Buka ya Bobedi ya Marena 20:1-21

  • Ezekiase o a kula ebile o a fola (1-11)

  • Baromuwa ba tswang Babilona (12-19)

  • Ezekiase o a shwa (20, 21)

20  Matsatsing ao Ezekiase a kulela lefu.+ Yaba moprofeta Esaia mora wa Amoze o fihla ho yena o re, “Jehova o re: ‘Fana ka ditaelo ho ba lelapa la hao hobane o ke ke wa fola empa o tla shwa.’”+  A sheba leboteng mme a rapela Jehova a re:  “Ke a o kopa hle Jehova, ke kopa o hopole ka moo ke o sebeleditseng ka botshepehi ka teng le ka pelo yohle mme ke etsa dintho tse o thabisang.”+ Ezekiase a lla ha bohloko.  Esaia o ne a eso fihle lebaleng le hare ha Jehova a re ho yena:+  “Kgutla o ye ho Ezekiase moetapele wa batho ba ka mme o re, ‘Jehova Modimo wa moholoholo wa hao Davida o re: “Ke utlwile thapelo ya hao mme ke bone meokgo ya hao.+ Ke tlo o fodisa.+ Ka letsatsi la boraro o tla ya ntlong ya Jehova.+  Ke tla eketsa bophelo ba hao ka dilemo tse 15 mme ke tla pholosa wena le motse ona ho morena wa Asiria.+ Ke tla sireletsa motse ona mme ke o pholose ka lebaka la lebitso la ka le ka lebaka la mohlanka wa ka Davida.”’”+  Esaia a re: “Tlisang mangangajane a difeie.”* Ba a tlisa mme ba a tlotsa lethopeng, butlebutle a fola.+  Ezekiase a re ho Esaia: “Pontsho ke efe+ ya hore Jehova o tla mphodisa le hore ka letsatsi la boraro ke tla ya ntlong ya Jehova?”  Esaia a re: “Ena ke pontsho e tswang ho Jehova e o bontshang hore Jehova o tla phethahatsa seo a se buileng: O batla hore moriti o ditepising* o ye pele kapa morao ka mehato e leshome?”+ 10  Ezekiase a re: “Ho bonolo hore moriti o ye pele ka mehato e leshome empa eseng hore o ye morao ka mehato e leshome.” 11  Moprofeta Esaia a rapela Jehova ka lentswe le phahameng mme Modimo a etsa hore moriti o ditepising tsa Akaze o kgutlele morao ka mehato e leshome.+ 12  Morena wa Babilona e leng Berodake-baladane mora wa Baladane a romela mangolo le mpho ho Ezekiase hobane a utlwile hore Ezekiase o ne a kula.+ 13  Ezekiase a amohela* baromuwa ba morena yaba o ba bontsha ntlo* ya hae ya matlotlo:+ Silevera, kgauta, oli ya balsame le dioli tse ding tsa bohlokwa, moo a neng a beha dihlomo tsohle tsa hae le dintho tsohle tse neng di ka fumanwa matlotlong a hae. Ha ho letho leo Ezekiase a sa kang a ba bontsha lona ka tlung ya hae le pusong yohle ya hae. 14  Ka mora moo, moprofeta Esaia a ya ho Morena Ezekiase a fihla a re: “Banna baa ba itseng? Ba tswa hokae?” Ezekiase a re: “Ba tswa hole naheng ya Babilona.”+ 15  Esaia a re: “Ba bone eng ka tlung* ya hao?” Ezekiase a re: “Ba bone ntho e nngwe le e nngwe e ka tlung* ya ka. Ha ho letho leo ke sa ba bontshang lona matlotlong a ka.” 16  Esaia a re ho Ezekiase: “Utlwa hore na Jehova o reng,+ 17  Jehova o re: ‘Matsatsi a a tla ao ka ona sohle se ka tlung* ya hao le sohle seo baholoholo ba hao ba se bolokileng ho fihlela letsatsing lena se tla iswa Babilona.+ Ha ho letho le tla sala. 18  Ba bang ba bara ba hao bao o tla ba le bona ba tla nkwa+ mme ebe balaodi ba lekgotla phaleising ya morena wa Babilona.’”+ 19  Ezekiase a re ho Esaia: “Molaetsa oo o o buileng o tswang ho Jehova o a utlwahala.”+ A boela a re: “Ke ntho e ntle haeba ho tla ba le kgotso le kgutso* ha ke ntse ke phela.”*+ 20  Histori yohle ya Ezekiase, dintho tsohle tse kgolo tseo a di entseng, ka moo a entseng letamo+ le kotopo ka teng mme a tlisa metsi motseng,+ di ngotswe bukeng ya histori ya marena a Juda. 21  Ezekiase a shwa*+ mme mora wa hae Manase+ ya eba morena.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “difeiga.”
Mohlomong di ne di sebedisetswa ho supa nako ka ho sheba moriti.
Kapa: “phaleisi.”
Kapa: “a mamela.”
Kapa: “phaleising.”
Kapa: “phaleising.”
Kapa: “phaleising.”
Ka Seheberu: “matsatsing a ka.”
Kapa: “nnete.”
Ka Seheberu: “a patwa jwalo ka baholoholo ba hae.”