Lengolo la Bobedi la Johanne 1:1-13

  • Ditumediso (1-3)

  • Le nne le tsamaye tseleng ya nnete (4-6)

  • Le hlokomele bathetsi (7-11)

    • Le se ke la mo dumedisa (10, 11)

  • Johanne o rera ho ba tjhakela, ditumediso tse qetellang (12, 13)

 Nna monna e moholo,* ke ngolla mofumahadi ya kgethilweng le bana ba hae bao ke ba ratang haholo. Ha se nna feela ya le ratang empa le ratwa ke bohle ba tsebang nnete.  Re le rata ka lebaka la nnete eo re e tsebang le e tla dula e le teng ka dipelong tsa rona.  Modimo eo e leng Ntate wa rona ya lehodimong le Mora wa hae Jesu Kreste ba tla re fa dithuto tsa nnete le ho re bontsha lerato. Ba tla re bontsha mosa* le mohau ba be ba re fe kgotso.  Ke thabile haholo hobane ke utlwile hore bana ba bang ba hao ba ntse ba tsamaya tseleng ya nnete+ feela jwalo ka ha Ntate a ne a re laetse.  Ka hoo mofumahadi, ha ke o kope hore o latele taelo e ntjha empa ke o kopa hore o latele taelo eo esale re ena le yona ha re ne re qala ho ithuta ka Kreste, e leng taelo ya hore re ratane.+  Ha re dula re mamela ditaelo tsa Ntate, re a bontsha hore re lerato.+ Jwalo ka ha le utlwile ho tloha qalong, taelo eo a faneng ka yona ke e reng le tswele pele ho bontsha lerato.  Ho na le bathetsi ba bangata lefatsheng+ ba sa dumeleng hore Jesu Kreste o ile a tla lefatsheng e le motho.+ Motho ya sa dumeleng taba ena ke mothetsi ebile o hanyetsa Kreste.+  Itlhokomeleng hore le se ke la lahlehelwa ke dintho tseo re di sebeleditseng ka thata e le hore le ka fumana ditlhohonolofatso tseo Modimo a le lokiseditseng tsona.+  Mang kapa mang ya sa lateleng dithuto tsa Kreste a bile a di ruta ka tsela e fosahetseng, ha a amohelwe ke Modimo.+ Ya tswelang pele ho latela dithuto tsa Kreste o amohelwa ke Ntate le Mora.+ 10  Ha motho e mong a tla ho lona mme a le ruta dintho tse sa dumellaneng le tseo Jesu a di rutileng, le se ke la mo amohela malapeng a lona+ kapa la mo dumedisa. 11  Ya mo dumedisang o tshehetsa mesebetsi ya hae e mebe. 12  Le hoja ho ena le dintho tse ngata tseo ke batlang ho le bolella tsona, ha ke batle ho le ngolla tsona empa ke batla ho le bolella tsona ha ke tlile e le hore le ka thaba haholo. 13  Bana ba ausi wa lona ya kgethilweng ba re le dumele.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “Nna moholo.”