Buka ya Bobedi ya Dikronike 5:1-14

  • Ditlhophiso tsa ho kgakola tempele (1-14)

    • Areka e iswa ka tempeleng (2-10)

5  Solomone a qeta mosebetsi wohle oo a neng a lokela ho o etsa bakeng sa ntlo ya Jehova.+ A kenya dintho tseo ntate wa hae Davida a neng a di halaleditse.+ A boela a beha silevera, kgauta le dintho tse ding tsohle ka matlotlong a ntlo ya Modimo wa nnete.+  Solomone a bitsa baholo ba Iseraele, dihlooho tsohle tsa maloko le dikgosana tsa malapa a Iseraele. Ba tlisa areka ya selekane ya Jehova Jerusalema ho tswa Motseng wa Davida+ e leng Sione.+  Banna bohle ba Iseraele ba tla ho morena moketeng* o tshwarwang ka kgwedi ya bosupa.+  Baholo bohle ba Iseraele ba tla mme Balevi ba jara Areka.+  Baprista le Balevi* ba tlisa Areka, tente ya pokano+ le disebediswa tsohle tse halalelang tse neng di le ka tenteng.  Morena Solomone le batho bohle bao a neng a ba bitsitse ba ema ka pela Areka. Ho ne ho etswa mahlabelo ka dinku le dikgomo+ tse ngata.  Baprista ba beha areka ya selekane ya Jehova kamoreng e ka harehare ya ntlo, ka Sehalaledisisong. E ne e dula moo tlasa mapheo a dikerubime.+  Dikerubime di ne di otlolletse mapheo a tsona hodima moo Areka e dulang teng di bile di kwahetse Areka le dipalo+ tsa yona.  Dipalo di ne di le telele hoo dintlha tsa tsona di neng di bonahala ha o le ka Sehalalelong e leng ka pela kamore e ka harehare, empa di ne di sa bonahale ha o le ka ntle. Di ntse di le teng le kajeno. 10  Ho ne ho se na letho ka Arekeng haese matlapa a mabedi ao Moshe a neng a a kentse ka hara yona ha a le Horebe,+ nakong eo Jehova a neng a etsa selekane*+ le setjhaba sa Iseraele ha se ne se tswa Egepeta.+ 11  Ha baprista ba tswa sebakeng se halalelang (hobane baprista bohle ba neng ba le moo ba ne ba itlhwekisitse,+ ho sa tsotellehe hore na ba tswa sehlopheng sefe),+ 12  Balevi bohle ba binang+ ba neng ba etelletswe pele ke Asafe,+ Hemane,+ Jeduthune+ le bara ba bona le bana ba bo bona, ba ne ba apere lesela la boleng bo botle ba tshwere disimbala, diletsa tse dikgwele le diharepa. Ba ne ba eme ka botjhabela ho aletare mme ba ena le baprista ba 120 ba letsang diterompeta.+ 13  Batho ba letsang diterompeta le ba binang ba ne ba rorisa le ho leboha Jehova ha mmoho mme ho ne ho utlwahala modumo wa diterompeta, disimbala le diletsa tse ding tsa mmino ha ba ntse ba rorisa Jehova “hobane o molemo, lerato la hae ha le fele le ka mohla.”+ Ka nako eo, ntlo ya Jehova ya tlala leru.+ 14  Baprista ba ne ba sa kgone ho etsa mosebetsi wa bona ka lebaka la leru hobane kganya ya Jehova e ne e tletse ntlo ya Modimo wa nnete.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

E leng Mokete wa Maphephe.
Kapa: “Baprista ba Balevi.”