Buka ya Bobedi ya Dikronike 7:1-22

  • Kganya ya Jehova e tlala tempele (1-3)

  • Mekete ya ho kgakola tempele (4-10)

  • Jehova o hlaha ho Solomone (11-22)

7  Ha Solomone a qeta ho rapela,+ mollo wa theoha lehodimong+ wa tjhesa nyehelo ya setjheso le mahlabelo yaba kganya ya Jehova e tlala ntlo.+  Baprista ba ne ba sa kgone ho kena ka tlung ya Jehova hobane kganya ya Jehova e ne e tletse ntlo ya Jehova.+  Setjhaba sohle sa Iseraele se ne se shebeletse ha mollo o theoha mme kganya ya Jehova e hlaha hodima ntlo yaba se kgumama sebakeng se katilweng ka majwe mme se leboha Jehova “hobane o molemo, lerato* la hae ha le fele le ka mohla.”  Morena le Baiseraele bohle ba etsetsa Jehova sehlabelo.+  Morena Solomone a etsa mahlabelo ka dikgomo tse 22 000 le dinku tse 120 000. Morena le Baiseraele bohle ba kgakola ntlo ya Modimo wa nnete.+  Baprista ba ne ba eme moo ba sebetsang teng le Balevi ba eme ka diletsa tsa ho binela Jehova.+ (Morena Davida o ne a entse diletsa tsena bakeng sa ho leboha Jehova le ho mo rorisa ka tsona* “ka ha lerato* la hae ha le fele le ka mohla.”) Baprista ba ne ba letsetsa diterompeta+ hodimo ka pela bona, ha Baiseraele bohle ba ntse ba eme.  Solomone a halaletsa karolo e bohareng ya lebala le ka pela ntlo ya Jehova. Ke hona moo a neng a tla etsetsa dinyehelo tsa setjheso+ le dikarolo tse mafura tsa mahlabelo a kopanetsweng hobane aletare ya koporo+ eo Solomone a neng a e entse e ne e sa kgone ho lekana mahlabelo a setjheso, dinyehelo tsa dijo*+ le dikarolo tse mafura.+  Solomone a etsa mokete ka matsatsi a supileng+ le Baiseraele bohle ba neng ba bokane ba tswa Lebo-hamathe* ho ya fihla Kgohlong* ya Egepeta.+  Ka letsatsi la borobedi,* ba tshwara kopano e hlomphehang+ hobane ba ile ba etsa mokete wa ho kgakola aletare ka matsatsi a supileng mme ba boela ba keteka ka matsatsi a mang a supileng. 10  Ka letsatsi la bo23 la kgwedi ya bosupa, a re setjhaba se kgutlele malapeng a sona se thabile+ ka lebaka la dintho tse ntle tseo Jehova a neng a di etseditse Davida le Solomone le setjhaba sa hae sa Iseraele.+ 11  Solomone a qeta ho haha ntlo ya Jehova le ntlo ya morena.*+ A etsa dintho tsohle tseo a neng a batla ho di etsa mabapi le ntlo ya Jehova le ntlo ya hae.+ 12  Jehova a hlaha ho Solomone+ bosiu mme a re ho yena: “Ke utlwile thapelo ya hao mme ke ikgethetse sebaka sena e le ntlo eo ho tla etsetswa mahlabelo ho yona.+ 13  Ha ke kwala mahodimo hore pula e se ke ya na mme ke laela ditsie hore di je naha le ha ke romela bolwetse bo bolayang hara batho ba ka, 14  haeba batho ba bitswang ka lebitso la ka+ ba ikokobetsa,+ ba rapela, ba mpatla mme ba tlohela ditsela tsa bona tse mpe,+ ke tla ba utlwa ke le lehodimong, ke tshwarele sebe sa bona mme ke ntjhafatse naha ya bona.+ 15  Ke tla mamela thapelo e etswang sebakeng sena.+ 16  Ke kgethile ntlo ena ebile ke e halaleditse e le hore ke behe lebitso la ka moo ka ho sa feleng+ mme mahlo a ka le pelo ya ka di tla dula di le moo.+ 17  Haeba o dula o ntshepahalla jwalo ka ntate wa hao Davida mme o etsa dintho tsohle tseo ke o laetseng tsona le ho mamela melao ya ka,+ 18  ke tla tiisa terone ya borena ba hao+ feela jwalo ka ha ke entse selekane* le ntate wa hao Davida+ ka re: ‘Ho tla dula ho ena le e mong wa leloko la hao ya busang Iseraele.’+ 19  Empa haeba le ntlohela mme le sa mamele melao le ditaelo tsa ka tseo ke le fileng tsona mme le sebeletsa medimo e meng ebile le e rapela,+ 20  ke tla fedisa Baiseraele naheng eo ke ba fileng yona.+ Ntlo ena eo ke e halaleditseng bakeng sa lebitso la ka ke tla e tlosa ka pela ka mme ke tla etsa hore e makallwe e be e tshehwe ke batho bohle.+ 21  Ntlo ena e tla senyeha. Motho e mong le e mong ya fetang o tla e makalla+ a re: ‘Ke hobaneng ha Jehova a entse naha ee le ntlo ee tjee?’+ 22  Ba tla re: ‘Ke hobane ba lahlile Jehova+ Modimo wa baholoholo ba bona ya ba ntshitseng naheng ya Egepeta+ yaba ba sebeletsa medimo e meng le ho e rapela.+ Ke ka lebaka leo a ba tliseditseng tlokotsi ena.’”+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “lerato le tshepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Mohlomong ho buuwa ka Balevi.
Kapa: “lerato le tshepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “moo ho kenwang teng Hamathe.”
Letsatsi ka mora mokete kapa ka letsatsi la bo15.
Kapa: “phaleisi.”