Buka ya Bobedi ya Dikronike 9:1-31

  • Mofumahadi wa Sheba o tjhakela Solomone (1-12)

  • Maruo a Solomone (13-28)

  • Solomone o a shwa (29-31)

9  Mofumahadi wa Sheba+ o ile a utlwa hore Solomone o tumme. Ka hoo, a tla Jerusalema ho tla mo botsa* dipotso tse thata.* O ne a tsamaya le batho ba bangata, dikamele tse jereng oli ya balsame le kgauta e ngata+ le majwe a bohlokwa. A ya ho Solomone mme a mo botsa ntho e nngwe le e nngwe eo a neng a batla ho e tseba.+  Solomone a araba dipotso tsa hae kaofela. Ho ne ho se na potso eo a hlolehang ho e araba.  Ha mofumahadi wa Sheba a bona ka moo Solomone a leng bohlale+ ka teng, a bona ntlo eo a e hahileng,+  dijo tse tafoleng ya hae,+ tsela eo bahlanka ba hae ba dutseng ka yona, basebeletsi ba hae ba fanang ka dijo tafoleng le moaparo wa bona, baqhatsetsi ba hae le moaparo wa bona le mahlabelo a hae a setjheso ao a neng a a etsa ka mehla ntlong ya Jehova,+ a sala a maketse.  A re ho morena: “Bohlale ba hao le dintho tseo o di entseng tseo ke di utlwileng naheng ya heso ke nnete.  Ke ne ke sa kgolwe ho fihlela ke tla mme ke di bona.+ Dintho tseo ke di utlwileng ka wena le ka bohlale ba hao bo bongata ke dinyane+ ha di bapiswa le dintho tseo ke di boneng.+  Ho thaba batho ba hao le bahlanka ba hao ba dulang ba ena le wena ka mehla mme ba utlwa bohlale ba hao.  Ho roriswe Jehova Modimo wa hao ya o bontshitseng hore o a o rata ka ho o beha teroneng ya hae o le morena bakeng sa Jehova Modimo wa hao. Ka ha Modimo wa hao o rata Baiseraele,+ o o kgethile hore o be morena wa bona hore o ba ahlole ka toka le ka ho loka, ho etsa hore ba be teng ka ho sa feleng.”  A fa morena kgauta ya boima ba dikhilokramo tse ka bang 4 000,*+ oli ya balsame e ngata le majwe a bohlokwa. Le ka mohla ha ho a ka ha hlola ho tliswa oli e ngata hakaalo ya balsame jwalo ka eo mofumahadi wa Sheba a ileng a e tlisetsa Morena Solomone.+ 10  Bahlanka ba Hirame le bahlanka ba Solomone ba neng ba tlisitse kgauta e tswang Ofire,+ ba boela ba tlisa difate tsa algame le majwe a bohlokwa.+ 11  Morena a etsa ditepisi ka difate tsa algame bakeng sa ntlo ya Jehova+ le ntlo ya morena.*+ A boela a etsetsa dibini diharepa le diletsa tse dikgwele.+ Ho ne ho eso ka ho bonwa difate tse ngata hakaalo naheng ya Juda. 12  Morena Solomone a fa mofumahadi wa Sheba dintho tseo a neng a di batla le tseo a neng a di kopile, a mo fa tse ngata ho feta* tseo a neng a di tliseditse morena. Ka mora moo, mofumahadi wa Sheba a kgutlela naheng ya habo le bahlanka ba hae.+ 13  Boima ba kgauta e neng e tla ho Solomone ka selemo e ne e le dikhilokramo tse ka bang 23 000,*+ 14  ho sa balwe e tswang ho borakgwebo le ho marena ohle a Maarabia le matona a naha a neng a tlisa kgauta le silevera ho Solomone.+ 15  Morena Solomone a etsa dithebe tse kgolo tse 200 tsa kgauta e kopantsweng le tshepe.+ (Thebe ka nngwe e ne e entswe ka dikhilokramo tse ka bang supa* tsa kgauta e kopantsweng le tshepe.)+ 16  A etsa le dithebe tse nyenyane* tse 300 tse entsweng ka kgauta e kopantsweng le tshepe. (Thebe ka nngwe e ne e entswe ka kgauta ya boima ba dikhilokramo tse ka bang pedi.*) Morena a di beha ka hara Ntlo ya Moru wa Lebanone.+ 17  Morena a boela a etsa terone e kgolo ya manaka a tlou mme a e kwahela ka kgauta.+ 18  Ho ne ho ena le ditepisi tse tsheletseng tse yang teroneng e kopantsweng le setulwana sa maoto sa kgauta. Mahlakoreng a mabedi a setulo ho ne ho ena le moo ho behwang matsoho, pela teng ho eme ditau tse pedi.+ 19  Ho ne ho ena le ditau tse 12+ tse emeng hodima ditepisi tse tsheletseng, tse ding di le ka lehlakoreng lena, tse ding di le ka lehlakoreng lane la ditepisi. Ha ho na mmuso o mong o neng o entse ntho e tshwanang le ena. 20  Dikopi tsohle tsa Morena Solomone di ne di entswe ka kgauta mme disebediswa tsohle tsa Ntlo ya Moru wa Lebanone di entswe ka kgauta. Ho ne ho se na letho le entsweng ka silevera hobane e ne e nkwa e se letho mehleng ya Solomone.+ 21  Dikepe tsa morena di ne di ya Tarshishe+ le bahlanka ba Hirame.+ Hanngwe ka mora dilemo tse tharo dikepe tse ding tsa Tarshishe di ne di tla di nkile kgauta, silevera, manaka a ditlou,+ ditshwene le dipikoko. 22  Morena Solomone o ne a ruile a bile a le bohlale ho feta marena ohle a neng a le teng lefatsheng.+ 23  Marena ohle a lefatshe a ne a batla ho utlwa bohlale boo Modimo wa nnete a neng a bo file Solomone.+ 24  Selemo le selemo, e mong le e mong o ne a tlisa dintho tsa silevera le tsa kgauta, diaparo,+ dihlomo, oli ya balsame, dipere le dimmoulo. 25  Solomone o ne a ena le ditala tsa dipere tse 4 000 le dipere* tse hulang dikariki tsa ntwa tse 12 000.+ O ile a di beha metseng ya dikariki tsa ntwa le haufi le morena Jerusalema.+ 26  A laola marena ohle ho tloha Nokeng* ho ya naheng ya Bafilista le ho ya moeding wa Egepeta.+ 27  Morena a etsa hore silevera e Jerusalema e be ngata jwalo ka majwe le difate tsa kedare di be ngata jwalo ka difate tsa sikamora tse Shefela.+ 28  Batho ba ne ba tlisetsa Solomone dipere tse tswang Egepeta+ le tse tswang dinaheng tse ding tsohle. 29  Histori yohle ya Solomone+ ho tloha qalong ho fihlela qetellong, e ngotswe bukeng ya moprofeta Nathane+ le boprofeteng ba Akija+ wa Moshilo le tlalehong ya dipono tsa Ido+ ya neng a bona dipono tse mabapi le Jeroboame+ mora wa Nebate. 30  Solomone o ile a busa Iseraele yohle a le Jerusalema ka dilemo tse 40. 31  Solomone a shwa yaba o patelwa Motseng wa ntate wa hae+ Davida. Mora wa hae Roboame ya eba morena.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “ka dilotho.”
Ka Seheberu: “leka ka.”
Ka Seheberu: “ditalenta tse 120.” Talenta e lekana le dikhilokramo tse 34,2. Sheba Ntlha ya B14.
Kapa: “phaleisi.”
Kapa mohlomong: “a mo fa dimpho tsa boleng bo ka hodimo ho.”
Ka Seheberu: “ditalenta tse 666.”
Ka Seheberu: “dishekele tse 600.” Shekele e lekana le dikramo tse 11,4. Sheba Ntlha ya B14.
Hangata di ne di tshwarwa ke batho ba betsang metsu.
Ka Seheberu: “dimina tse tharo.” Mina Mangolong a Seheberu e lekana le dikramo tse 570. Sheba Ntlha ya B14.
Kapa: “bapalami ba dipere.”
E leng ya Eufrate.