Buka ya Bobedi ya Marena 11:1-21

  • Athalia o busa ka nkane (1-3)

  • Joase o etswa morena ka sephiri (4-12)

  • Athalia o a bolawa (13-16)

  • Jehojada o etsa diphetoho motseng (17-21)

11  Ha Athalia+ mme wa Akazia a hlokomela hore mora wa hae o shwele,+ a bolaya bana bohle ba boreneng.*+  Empa ngwanabo Akazia e leng Josheba moradi wa Morena Jorame, a nka Joase+ mora wa Akazia ho bara ba morena ba neng ba tlo bolawa, a mo beha kamoreng ya ho robala le mohlokomedi wa hae. Athalia ha a ka a mo bolaya hobane ba ne ba mo patile.  Josheba a dula le Joase dilemo tse tsheletseng a mo patile ntlong ya Jehova, ha Athalia a ntse a busa naheng.  Ka selemo sa bosupa, Jehojada a bitsa balaodi ba ba makgolo ba balebedi ba Bakaria le balebedi* ba phaleisi+ hore ba tle ho yena ntlong ya Jehova. A etsa tumellano* le bona mme a re ba hlapanye ntlong ya Jehova hore ba tla tshepahalla tumellano eo yaba o ba bontsha mora wa morena.+  A re ho bona: “Sehlopha se le seng ho tse tharo tsa lona se tla sebetsa ka letsatsi la Sabatha mme se etse bonnete ba hore se lebela ntlo ya morena.*+  Sehlopha se seng se tla lebela keiti e bitswang Keiti ya Motheo mme se seng se lebele keiti e ka mora phaleisi ya balebedi. Le tjhentjhane ka ho lebela ntlo ya morena.  Dihlopha tse pedi tse sa sebetseng ka letsatsi la Sabatha, di etse bonnete ba hore di lebela ntlo ya Jehova e le hore di sireletse morena.  Le sireletse morena ka mahlakoreng ohle mme kaofela le nke dibetsa. Motho ya tla feta masole a lebetseng a bolawe. Le tsamaye le morena hohle moo a yang teng.”*  Balaodi ba ba makgolo+ ba etsa hantle seo moprista Jehojada a neng a ba laetse sona. Molaodi e mong le e mong a ya ho moprista Jehojada+ le sehlopha sa hae sa banna ba sebetsang ka Sabatha le ba neng ba sa sebetse. 10  Moprista a fa balaodi ba ba makgolo marumo le dithebe tse sedikadikwe tsa Morena Davida tse neng di le ka tlung ya Jehova. 11  Balebedi+ ba ema dibakeng tsa bona, e mong le e mong a tshwere dibetsa, ho tloha lehlakoreng le letona la ntlo ho ya ka ho le letshehadi haufi le aletare+ le ntlo, ba potolohile morena. 12  Jehojada a tlisa mora wa morena+ yaba ba mo rwesa korone mme ba beha Buka ya Molao*+ hloohong ya hae, ba mo tlotsa hore e be morena. Ba opa diatla ba re: “Morena a ke a phele!”+ 13  Ha Athalia a utlwa batho ba mathang, hanghang a tla ntlong ya Jehova.+ 14  A bona morena a eme pela pilara moo marena a neng a tlwaetse ho ema teng.+ Morena o ne a le moo le balaodi le batho ba letsang diterompeta,+ batho bohle ba ne ba thabile ebile ba letsa diterompeta. Athalia a tabola diaparo tsa hae mme a hweletsa a re: “Borabele! Borabele!” 15  Empa moprista Jehojada a re ho balaodi ba ba makgolo+ e leng baokamedi ba masole: “Mo tloseng hara masole. Ha ho ka ba le motho ya mo latelang le mo bolaye ka sabole.” Moprista Jehojada o ne a itse a se ke a bolaelwa ka hara ntlo ya Jehova. 16  Ba mo tshwara mme ha ba fihla tseleng ya dipere e yang ntlong ya morena,*+ ba mo bolaya. 17  Jehojada a etsa selekane pakeng tsa Jehova, morena le batho+ sa hore e tla dula e le batho ba Jehova. A boela a etsa selekane pakeng tsa morena le batho.+ 18  Ka mora moo, batho bohle ba tla tempeleng* ya Baale mme ba diha dialetare,+ ba pshatla ditshwantsho+ tsa hae mme ba bolaela Matane moprista wa Baale+ ka pela dialetare. Moprista a kgetha balebedi e le hore ba lebele ntlo ya Jehova.+ 19  A tsamaya le balaodi ba ba makgolo,+ balebedi ba Bakaria, balebedi ba phaleisi+ le batho bohle ho felehetsa morena ho tswa ntlong ya Jehova. Ba tla ntlong ya morena* ba tsamaya ka tsela e tswang keiting ya balebedi ba phaleisi. Joase a dula teroneng ya marena.+ 20  Batho bohle ba thaba mme motse wa eba le kgotso ka ha ba ne ba bolaile Athalia ka sabole ntlong ya morena. 21  Joase+ o ne a le dilemo di supileng ha e eba morena.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “peo yohle ya mmuso.”
Kapa: “selekane.”
Ka Seheberu: “dimathi.”
Kapa: “phaleisi.”
Ka Seheberu: “ha a kena le ha a tswa.”
Kapa: “Bopaki.” Ho ka etsahala hore ho buuwa ka moqolo o neng o na le Molao wa Modimo.
Kapa: “phaleisi.”
Kapa: “ntlong.”
Kapa: “phaleising.”