baprista, ditloholo tsa Arone. 15  Dibini e leng bara ba Asafe,+ di ne di le mosebetsing wa tsona ho ya ka taelo ya Davida,+ Asafe,+ Hemane le Jeduthune+ ya neng a bona dipono bakeng sa morena. Balebedi ba dikeiti ba ne ba le dikeiting tse fapaneng.+ Ho ne ho sa hlokahale hore ba tlohele mosebetsi wa bona hobane bana ba bo bona ba Balevi ba ne ba ba lokiseditse dijo. 16  Mosebetsi wohle wa Jehova o ne o lokisitswe letsatsing leo bakeng sa ho tshwara Paseka+ le ho nyehela mahlabelo a setjheso aletareng ya Jehova, ho ya ka taelo ya Morena Josiase.+ 17  Baiseraele ba neng ba le moo ba tshwara Paseka ka nako eo le Mokete wa Mahobe a se Nang Tomoso ka matsatsi a supileng.+ 18  Ho ne ho eso tshwarwe Paseka e tshwanang le eo Iseraele ho tloha mehleng ya moprofeta Samuele ebile ho ne ho se na morena le ha e le ofe wa Iseraele ya kileng a tshwara Paseka e tshwanang le e ileng ya etswa ke Josiase,+ baprista, Balevi, Bajuda bohle, Baiseraele ba neng ba le teng le baahi ba Jerusalema. 19  Paseka ena e ile ya tshwarwa ha Josiase a ena le dilemo tse 18 a busa. 20  Ka mora dintho tsena tsohle, ha Josiase a se a lokisitse tempele,* Morena Neko+ wa Egepeta a tla ho tla lwantsha Karkemishe e haufi le Eufrate yaba Josiase o a mo hlasela.+ 21  Neko a mo romella molaetsa ka baromuwa a re: “O kena kae tabeng ee, wena morena wa Juda? Ha ke a tla ho tla lwantsha wena empa ke tlile ho tla lwantsha setjhaba se seng mme Modimo o re ke potlake. Ka ha Modimo o na le nna, tlohela ho mo hanyetsa e le hore dintho di o tsamaele hantle, ho seng jwalo o tla o bolaya.” 22  Le ha ho le jwalo, Josiase ha a ka a mo tlohela empa a ikgakanya+ hore a mo lwantshe mme a se ke a mamela mantswe a Neko a neng a tswa ho Modimo. A tla Thoteng ya Megido ho tla lwana.+ 23  Banna ba betsang metsu ba hlaba Morena Josiase yaba morena o re ho bahlanka ba hae: “Ntloseng mona hobane ke lemetse haholo.” 24  Bahlanka ba hae ba mo theola kariking ya ntwa, ba mo palamisa kariki ya hae ya bobedi yaba ba mo tlisa Jerusalema. Ka hoo, a shwa mme a patelwa mabitleng a baholoholo ba hae.+ Baahi bohle ba Juda le Jerusalema ba llela Josiase. 25  Jeremia+ a binela Josiase mme dibini tsohle tsa banna le tsa basadi+ di ntse di bina ka Josiase dipineng tsa kodiyamalla* ho fihlela kajeno. Ho ile ha etswa qeto ya hore dipina tseo di binwe Iseraele mme di ngotswe dipineng tsa kodiyamalla. 26  Histori yohle ya Josiase le ka moo a neng a rata* a bile a mamela dintho tse ngotsweng Molaong wa Jehova kateng 27  le diketso tsa hae, ho tloha qalong ho fihlela qetellong, di ngotswe Bukeng ya Marena a Iseraele le a Juda.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa mohlomong: “besa.”
Ka Seheberu: “ntlo.”
Kapa: “pina e binwang ka lebaka la ho utlwa bohloko.”
Kapa: “a ena le lerato le tshepahalang.” Sheba Tlhaloso.