Buka ya Bobedi ya Marena 18:1-37

  • Ezekiase, morena wa Juda (1-8)

  • Mabaka a ho hlolwa ha Iseraele (9-12)

  • Sankeribe o hlasela Juda (13-18)

  • Rabshake o rohaka Jehova (19-37)

18  Ha Hoshea mora wa Ela morena wa Iseraele a ena le dilemo tse tharo a busa,+ Ezekiase+ mora wa Morena Akaze+ wa Juda ya eba morena.  O ne a le dilemo di 25 ha e eba morena mme a busa Jerusalema ka dilemo tse 29. Lebitso la mme wa hae e ne e le Abi* moradi wa Zakaria.+  O ne a etsa dintho tse thabisang Jehova+ jwalo ka moholoholo wa hae Davida.+  Ke yena ya ileng a tlosa dibaka tse phahameng,+ a pshatla dipilara tse halalelang a ba a kgaola palo e halalelang.*+ A boela a pshatla noha ya koporo* eo Moshe a neng a e entse+ hobane ho fihlela ka nako eo, Baiseraele ba ne ba e etsetsa sehlabelo se kubellang mosi ebile ba e bitsa setshwantsho se rapelwang sa noha ya koporo.  Ezekiase o ne a tshepile Jehova+ Modimo wa Iseraele mme ho ne ho se na morena ya tshwanang le yena hara marena ohle a Juda a busitseng pele ho yena le ka mora hae.  O ile a dula a tshepahalla Jehova.+ Ha a ka a tlohela ho latela ditaelo tsa Jehova tseo a neng a di file Moshe.  Jehova o ile a dula a ena le yena ka dinako tsohle mme o ne a etsa dintho ka bohlale. O ile a fetohela morena wa Asiria mme a hana ho mo sebeletsa.+  A boela a hlola Bafilista+ ba neng ba le Gaza le dibakeng tsa yona, ho tloha toreng ya ho lebela ho ya fihla motseng o sireletsehileng.*  Ha Morena Ezekiase a ena le dilemo tse nne a busa, ha Hoshea mora wa Ela morena wa Iseraele a ena le dilemo tse supileng a busa,+ Morena Shalmanesere wa Asiria a tla Samaria a e thibella.+ 10  O ile a hapa Samaria+ qetellong ya dilemo tse tharo, ha Ezekiase a ena le dilemo tse tsheletseng a busa mme Morena Hoshea wa Iseraele a ena le dilemo tse robong a busa. 11  Morena wa Asiria a isa Baiseraele botlamuweng+ Asiria mme a re ba dule Hala, Habore nokeng ya Gozane le metseng ya Bamede.+ 12  Sena se ile sa etsahala hobane ha ba a ka ba mamela Jehova Modimo wa bona, ha ba a ka ba tshepahalla selekane seo a neng a se entse le bona le ho mamela ditaelo tsohle tseo Moshe mohlanka wa Jehova a neng a ba boleletse tsona.+ Ho hang ha ba a ka ba di mamela. 13  Ha Morena Ezekiase a ena le dilemo tse 14 a busa, Sankeribe morena wa Asiria+ a hlasela metse yohle ya Juda e sireleditsweng ka thata mme a e hapa.+ 14  Morena Ezekiase wa Juda a romela molaetsa ho morena wa Asiria ya neng a le Lakishe a re: “Ke molato. Ke kopa o se ke wa ntlhasela mme ke tla o fa ntho le ha e le efe eo o tla mpatla yona.” Morena wa Asiria a re Morena Ezekiase wa Juda a mo fe silevera ya boima ba dikhilokramo tse 10 260* le kgauta e ka etsang boima ba dikhilokramo tse 1 000.* 15  Ezekiase a fana ka silevera yohle e neng e le ka tlung ya Jehova le ka matlotlong a ntlo ya morena.*+ 16  Morena Ezekiase wa Juda a tlosa* mamati a tempele+ ya Jehova le dikosene tseo a neng a di tlotsitse ka kgauta+ mme a di fa morena wa Asiria. 17  Morena wa Asiria a roma Tartane,* Rabsarise,* Rabshake* le lebotho le leholo la sesole ho tswa Lakishe+ hore ba ye Jerusalema ho Morena Ezekiase.+ Ba ya Jerusalema mme ba ema pela kotopo ya letamo le ka hodimo tseleng e kgolo e yang moo motho ya hlatswang a sebetsang teng.+ 18  Ha ba hweletsa morena, ho ile ha tla Eliakime+ mora wa Hilkia ya neng a hlokometse ba ntlo ya morena,* mongodi Shebna+ le motlalehi Jowa mora wa Asafe. 19  Ka hoo, Rabshake a re ho bona: “Ke kopa le re ho Ezekiase: ‘Morena e moholo, morena wa Asiria o re: “O tshepileng?+ 20  O ipoleletse hore o na le leqheka le matla a ho lwana empa mantswe ao ha a na thuso. Ebe o tshepile mang, ha o le sebete sa ho mphetohela tjee?+ 21  O tshepile hore o tla itshetleha ka Egepeta,+ lehlaka le robehileng, le ka hlabang la ba la phunya seatla sa motho ya ka itshetlehang ka lona. Faro morena wa Egepeta, o jwalo ho bohle ba mo tshepang. 22  Haeba o re le tshepile Jehova Modimo wa lona,+ na ha se wena Ezekiase ya ileng a tlosa dibaka tse phahameng le dialetare tsa hae+ yaba o re batho ba Juda le ba Jerusalema ba kgumame ka pela aletare e Jerusalema?”+ 23  Jwale ke kopa o etse tumellano ena le kgosi ya ka morena wa Asiria: Ke tla o fa dipere tse 2 000 haeba o ka di fumanela bapalami.+ 24  Le hoja Egepeta e ka le fa dikariki tsa ntwa le banna ba palamang dipere, le ke ke la hlola esita le letona la boemo bo tlase la morena wa rona. 25  Na o nahana hore ke hlasetse sebaka see ntle ho tumello ya Jehova? Jehova ke yena ya itseng ke hlasele naha ena mme ke e fedise.’” 26  Eliakime mora wa Hilkia, Shebna+ le Jowa ba re ho Rabshake:+ “Re kopa o bue le rona ka puo ya Searame*+ hobane re a e utlwisisa. O se ke wa bua le rona ka puo ya Bajuda hobane batho ba lerakong ba ntse ba utlwa.”+ 27  Empa Rabshake a re ho bona: “Molaetsa ona ha se wa lona le morena wa lona feela hape ke wa banna bana ba lerakong ba tla ja mantle a bona le ho nwa mosese* wa bona ha mmoho le lona.” 28  Rabshake a ema mme a hweletsa ka puo ya Bajuda a re: “Mamelang mantswe a morena e moholo, morena wa Asiria.+ 29  Morena o re: ‘Le se ke la dumella Ezekiase ho le thetsa hobane a ke ke a kgona ho le pholosa ha ke le hlasela.+ 30  Hape le se ke la dumella Ezekiase ho etsa hore le tshepe Jehova ha a re: “Jehova o tla re pholosa mme motse ona o ke ke wa fediswa ke morena wa Asiria.”+ 31  Le se ke la mamela Ezekiase ka ha nna morena wa Asiria ke re: “Bopang kgotso le nna mme le inehele* e le hore kaofela le ka ja difateng tsa lona tsa morara, tsa feie* le be le nwe metsi a didiba tsa lona, 32  ho fihlela ke tla mme ke le isa naheng e tshwanang le ya lona,+ e nang le koro* le veine e ntjha, bohobe, dirapa tsa morara, difate tsa oli ya mohlwaare le mahe a dinotshi. Ha le etsa jwalo le ke ke la shwa. Le se ke la kgeloswa ke Ezekiase ha a re: ‘Jehova o tla re lopolla.’ 33  Na ho na le setjhaba seo modimo wa sona a kileng a se pholosa ho morena wa Asiria? 34  E kae medimo ya Hamathe+ le Arpade? E kae medimo ya Sefarvaime,+ Hena le Iva? Na e ile ya pholosa Samaria ha ke ne ke e hlasela?+ 35  Ke modimo ofe hara medimo yohle ya dinaha tsee ya ileng a pholosa naha ya hae ha ke e hlasela hoo le nahanang hore Jehova a ka pholosa Jerusalema?”’”+ 36  Empa batho ba thola tu! yaba ha ba mo arabe hobane Morena Ezekiase o ne a itse ba se ke ba mo araba.+ 37  Eliakime mora wa Hilkia, ya neng a hlokometse ba ntlo ya morena,* mongodi Shebna le motlalehi Jowa mora wa Asafe ba tla ho Ezekiase ba tabotse diaparo tsa bona mme ba mo bolella hore na Rabshake o itseng.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Lebitso lena ke kgutsufatso ya Abija.
Kapa: “e bitswang Nehushatane.”
E leng dibakeng tsohle tse se nang batho ba bangata kapa tse nang le batho ba bangata.
Ka Seheberu: “ditalenta tse 30.”
Ka Seheberu: “ditalenta tse 300.” Talenta e lekana le dikhilokramo tse 34,2. Sheba Ntlha ya B14.
Kapa: “phaleisi.”
Ka Seheberu: “kgaola.”
Kapa: “mookamedi wa baqhatsetsi.”
Kapa: “molaodi wa lekgotla.”
Kapa: “molaodi.”
Kapa: “phaleisi.”
Kapa: “Sesiria.”
Kapa: “moroto.”
Kapa: “feiga.”
Ka Seheberu: “Etsang selekane le nna mme le be ka lehlakoreng la ka.”
Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “phaleisi.”