Buka ya Bobedi ya Dikronike 36:1-23

  • Joakaze, morena wa Juda (1-3)

  • Jojakime, morena wa Juda (4-8)

  • Jojakine, morena wa Juda (9, 10)

  • Tsedekia, morena wa Juda (11-14)

  • Jerusalema e a fediswa (15-21)

  • Saeruse o laela hore ho tsosoloswe tempele (22, 23)

36  Bajuda ba etsa Joakaze mora wa Josiase+ morena Jerusalema.+  Joakaze o ne a le dilemo di 23 ha e eba morena mme a busa Jerusalema ka dikgwedi tse tharo.  Morena wa Egepeta a mo tlosa boreneng Jerusalema mme a patadisa naha silevera le kgauta ya boima ba dikhilokramo tse ka bang 3 420.*+  Hape Neko+ morena wa Egepeta a etsa Eliakime abuti wa Joakaze morena wa Juda le Jerusalema mme a fetola lebitso la hae hore e be Jojakime yaba o nka Joakaze ngwanabo o mo isa Egepeta.+  Jojakime+ o ne a le dilemo di 25 ha e eba morena mme a busa Jerusalema ka dilemo tse 11. O ne a etsa dintho tse sa thabiseng Jehova Modimo wa hae.+  Morena Nebukadnezare+ wa Babilona a mo hlasela mme a mo tlama ka diketane tse pedi tsa koporo hore a mo ise Babilona.+  Nebukadnezare a nka tse ding tsa disebediswa tsa ntlo ya Jehova ka nkane, a di isa Babilona yaba o di beha ka phaleising ya hae e Babilona.+  Histori yohle ya Jojakime, dintho tse nyonyehang le tse mpe tseo a ileng a di etsa, di ngotswe Bukeng ya Marena a Iseraele le a Juda mme mora wa hae Jojakine ya eba morena.+  Jojakine+ o ne a le dilemo di 18 ha e eba morena mme a busa Jerusalema ka dikgwedi tse tharo le matsatsi a leshome. O ne a etsa dintho tse sa thabiseng Jehova.+ 10  Ha selemo se qala,* Morena Nebukadnezare a romela banna ba hae hore ba mo tlise Babilona+ le dintho tsa bohlokwa tsa ntlo ya Jehova.+ A etsa Tsedekia ngwanabo ntate wa hae morena wa Juda le Jerusalema.+ 11  Tsedekia+ o ne a le dilemo di 21 ha e eba morena mme a busa Jerusalema ka dilemo tse 11.+ 12  O ne a etsa dintho tse sa thabiseng Jehova Modimo wa hae. Ha a ka a ikokobelletsa moprofeta Jeremia+ ya neng a bua dintho tseo a di laetsweng ke Jehova. 13  O ile a fetohela le Morena Nebukadnezare+ ya neng a entse hore a ikane ka Modimo. A dula a le manganga, a le pelo e thata mme a hana ho mamela Jehova Modimo wa Iseraele. 14  Setjhaba le balaodi bohle ba baprista ba ne ba sa tshepahale, ba etsa dintho tsohle tse nyonyehang tse neng di etswa ke ditjhaba tse ding. Ba silafatsa ntlo ya Jehova+ eo a neng a e hlwekisitse Jerusalema. 15  Jehova Modimo wa baholoholo ba bona a nna a ba lemosa ka baromuwa ba hae. O ne a ba lemosa ka makgetlo a mangata hobane a utlwela batho ba hae bohloko a bile a sa batle hore tempele ya hae e fediswe. 16  Empa ba ile ba soma baromuwa bao ba Modimo wa nnete,+ ba nyatsa mantswe+ a hae ba ba ba soma baprofeta ba hae,+ hoo Jehova a ileng a halefela batho ba hae haholo,+ ho fihlela ba se ba sa kgone ho thuswa. 17  A etsa hore morena wa Bakalde a ba hlasele+ a be a bolaye bahlankana ba bona ka sabole+ ka sehalalelong.+ Ha a ka a qenehela mohlankana kapa morwetsana, ya tsofetseng kapa ya kulang.+ Modimo a etsa hore a fedise dintho tsohle.+ 18  Disebediswa tsohle tsa ntlo ya Modimo wa nnete, tse kgolo le tse nyenyane, matlotlo a ntlo ya Jehova le matlotlo a morena le dikgosana tsa hae, kaofela a di isa Babilona.+ 19  A tjhesa ntlo ya Modimo wa nnete,+ a diha lerako la Jerusalema,+ a tjhesa ditora tsohle tsa yona tse sireletsehileng mme a senya dintho tsohle tsa bohlokwa.+ 20  A nka batho ba sa kang ba bolawa ka sabole a ba isa botlamuweng Babilona,+ ya eba basebeletsi ba hae+ le ba bara ba hae ho fihlela mmuso wa Persia o qala ho busa+ 21  hore ho phethahale mantswe a Jehova a builweng ke Jeremia,+ ho fihlela naha e patetse disabatha tsa yona.+ E ne e boloka sabatha ka matsatsi ohle ha e ne e se na baahi, ho phethahatsa dilemo tse 70.+ 22  Ka selemo sa pele sa Morena Saeruse+ wa Persia, Jehova a susumetsa pelo ya Morena Saeruse wa Persia hore a etse phatlalatso hohle pusong ya hae e le hore mantswe a Jehova a ileng a buuwa ke Jeremia+ a ka phethahala. Morena o ile a ba a ngola phatlalatso eo+ a re: 23  “Morena Saeruse wa Persia o re, ‘Jehova Modimo wa mahodimo o mphile mebuso yohle ya lefatshe+ mme o ntaetse hore ke mo hahele ntlo Jerusalema e Juda.+ Mang kapa mang eo e leng wa setjhaba sa hae ya hara lona, a ke a ye teng mme Jehova Modimo wa hae a be le yena.’”+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “ditalenta tse 100.” Talenta e lekana le dikhilokramo tse 34,2. Sheba Ntlha ya B14.
Ho ka etsahala hore e ne e le ka nako ya selemo.