Buka ya Bobedi ya Marena 14:1-29

  • Amazia, morena wa Juda (1-6)

  • Ntwa le Iseraele le Edomo (7-14)

  • Joase wa Iseraele o a shwa (15, 16)

  • Amazia o a shwa (17-22)

  • Jeroboame wa Bobedi, morena wa Iseraele (23-29)

14  Ha Joase+ mora wa Joakaze morena wa Iseraele a ena le dilemo tse pedi a busa, Amazia mora wa Morena Joase wa Juda ya eba morena.  O ne a le dilemo di 25 ha e eba morena mme a busa Jerusalema ka dilemo tse 29. Lebitso la mme wa hae e ne e le Jehoadine ya tswang Jerusalema.+  Amazia o ne a etsa dintho tse thabisang Jehova empa eseng jwalo ka moholoholo wa hae Davida.+ O ile a etsa dintho tsohle jwalo ka ntate wa hae Joase.+  Empa dibaka tse phahameng ha di a ka tsa tloswa.+ Batho ba ne ba ntse ba etsa dinyehelo le mahlabelo a kubellang mosi ho tsona.+  Ha mmuso wa hae o se o le matla, a hlasela bahlanka ba hae ba ileng ba bolaya ntate wa hae eo e neng e le morena.+  Empa ha a ka a bolaya bara ba bahlanka bao ho latela taelo ya Jehova e ngotsweng bukeng ya Molao wa Moshe e reng: “Bontate ba se ke ba bolawa ka lebaka la bara ba bona le bara ba se ke ba bolawa ka lebaka la bontate ba bona. Empa e mong le e mong a bolawe ka lebaka la sebe sa hae.”+  A bolaya banna ba 10 000 ba Baedomo+ Kgohlong ya Letswai+ mme a hapa motse wa Sela+ o ileng wa bitswa Jokthiele ho fihlela kajeno.  Amazia a romela baromuwa ho Joase mora wa Joakaze setloholo sa Jehu morena wa Iseraele a re: “Tloo re tlo lwana.”*+  Morena Joase wa Iseraele a romela molaetsa ho Morena Amazia wa Juda a re: “Dihlabahlabane tsa Lebanone di rometse molaetsa ho sefate sa kedare sa Lebanone tsa re, ‘Ere mora wa ka a nyale moradi wa hao.’ Empa sebata sa naha ya Lebanone sa feta moo sa hatakela dihlabahlabane tseo. 10  O a ikgohomosa hobane o bolaile Baedomo.+ Thabela tlholo ya hao empa o itulele moo ha hao.* Ke hobaneng ha o qala ntwa e tla etsa hore o hlolwe ha mmoho le Juda?” 11  Amazia ha a ka a mamela.+ Morena Joase wa Iseraele a ya ho Morena Amazia wa Juda mme ba lwantshana ba le Bethe-shemeshe+ ya Juda.+ 12  Baiseraele ba hlola Bajuda mme masole a Bajuda a balehela malapeng* a ona. 13  Morena Joase wa Iseraele a hapa Morena Amazia wa Juda mora wa Joase setloholo sa Akazia Bethe-shemeshe. Ba tla Jerusalema mme ba diha lebota la Jerusalema ho tloha Keiting ya Efraime+ ho ya Keiting e Khoneng.+ E ne e le sebaka se boholo ba dimithara tse 178.* 14  A nka kgauta le silevera yohle le dintho tsohle tse neng di le ka tlung ya Jehova le matlotlo a ntlo ya morena* ha mmoho le batshwaruwa. Ka mora moo, a kgutlela Samaria. 15  Histori yohle ya Joase, dintho tse kgolo tseo a di entseng le ka moo a lwantshitseng Morena Amazia wa Juda ka teng, di ngotswe bukeng ya histori ya marena a Iseraele. 16  Joase a shwa* mme a patelwa Samaria+ le marena a Iseraele. Mora wa hae Jeroboame*+ ya eba morena. 17  Amazia+ mora wa Joase morena wa Juda a phela dilemo tse 15 ka mora lefu la Joase+ mora wa Joakaze morena wa Iseraele.+ 18  Histori yohle ya Amazia e ngotswe bukeng ya histori ya marena a Juda. 19  Ha morao ba rera ho mo bolaya+ Jerusalema mme a balehela Lakishe empa ba romela batho mme ba mo bolaela teng. 20  Ba mo lata ka dipere mme a patelwa Jerusalema le baholoholo ba hae Motseng wa Davida.+ 21  Batho bohle ba Juda ba etsa Azaria*+ morena ka mora hore ntate wa hae Amazia+ a shwe. O ne a le dilemo di 16 ka nako eo.+ 22  A hapa Elathe,+ a e haha botjha mme a e kgutlisetsa ho Bajuda ka mora hore morena a shwe.*+ 23  Ha Amazia mora wa Joase morena wa Juda a ena le dilemo tse 15 a busa, Jeroboame+ mora wa Morena Joase wa Iseraele ya eba morena Samaria mme a busa ka dilemo tse 41. 24  O ne a etsa dintho tse sa thabiseng Jehova. Ha a ka a tlohela ho etsa dibe tsohle tseo Jeroboame mora wa Nebate a ileng a etsa hore Baiseraele ba di etse.+ 25  O ile a kgutlisetsa moedi wa Iseraele ho tloha Lebo-hamathe*+ ho ya Lewatleng la Araba,*+ ho ya ka seo Jehova Modimo wa Iseraele a ileng a se bua a sebedisa mohlanka wa hae Jonase+ mora wa Amitai, moprofeta wa Gathe-hefere.+ 26  Jehova o ne a bone ka moo Baiseraele ba utlwileng bohloko ka teng.+ Ho ne ho se na motho ya ka ba thusang esita le batho ba boemo bo tlase ba ne ba le siyo. 27  Empa Jehova o ne a tshepisitse hore a ke ke a fedisa Baiseraele lefatsheng.+ Ka hoo, o ile a sebedisa Jeroboame mora wa Joase ho ba pholosa.+ 28  Histori yohle ya Jeroboame, dintho tsohle tse kgolo tseo a di entseng le ka moo a ileng a lwana le ho kgutlisetsa Damaseka+ le Hamathe+ Juda ho Baiseraele, di ngotswe bukeng ya histori ya marena a Iseraele. 29  Jeroboame a shwa jwalo ka baholoholo ba hae e leng marena a Iseraele. Mora wa hae Zakaria+ ya eba morena.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “re kopane.”
Kapa: “phaleising.”
Ka Seheberu: “ditenteng.”
Ka Seheberu: “ditswe tse 400.” Setswe se lekana le disenthimithara tse 44,5. Sheba Ntlha ya B14.
Kapa: “phaleisi.”
E leng Jeroboame wa Bobedi.
Ka Seheberu: “a patwa jwalo ka baholoholo ba hae.”
E bolelang “Jehova o Thusitse.” O bitswa Uzia ho 2Ma 15:13; 2Kr 26:1-23; Esa 6:1 le Zak 14:5.
Ka Seheberu: “a patwe jwalo ka baholoholo ba hae.”
Kapa: “moo ho kenwang teng Hamathe.”
E leng Lewatle la Letswai kapa Lewatle le Shweleng.