Buka ya Bobedi ya Marena 12:1-21

  • Joase, morena wa Juda (1-3)

  • Joase o lokisa tempele (4-16)

  • Basiria ba a hlasela (17, 18)

  • Joase o a bolawa (19-21)

12  Ha Jehu+ a ena le dilemo tse supileng a busa, Joase+ ya eba morena mme a busa Jerusalema ka dilemo tse 40. Lebitso la mme wa hae e ne e le Zibia ya tswang Beersheba.+  Joase a etsa dintho tse thabisang Jehova nakong yohle eo moprista Jehojada e neng e le moeletsi wa hae.  Ka ha ha a ka a tlosa dibaka tse phahameng,+ batho ba ne ba ntse ba etsa dinyehelo le mahlabelo a kubellang mosi ho tsona.  Joase a re ho baprista: “Nkang tjhelete yohle e tliswang ntlong ya Jehova ya dinyehelo tse halalelang+ e leng tjhelete eo motho e mong le e mong a neng a lokela ho e ntsha,+ tjhelete eo motho ka mong a neng a ka kgona ho e ntsha le tjhelete eo motho a neng a e ntsha ka ho rata ntlong ya Jehova.+  Baprista ba e nke ho batho ba e tlisang* mme ba e sebedisetse ho lokisa ntlo moo e senyehileng* teng.”+  Ha Morena Joase a ena le dilemo tse 23 a busa, baprista ba ne ba ntse ba eso lokise ntlo.+  Morena Joase a bitsa moprista Jehojada+ le baprista ba bang mme a re ho bona: “Ke hobaneng ha le ntse le eso lokise ntlo? Le se ke la hlola le nka tjhelete ho batho ntle le haeba le tlo e sebedisetsa ho lokisa ntlo.”+  Baprista ba dumela hore ba ke ke ba hlola ba nka tjhelete ho batho le hore ha e sa le bona ba tla lokisa ntlo.  Moprista Jehojada a nka lebokose+ mme a le phunya lesoba sekwahelong, a le beha pela aletare ka lehlakoreng le letona ha motho a kena ka tlung ya Jehova. Baprista bao e neng e le balebedi ba menyako, ba ne ba tshela tjhelete e tliswang ka tlung ya Jehova ka moo.+ 10  Ha ba bona hore tjhelete e ngata ka lebokoseng, mongodi wa morena le moprista ya phahameng ba ne ba e ntsha* mme ba bala tjhelete eo e tlisitsweng ntlong ya Jehova.+ 11  Ba ne ba nka tjhelete eo ba seng ba e badile mme ba e fa batho ba hlokomelang mosebetsi o etswang ntlong ya Jehova. Batho bao bona, ba ne ba patala batho ba sebetsang ka lepolanka le dihahi tse neng di lokisa ntlo ya Jehova+ 12  ha mmoho le ba hahang ka majwe le babetli ba majwe. Ba boela ba tlisa mapolanka le majwe a betlilweng ho lokisa ntlo ya Jehova mme ba sebedisa tjhelete e nngwe ho reka dintho tse neng di hlokahala hore ba lokise ntlo. 13  Tjhelete e ileng ya tliswa ntlong ya Jehova ha e a ka ya sebedisetswa ho etsa dibeisine tsa silevera, dintho tse timang mollo, dijana, diterompeta+ kapa ntho le ha e le efe ya kgauta kapa ya silevera bakeng sa ntlo ya Jehova.+ 14  Ba ne ba e fa batho ba etsang mosebetsi mme batho bao bona ba e sebedisetsa ho lokisa ntlo ya Jehova. 15  Batho ba hlokomelang mosebetsi wa ho lokisa, ba ne ba fa basebeletsi tjhelete. Ka ha ba ne ba tshepahala, ba ne ba sa ba botse hore na ba entseng ka tjhelete eo.+ 16  Le ha ho le jwalo, tjhelete ya nyehelo ya molato+ le ya nyehelo ya sebe, e ne e sa tliswe ntlong ya Jehova. E ne e eba ya baprista.+ 17  Ka nako eo, Hazaele+ morena wa Siria a yo lwantsha Gathe+ mme a e hapa. Ka mora moo, a etsa qeto ya ho hlasela Jerusalema.+ 18  Morena Joase wa Juda a nka dinyehelo tsohle tse halalelang tseo moholoholo wa hae Josafate, Jorame le ntate wa hae Akazia e leng marena a Juda ba neng ba fane* ka tsona. A boela a nka dinyehelo tsa hae tse halalelang le kgauta yohle e neng e le ka matlotlong a ntlo ya Jehova le ka tlung ya morena,* a di romela ho Hazaele morena wa Siria.+ Ka lebaka leo, Hazaele a se ke a hlasela Jerusalema. 19  Histori yohle ya Joase le dintho tsohle tseo a ileng a di etsa, di ngotswe bukeng ya histori ya marena a Juda. 20  Empa bahlanka ba hae ba mo rerela bolotsana+ yaba ba mo bolaela ntlong ya Qubu,*+ tseleng e yang Sila. 21  Bahlanka ba Joase e leng Jozakare mora wa Shimeathe le Jozabade mora wa Shomere ke bona ba ileng ba mo otla mme ba mo bolaya.+ Ba mo patela* Motseng wa Davida yaba mora wa hae Amazia e eba morena.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “metswalle.”
Kapa: “petsohileng.”
Kapa: “ba e tshela ka mekotleng.”
Kapa: “phaleising.”
Kapa: “ba halaleditse.”
Kapa: “Bethe-milo.”
Ka Seheberu: “a patwa jwalo ka baholoholo ba hae.”