Buka ya Bobedi ya Dikronike 8:1-18

  • Mesebetsi e meng ya Solomone ya ho haha (1-11)

  • Ho etswa ditlhophiso tsa ho rapela tempeleng (12-16)

  • Dikepe tsa Solomone (17, 18)

8  Qetellong ya dilemo tse 20 tseo ka tsona Solomone a hahileng ntlo ya Jehova le ntlo* ya hae,+  Solomone a tsosolosa metse eo Hirame+ a neng a mo file yona mme a re Baiseraele* ba dule moo.  A ya Hamathe-zoba a e hapa.  A tsosolosa* Tadmore lefeelleng le metse yohle ya polokelo+ eo a neng a e hahile Hamathe.+  A boela a haha Bethe-horone e ka Hodimo+ le Bethe-horone e ka Tlase+ e leng metse e sireleditsweng ka marako, dikeiti le mekwallo.  Solomone a haha le Baalathe,+ metse yohle ya hae ya polokelo, metse yohle ya dikariki+ le metse ya bapalami ba dipere. A boela a haha dintho tsohle tseo a neng a batla ho di haha Jerusalema, Lebanone le metseng yohle eo a neng a e busa.  Batho bohle bao e seng karolo ya Baiseraele+ ba neng ba setse ho Bahethe, Baamore, Bapereze, Baheve le Bajebuse,+  ditloholo tsa bona tse neng di setse naheng tseo Baiseraele ba neng ba sa di fedisa,+ Morena Solomone o ile a di bitsa hore di tlo etsa mosebetsi o boima* ho fihlela letsatsing lena.+  Empa ha ho na Moiseraele eo Solomone a ileng a mo etsa lekgoba bakeng sa mosebetsi wa hae+ hobane e ne e le masole a hae, baokamedi ba balaodi ba masole a hae, baokamedi ba dikariki tsa hae tsa ntwa le ba bapalami ba dipere.+ 10  Morena Solomone o ne a ena le matona a sehlooho a 250 a okametseng batho ba sebetsang.+ 11  Solomone a tlosa moradi wa Faro+ Motseng wa Davida a mo tlisa ntlong eo a mo hahetseng yona.+ O ile a re: “Le hoja e le mosadi wa ka, ha a lokela ho dula ka tlung ya Morena Davida wa Iseraele hobane dibaka tseo Areka ya Jehova e tlileng ho tsona di a halalela.”+ 12  Solomone a etsetsa Jehova mahlabelo a setjheso+ hodima aletare+ ya Jehova eo a neng a e hahile ka pela foranta.+ 13  A etsa dinyehelo tsa letsatsi le letsatsi ho ya ka moo Moshe a neng a laetse ka teng bakeng sa mahlabelo a Disabatha,+ a etswang ha dikgwedi di qala+ le bakeng sa mekete e meraro e neng e eba teng ka selemo+ e leng Mokete wa Mahobe a se Nang Tomoso,+ Mokete wa Dibeke+ le Mokete wa Maphephe.*+ 14  A kgetha dihlopha tsa baprista+ bakeng sa mesebetsi ya bona ho ya ka molao wa ntate wa hae Davida le Balevi bakeng sa mesebetsi ya bona hore ba rorise Modimo+ mme ba sebeletse ka pela baprista letsatsi le letsatsi. A kgetha balebedi ba dikeiti dihlopheng tsa bona bakeng sa dikeiti tse fapaneng+ hobane Davida mohlanka wa Modimo wa nnete o ne a laetse jwalo. 15  Ba ile ba mamela taelo eo morena a neng a e file baprista le Balevi tabeng ya ditoro* kapa tabeng le ha e le efe. 16  Mosebetsi wohle wa Solomone o ne o hlophisehile,* ho tloha ha ho ne ho etswa motheo wa ntlo ya Jehova+ ho fihlela e qetwa. Ka hoo, ntlo ya Jehova ya phethwa.+ 17  Solomone a ya Ezione-gebere+ le Elothe+ lebopong la lewatle naheng ya Edomo.+ 18  Hirame+ a mo romella dikepe le basesisi ba nang le boiphihlelo a sebedisa bahlanka ba hae. Ba ya Ofire+ le bahlanka ba Solomone, ba nka kgauta e boima ba dikhilokramo tse 15 390*+ moo yaba ba e tlisa ho Morena Solomone.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “phaleisi.”
Ka Seheberu: “bara ba Iseraele.”
Kapa: “haha.”
Kapa: “mosebetsi o qobellwang.”
Kapa: “matlo a polokelo.”
Kapa: “phethilwe.”
Ka Seheberu: “ditalenta tse 450.” Talenta e lekana le dikhilokramo tse 34,2. Sheba Ntlha ya B14.