Buka ya Bobedi ya Marena 1:1-18

  • Elia o profeta hore Akazia o tlo shwa (1-18)

1  Ka mora lefu la Akabe, naha ya Moabe+ e ile ya fetohela naha ya Iseraele.  Akazia a wa a le marulelong a kamore ya ntlo ya hae e Samaria mme a lemala. A re ho baromuwa: “Tsamayang le yo botsa Baale-zebube modimo wa Ekrone+ hore na ke tla fola.”+  Lengeloi la Jehova la re ho Elia*+ wa Motishba: “Tsamaya o yo kopana le baromuwa ba morena wa Samaria mme o re ba mo botse hore na ke hobane ho se na Modimo Iseraele ha e le mona a botsa Baale-zebube modimo wa Ekrone hore na o tla fola.+  Ka lebaka leo, Jehova o itse: ‘O ke ke wa tsoha betheng eo o robetseng ho yona hobane o tlo shwa.’” Ka mora moo, Elia a tsamaya.  Ha baromuwa ba kgutlela ho Akazia a re ho bona: “Ke hobaneng ha le kgutlile kapele tjee?”  Ba re ho yena: “Re ile ra kopana le monna e mong yaba o re re kgutlele ho wena morena mme re o bolelle molaetsa o tswang ho Jehova o reng, ‘Na ke hobane ho se na Modimo Iseraele ha e le mona o botsitse Baale-zebube modimo wa Ekrone hore na o tla fola? Ka lebaka leo, o ke ke wa tsoha betheng eo o robetseng ho yona hobane o tlo shwa.’”+  Akazia a re ho bona: “Monna ya buileng mantswe ao o ne a shebahala jwang?”  Ba re ho yena: “O ne a apere seaparo se entsweng ka boya+ mme a itlamme ka lebanta la letlalo thekeng.”+ Akazia a re: “Ke Elia wa Motishba.”  Morena a romela molaodi wa masole a 50 le masole a hae ho Elia. O ile a fumana Elia a dutse ka hodima thaba. A re ho yena: “Mohlanka wa Modimo wa nnete,+ morena o a o bitsa.” 10  Elia a re ho molaodi eo: “Haeba ke mohlanka wa Modimo, mollo o ke o theohe lehodimong+ mme o o tjhese ha mmoho le masole a hao a 50.” Mollo wa Modimo wa theoha lehodimong mme wa mo tjhesa le masole a hae. 11  Morena a romela molaodi e mong wa masole a 50 le masole a hae ho Elia. Molaodi eo a fihla a re ho yena: “Mohlanka wa Modimo wa nnete, morena o re o ye ho yena kapele.” 12  Elia a re: “Haeba ke mohlanka wa Modimo wa nnete, mollo o ke o theohe lehodimong mme o o tjhese ha mmoho le masole a hao a 50.” Mollo wa Modimo wa theoha lehodimong mme wa mo tjhesa le masole a hae. 13  Morena a romela molaodi wa boraro wa masole a 50 le masole a hae. Molaodi eo yena a fihla a kgumama* ka pela Elia mme a mo kopa a re: “Mohlanka wa Modimo wa nnete, ke kopa hore o nkgauhele o be o hauhele le bahlanka bana ba hao ba 50. 14  Mollo o theohile lehodimong mme o tjhesitse balaodi ba babedi ba tlileng pele ho nna ha mmoho le masole a bona empa nna ke kopa hore o nkgauhele.” 15  Lengeloi la Jehova la re ho Elia: “Tsamaya le yena mme o se ke wa mo tshaba.” Elia a ya le yena ho morena. 16  Elia a re ho morena: “Jehova o re ka ha o entse eka ha ho na Modimo Iseraele+ ka hore o rome baromuwa hore ba botse Baale-zebube modimo wa Ekrone+ hore na o tla fola, o ke ke wa tsoha betheng eo o robetseng ho yona hobane o tlo shwa.” 17  Akazia a shwa feela jwalo ka ha Jehova a buile a sebedisa Elia. Jorame*+ ya eba morena hobane Akazia o ne a se na mora. Jorame e bile morena ha Jorame+ mora wa Josafate a ena le dilemo tse pedi a busa Juda. 18  Histori yohle ya Akazia+ le dintho tsohle tseo a ileng a di etsa, di ngotswe bukeng ya histori ya marena a Iseraele.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

E bolelang “Modimo wa ka ke Jehova.”
A thetsitse fatshe ka hlooho.
E leng ngwanabo Akazia.