Buka ya Bobedi ya Marena 23:1-37

  • Josiase o etsa diphetoho (1-20)

  • Ho ketekwa Paseka (21-23)

  • Josiase o etsa diphetoho tse ding (24-27)

  • Josiase o a shwa (28-30)

  • Joakaze, morena wa Juda (31-33)

  • Jojakime, morena wa Juda (34-37)

23  Morena a romela molaetsa wa hore ho bitswe baholo bohle ba Juda le ba Jerusalema.+  Ka mora moo, morena a ya ntlong ya Jehova le batho bohle e leng banna bohle ba Juda, baprista, baprofeta le baahi bohle ba Jerusalema, ho tloha ho ngwana ho ya fihla ho motho e moholo. A ba balla mantswe ohle a ka bukeng+ ya selekane+ e fumanweng ka tlung ya Jehova.+  Morena a ema pela pilara mme a etsa selekane* ka pela Jehova+ sa hore o tla mamela Jehova, ditaelo tsa hae, melao ya hae le dikgopotso tsa hae ka pelo yohle le moya wohle wa hae ka hore a phethe mantswe a ngotsweng bukeng ya selekane. Batho bohle ba ile ba dumela hore ba tla latela selekane seo.+  Morena a re moprista ya phahameng Hilkia,+ baprista ba bang le balebedi ba menyako ba ntshe disebediswa tsohle tsa Baale, palo e halalelang*+ le makgotla a lehodimo ka tempeleng ya Jehova. A di tjhesetsa ka ntle ho Jerusalema masimong a kgohlong ya Kidrone mme a isa molora wa tsona Bethele.+  A leleka baprista ba medimo ya bohata bao marena a Juda a neng a ba kgethile hore ba etse mahlabelo a kubellang mosi dibakeng tse phahameng tse metseng ya Juda le e potolohileng Jerusalema. A leleka le ba neng ba etsetsa Baale, letsatsi, kgwedi, dihlopha tsa dinaledi tsa zodiake le makgotla ohle a lehodimo+ mahlabelo a kubellang mosi.  A ntsha palo e halalelang*+ ka tlung ya Jehova a e isa ka ntle ho Jerusalema Kgohlong ya Kidrone. A e tjhesa+ le ho e sila hore e be molora mme a o qhalla mabitleng a batho ba futsanehileng.+  A boela a senya dibaka tseo matekatse a banna*+ a neng a dula ho tsona ka tlung ya Jehova le moo basadi ba neng ba lohela masela a palo e halalelang.*  A ntsha baprista bohle metseng ya Juda mme a silafatsa dibaka tsa bodumedi ba bohata e le hore ho se ke ha hlola ho rapellwa ho tsona. E ne e le dibaka tseo baprista ba neng ba etsa mahlabelo a kubellang mosi ho tsona, ho tloha Geba+ ho ya Beersheba.+ A boela a diha dibaka tse phahameng tse neng di le keiting ya Joshua molaodi wa motse tse neng di le ka lehlakoreng le letshehadi ha motho a kena keiting ya motse.  Baprista ba sebetsang dibakeng tse phahameng ba ne ba sa sebeletse aletareng ya Jehova e Jerusalema+ empa ba ne ba ja bohobe bo se nang tomoso le bana ba bo bona. 10  O ile a silafatsa dibaka tsa borapedi tse Tofethe+ e Kgohlong ya Bara ba Hinome*+ e le hore ho se ke ha hlola ho rapellwa ho tsona kapa ha eba le motho ya tjhesetsang* Moloke mora kapa moradi wa hae ho tsona.+ 11  A thibela dipere tseo marena a Juda a neng a di file* modimo wa letsatsi ho kena ka tlung ya Jehova ka kamore* ya Nathane-meleke molaodi wa lekgotla, e neng e le foranteng. A tjhesa le dikariki tse neng di filwe modimo wa letsatsi.+ 12  Morena Josiase a boela a diha dialetare tseo marena a Juda a neng a di entse marulelong+ a kamore e ka hodimo ya Akaze le dialetare tseo Manase a neng a di entse mabaleng a mabedi a ntlo ya Jehova.+ A di pshatla mme a qhalla lerole la tsona Kgohlong ya Kidrone. 13  Morena a silafatsa dibaka tse phahameng tsa borapedi ba bohata tse neng di le ka pela Jerusalema ka borwa* ho Thaba ya Tshenyo,* e le hore ho se ke ha hlola ho rapellwa ho tsona. E ne e le dibaka tseo Solomone morena wa Iseraele a neng a di hahetse Ashtorethe modimo ya nyonyehang wa Basidone, Kemoshe modimo ya nyonyehang wa Moabe le Milkome+ modimo ya nyonyehang wa Baamone.+ 14  A pshatla dipilara tse halalelang le ho kgaola dipalo tse halalelang*+ mme a tlatsa masapo a batho moo di neng di dula teng. 15  A boela a diha aletare e neng e le Bethele le sebaka se phahameng seo Jeroboame mora wa Nebate a neng a entse hore Baiseraele ba etse sebe ka lebaka la sona.+ Ka mora hore a di dihe, a tjhesa sebaka se phahameng hore e be molora a ba a tjhesa le palo e halalelang.*+ 16  Ha Josiase a tjeka mme a bona mabitla a thabeng, a re ho ntshwe masapo a ho ona mme a tjheswe aletareng ho etsa hore ho se ke ha rapelwa ho yona ho ya ka seo Jehova a se buileng a sebedisa mohlanka wa Modimo wa nnete hore dintho tsena di tla etsahala.+ 17  A re: “Lebitla la ne leo ke le bonang ke la mang?” Banna ba motse ba re ho yena: “Ke lebitla la mohlanka wa Modimo wa nnete ya tswang Juda+ ya ileng a bolela esale pele dintho tsena tseo o di entseng aletareng e Bethele.” 18  Josiase a re: “Ho se ke ha eba le motho ya tshwarang masapo a hae, a tloheleng a le jwalo.” Ba a tlohela ha mmoho le masapo a moprofeta ya neng a tswa Samaria.+ 19  Josiase a boela a tlosa matlo ohle a borapedi dibakeng tse phahameng a neng a le metseng ya Samaria,+ ao marena a Iseraele a neng a a hahile e le ho utlwisa Modimo bohloko. O ile a etsa ntho e tshwanang le eo a ileng a e etsa Bethele.+ 20  A etsa mahlabelo hodima dialetare ka baprista bohle ba dibaka tse phahameng ba neng ba le moo, a boela a tjhesa masapo a batho hodima tsona.+ Ka mora moo, a kgutlela Jerusalema. 21  Morena Josiase a laela setjhaba a re: “Etsetsang Jehova Modimo wa lona Paseka+ jwalo ka ha ho ngotswe bukeng ya selekane.”+ 22  Ha ho eso ka ho eba le Paseka e jwalo ka ena ho tloha mehleng ya ha ho ne ho ena le baahlodi Iseraele kapa mehleng ya marena a Iseraele le a Juda.+ 23  Ho ile ha etsetswa Jehova Paseka ena Jerusalema ha Morena Josiase a ena le dilemo tse 18 a busa. 24  Josiase a boela a tlosa batho ba reng ba buisana le badimo, ba reng ba bolela diketsahalo esale pele,*+ diterafime,*+ ditshwantsho tse rapelwang tse nyonyehang* le dintho tsohle tse nyonyehang tse neng di le teng naheng ya Juda le Jerusalema. O ile a etsa sena ho phethahatsa mantswe a ngotsweng bukeng ya Molao+ eo moprista Hilkia a ileng a e fumana ka tlung ya Jehova.+ 25  Ha ho eso ka ho eba le morena ya tshwanang le yena ya ileng a kgutlela ho Jehova ka pelo ya hae yohle, moya*+ wohle le matla ohle ho ya ka sohle se ngotsweng bukeng ya Molao wa Moshe. 26  Empa Jehova ha a ka a tlohela ho halefela Bajuda ka lebaka la dintho tsohle tse mo utlwisitseng bohloko tseo Manase a ileng a di etsa.+ 27  Jehova a re: “Ke tla tlosa Bajuda ka pela ka+ feela jwalo ka ha ke tlositse Baiseraele.+ Hape ke tla lahla motse oo ke o kgethileng wa Jerusalema le ntlo eo ke itseng lebitso la ka le tla dula le le ho yona.”+ 28  Histori yohle ya Josiase le dintho tsohle tseo a ileng a di etsa, di ngotswe bukeng ya histori ya marena a Juda. 29  Mehleng ya Josiase, Faro Neko morena wa Egepeta a kopana le morena wa Asiria Nokeng ya Eufrate. Morena Josiase a yo lwantsha Neko empa ha Neko a mo bona Megido a mo bolaya.+ 30  Bahlanka ba Josiase ba nka setopo sa hae Megido ka kariki, ba se isa Jerusalema yaba ba mo patela lebitleng la hae. Bajuda ba tlotsa Joakaze mora wa Josiase mme ba mo etsa morena.+ 31  Joakaze+ o ne a le dilemo di 23 ha e eba morena mme a busa Jerusalema ka dikgwedi tse tharo. Lebitso la mme wa hae e ne e le Hamutale+ moradi wa Jeremia ya tswang Libna. 32  O ile a etsa dintho tse sa thabiseng Jehova jwalo ka baholoholo ba hae.+ 33  Faro Neko+ a mo isa teronkong Ribla+ naheng ya Hamathe e le ho mo thibela ho busa Jerusalema mme a patadisa naha silevera le kgauta ya boima ba dikhilokramo tse 3 420.*+ 34  Hape Faro Neko o ile a etsa Eliakime mora wa Josiase morena mme a fetola lebitso la hae hore e be Jojakime. A tlisa Joakaze Egepeta+ moo a ileng a shwella teng.+ 35  Jojakime a batla lekgetho la silevera le kgauta ho batho ba Juda ho ya ka moo e mong le e mong a kgonang ka teng mme a di fa Faro hobane o ne a di batla. 36  Jojakime+ o ne a le dilemo di 25 ha e eba morena mme a busa Jerusalema ka dilemo tse 11.+ Lebitso la mme wa hae e ne e le Zebida moradi wa Pedaia ya tswang Ruma. 37  O ne a etsa dintho tse sa thabiseng Jehova+ feela jwalo ka baholoholo ba hae.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “a ntjhafatsa selekane.”
“Sheba Tlhaloso.”
Ka Seheberu: “matekatse a banna a tempele.”
Sheba Tlhaloso, “Gehena.”
Ka Seheberu: “fetisa mollong.”
Kapa: “kgethetse”
Kapa: “dikamoreng tsa ho jela.”
Ka Seheberu: “lehlakoreng le letona.” E leng ka borwa ha motho a shebile ka botjhabela.
E leng Thaba ya Mehlwaare, ka ho kgetheha e ka borwa e boetseng e tsejwa e le Thaba ya Kgopiso.
Polelo ena ya Seheberu e ka amana le lentswe “bolokwe” mme e sebediseditswe ho bontsha ho hloya.
Kapa: “medingwana ya ditshwantsho ya ka tlung.”
Kapa: “mathuela.”
Ka Seheberu: “ditalenta tse 100.” Talenta e lekana le dikhilokramo tse 34,2. Sheba Ntlha ya B14.