Buka ya Bobedi ya Marena 22:1-20

  • Ditaelo tsa hore na tempele e lokiswe jwang (3-7)

  • Buka ya Molao e a fumanwa (8-13)

  • Boprofeta ba kahlolo ba Hulda (14-20)

22  Josiase+ o ne a le dilemo di robedi ha e eba morena mme a busa Jerusalema ka dilemo tse 31.+ Lebitso la mme wa hae e ne e le Jedida moradi wa Adaia ya tswang Bozkathe.+  O ile a etsa dintho tse thabisang Jehova jwalo ka moholoholo wa hae Davida.+ Ha a ka a kgelohela ka ho le letona kapa ka ho le letshehadi.  Ha Morena Josiase a ena le dilemo tse 18 a busa, o ile a roma mongodi Shafane mora wa Azalia e leng mora wa Meshulame ntlong ya Jehova+ a re:  “Eya ho Hilkia+ moprista ya phahameng mme o mo bolelle hore a bokelle tjhelete yohle eo batho ba e tlisang ntlong ya Jehova+ eo balebedi ba menyako ba e bokelletseng.+  O re ba e fe batho ba hlokomelang mosebetsi o etswang ntlong ya Jehova mme bona ba tla e fa basebetsi ba lokisang ntlo ya Jehova+  e leng ditsebi tsa mesebetsi ya matsoho, dihahi le ba hahang ka majwe. Ba sebedise tjhelete eo ho reka mapolanka le majwe a betlilweng e le hore ba lokise ntlo.+  Empa ba se ke ba botswa hore na ba entseng ka tjhelete eo ba e filweng hobane ba a tshepahala.”+  Ha morao moprista ya phahameng Hilkia a re ho mongodi Shafane:+ “Ke fumane buka ya Molao+ ka tlung ya Jehova.” Hilkia a e fa Shafane mme a e bala.+  Mongodi Shafane a ya ho morena mme a re ho yena: “Bahlanka ba hao ba ntshitse tjhelete e fumanweng ka tlung mme ba e file ba kgethetsweng ho hlokomela mosebetsi o etswang ntlong ya Jehova.”+ 10  Mongodi Shafane a boela a re ho morena: “Ho na le buka+ eo moprista Hilkia a mphileng yona” yaba Shafane o e balla morena. 11  Ha morena a utlwa mantswe a tswang bukeng ya Molao, a tabola diaparo tsa hae.+ 12  Morena a re ho moprista Hilkia, Akikame+ mora wa Shafane, Akbore mora wa Mikaia, mongodi Shafane le Asaia mohlanka wa morena: 13  “Tsamayang le yo mpotsetsa ho Jehova, le botsetse le batho le Bajuda bohle mabapi le mantswe a buka ena e fumanweng. Jehova o re halefetse haholo+ hobane baholoholo ba rona ha ba a mamela ditaelo tsohle tseo re di ngoletsweng bukeng ena.” 14  Moprista Hilkia a tsamaya le Akikame, Akbore, Shafane le Asaia ba ya ho moprofeta Hulda.+ E ne e le mosadi wa Shalume mora wa Tikva e leng mora wa Harhase ya neng a ikarabella ka diaparo. O ne a dula Karolong ya Bobedi ya Jerusalema mme ba ile ba bua le yena moo.+ 15  A re ho bona: “Jehova Modimo wa Iseraele o itse ke bolelle monna ya le rommeng ho nna hore 16  Jehova o re, ‘Ke tla tlisa tlokotsi sebakeng sena le ho baahi ba sona mme mantswe ohle ao morena wa Juda a a badileng bukeng ena a tla phethahala.+ 17  Ba ntahlile mme ba etsetsa medimo e meng+ mahlabelo a kubellang mosi ebile ba nkutlwisa bohloko ka dintho tseo ba di etsang.+ Ke tla halefela sebaka sena mme ha ho na motho ya tla nthiba.+ 18  Empa le bolelle morena wa Juda ya itseng le tlo botsa Jehova le re, “Jehova Modimo wa Iseraele o re: ‘Ho latela mantswe ao o a utlwileng, 19  o ile wa mamela* mme wa ikokobelletsa+ Jehova ha o utlwa seo ke se buileng ka sebaka sena le baahi ba sona. Ke tla ba fedisa mme batho ba tla tshoha ka lebaka la bona. O ile wa tabola diaparo tsa hao,+ wa lla wa kopa thuso ho nna mme ke o utlwile, ke nna Jehova ya tjhong. 20  Ka lebaka leo, o tla shwa* mme o patwe ka kgotso. O ke ke wa bona tlokotsi eo ke tla e tlisa sebakeng sena.”’” Ke yona karabo eo ba ileng ba e isa ho morena.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “pelo ya hao e ile ya eba bonolo.”
Ka Seheberu: “patwa jwalo ka baholoholo ba hao.”